Pono e Nepahetseng ka Feshene
BIBELE e re Molimo “o entse ntho e ’ngoe le e ’ngoe e le ntle ka nako ea eona.” (Moeklesia 3:11) Re bona botle hohle ho re pota-pota lefatšeng. Re boetse re bo bona le ho batho.
Sepheo sa moqapi oa feshene ke ho eketsa botle ba rōna ka liphahlo tseo re li aparang. Empa, joalokaha ho bontšitsoe sehloohong se ka pele ho sena, indasteri ea feshene e boetse e hlalosa botle ka tsela ea eona. Moprofesa oa thuto ea kelello, Ruth Striegel-Moore o re: “Re se re tloaetse ho bona basali ba otileng haholo hoo re seng re nahana hore ke bona botle.”
Ka ho hlakileng, e ka ba bothoto ho lumella khopolo e teng hona joale ea lefatše ka botle hore e re laole. Bukeng ea hae ea Always in Style, Doris Pooser o bontša hore “ha ho na lebaka la hore basali ba kajeno ba fetole ’mele ea bona kapa ba e pate neng le neng ha ho hlaha ‘khopolo’ e ncha.” Ka sebele, ke eng e re tlamang hore re lumelle mecha ea phatlalatso hore e re laole ka likhopolo tse ratoang ke eona? Pooser o re: “Ho bonolo hakaakang ho khotsofalla seo u leng sona ho e-na le ho leka ka matla ho ba seo o seng sona”!
Botle bo sa Feleng
Ho na le mabaka a mangata a etsang hore motho a itšepe le ho khotsofala bophelong ho feta la ho ba motle. Judy Sargent, ea kileng a ba le lefu la ho itima lijo hobane a inka a le motenya haholo, oa ngola: “Thabo ea sebele e tsoa pelong. E ke ke ea fumanoa ka ho fokotseha ha boima ba ’mele.” Bibele e fana ka lintlha tse eketsehileng tabeng ena. Moapostola Petrose o ngotse: “Botle ba lōna bo lokela ho akarelletsa botho ba lōna ba ka hare ba sebele, botle bo sa feleng ba moea o bonolo le o khutsitseng, e leng ba bohlokoahali mahlong a Molimo.”—1 Petrose 3:4, Today’s English Version.
Botle bo sa feleng boo Petrose a buang ka bona bo feta botle ba ’mele kaha bona boa tšoarella ’me ke ba bohlokoa mahlong a Molimo. Lilemo tse makholo tse fetileng, morena ea bohlale o ile a re: “Khahleho e ka ’na ea thetsa, ’me botle e ka ’na ea e-ba lefeela; empa mosali ea tšabang Jehova ke eena ea iphumanelang thoriso.”—Liproverbia 31:30.
Le hoja botle ba ’mele bo ka ’na ba hapa thahasello e khōloanyane kajeno, batho ba bangata ba ntse ba hlompha motho ea bontšang botho ba Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a phehella Bakreste ka matla: “Le ikapese botho bo bocha, . . . lerato le mofuthu la qenehelo, mosa, ho ikokobetsa kelellong, bonolo, le tiisetso.”—Bakolose 3:10, 12.
Feshene ka boeona hase ntho e lulang nako e telele. Le haeba ho thoe setaele sa morao-rao se setle, se ka re khabisa nakoana feela. Empa tsela e ntle eo re hlahang ka eona bathong e ka senyeha ka potlako haeba botho ba rōna bo rōna ponahalo ea rōna. Hopola, “litholoana tsa moea”—ho kopanyelletsa litšoaneleho tse kang lerato, thabo, khotso, tiisetso, molemo le boitšoaro—ha ho mohla li tsoang fesheneng.—Bagalata 5:22, 23; 1 Timothea 2:9, 10.
Leha ho le joalo, ke ’nete hore hoa hlokahala hore re lebise tlhokomelo e loketseng mokhoeng oo re aparang ka ’ona. Aline oa Fora oa lumela hore ho ne ho le thata ho ba le pono e nepahetseng tabeng ena. O re: “Ha ke le mocha, ke ile ka thahasella liaparo haholo. Ke ne ke batla ho latela feshene ea morao-rao hobane e ne e etsa hore ke itšepe. ’Me haeba ke ne ke phomella ho reka seaparo sa lebitso, ke ne ke thaba le ho feta.”
Aline o tsoela pele: “Empa ha ke ntse ke hōla, ke ile ka tlameha ho ithuta ho itjara licheleteng, ’me ke ile ka boela ka qala ho qeta boholo ba nako ea ka tšebeletsong ea Bokreste. Ke ile ka elelloa hore haeba ke batla ho phela bophelo bo ntekaneng, ke ne ke lokela ho khaotsa ho ba lekhoba la feshene. Ke ile ka qala ho reka liaparo tsa ka nakong eo ho nang le litheolelo kapa mabenkeleng a rekisang thepa ka chelete e tlaase. Ke ile ka fumana hore ke ntse nka apara hantle, empa ke rekile seaparo ka kotara ea chelete eo. Lekunutu le tabeng ea ho tseba ho reka liaparo tse u tšoanelang, liaparo tse tla u tsoela molemo, tse lumellanang hantle le tseo u seng u ntse u e-na le tsona le tse ke keng tsa tsoa ka potlako fesheneng. Ho e-na le ho lumella feshene hore e laole seo ke se rekang, hona joale ke leka ho etsa qeto ea hore na ke setaele sefe se ntšoanelang. Nke ke ka re ha ke sa tsotella liphahlo. Empa bohlokoa ba ka ha boa itšetleha hakaalo ka ponahalo ea ka.”
Sechabeng seo ho sona ponahalo e nkoang e le ea bohlokoa ho feta botho ba sebele, Bakreste ba etsa hantle ho hopola keletso e utloahalang ea Bibele: “Hobane tsohle tse lefatšeng, takatso ea nama, le takatso ea mahlo, le boikhantšo joa bophelo, ha li tsoe ho Ntate, empa li tsoa lefatšeng. ’Me lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.”—1 Johanne 2:16, 17, Bibele ea Sesotho.
[Setšoantšo se leqepheng la 9]
Botle ba sebele ke ba ka hare, eseng seo u se aparang
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Khetha liaparo tse tla u tsoela molemo le tse lumellanang le tseo u seng u ntse u e-na le tsona