Lehlakore le sa Rateheng la Botle ba Feshene
HA HO pelaelo hore ho latela feshene ho ka u thusa ho ntlafatsa chebahalo ea hao le ho u fa matla a ho itšepa. Liaparo tse ntle li ka pata mefokolo e itseng libōpehong kapa tsa ba tsa ntlafatsa botle ba hao le ho feta. Li boetse li na le tšusumetso tseleng eo ba bang ba u talimang ka eona.
Empa ho na le lehlakore le sa rateheng la feshene, leo ho seng ea ka iphapanyetsang lona. Bareki ba ka tšoaseha mokhoeng o sa khaotseng oa ho reka liaparo molebe. Etsoe, indasteri ea feshene e lula e kenya litaele tse ncha. Sena se etsoa ka morero kaha khoebo ea feshene e etsa chelete e ngata ha liaparo li tsoa ka potlako fesheneng. Joalokaha moqapi e mong oa meseho ea liaparo, Gabrielle Chanel, a bontša, “feshene e etselitsoe hore e tsoe fesheneng.” Ka hona, moreki ea thetsehang habonolo a ka ikutloa a tlamehile ho reka liaparo tse ncha e le hore feela a kheme le feshene.
Ho boetse ho na le kotsi ea ho inehela khatellong e patehileng e bakoang ke ba tsa papatso. Lik’hamphani tsa lintho tsa feshene li senya liranta tse limilione li buella lihlahisoa tsa tsona, hangata li bontša mokhoa o itseng oa bophelo o sa tsotelleng oo ba aparang leibole ea bona ho lumeloang hore baa o thabela. Melaetsa ena e ka ba le tšusumetso e khōlō. Tichere e ’ngoe ea sekolo Spain e itse: “Ha ho ntho e sithabetsang mocha joaloka ho roala lieta tsa ‘leibole e sa ratoeng.’”
Leraba la Feshene
Batho ba bang ba apara setaele se itseng sa feshene ho ikhetholla hore na ba oela sehlopheng sefe. Liaparo tseo ba li aparang li ka fetisa molaetsa oa ho ba khahlanong le se amohelehang sechabeng, ho iphelela ka tsela eo ho ratang bona kapa e mabifi, kapa e bontšang moea oa khethollo ea morabe. Le hoja tse ling tsa litaele tsena e ka ba tse feteletseng, kapa ea e-ba tse makatsang, hangata ba sehlopheng seo ba bontša ho li amohela ka ho li apara ka pelo e tšoeu. Esita le ba sa lumellaneng le likhopolo tsa sehlopha seo ba ka khahloa ke setaele seo. Ba latelang mokhoa ona oa moaparo ba ka fa ba bang maikutlo a hore ba lumellana le likhopolo tsa sehlopha seo ebile baa li buella.
Ka tloaelo, feshene e ea kena e be e tsoe, ’me ka linako tse ling e be ka likhoeli tse ’maloa feela. E ka kenngoa ke sebini tse tummeng kapa motho e mong ea khonang ho kenya ntho e itseng fesheneng. Ke lifeshene tse ’maloa tse fetohang setaele se tsitsitseng. Ka mohlala, libokate tse putsoa li ne li kene fesheneng bacheng ba neng ba ipelaetsa lilemong tsa bo-1950 le bo-1960. Leha ho le joalo, hona joale li aparoa maemong a sa tšoaneng ke batho ba lilemo tse sa tšoaneng.
Ho Nyoreloa ho ba le Sebōpeho sa ’Mele se Phethahetseng
Ba tsotellang feshene haholo ba ka ameha ho tlōla tekano ka chebahalo ea bona. Hangata limotlelara tsa feshene ke batho ba balelele le ba basesaane, ’me re bona litšoantšo tsa bona kamehla.a ’Mele o “loketseng” o sebelisoa hore o bapatse ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ebang ke likoloi kapa tsona lipompong. Setsi sa Brithani sa Lipatlisiso Tsa Litaba Tsa Sechaba se hakanyetsa hore “ka letsatsi, basali ba bacha hona joale ba bona litšoantšo tse ngata tsa basali ba batle ka tsela e ikhethang ho feta bao bo-’m’a rōna ba ileng ba li bona lilemong tsohle tsa bocha ba bona.”
Litšoantšo tsena tse hlahisoang ka bongata li ka ba le liphello tse kotsi. Ka mohlala, United States, koranta ea Newsweek e qotsitse tlaleho ea phuputso e ’ngoe e fumaneng hore bacha ba makhooa ba etsang karolo ea 90 lekholong ha baa khotsofalla ’mele ea bona. Ba bang ba bacha bana ba tla etsa ntho leha e le efe hore feela ba finyelle ‘sebōpeho sa ’mele se phethahetseng.’ Leha ho le joalo, Setsi sa Lipatlisiso Tsa Litaba Tsa Sechaba se bontša hore ke basali ba sa fihleng le karolong ea 5 lekholong feela ba ka finyellang sebōpeho seo mecha ea phatlalatso e reng ke se phethahetseng, tabeng ea boima ba ’mele le sebōpeho sa ’ona. Ho sa tsotellehe seo, lerato le feteletseng la ho ba le ’mele o mosesaane haholo le entse hore basali ba bacha ba limilione e be makhoba. Le entse hore ba bang ba be le lefu la ho itima lijo hobane motho a inka a le motenya haholo.b Motlelara e mong oa Lesepanishe, Nieves Álvarez, ea bileng le lefu la ho itima lijo hobane a inka a le motenya haholo, oa lumela: “Ke tšaba ho ba motenya ho feta ho shoa.”
Ke ’nete hore mathata a ho ja a kang lefu la ho itima lijo hobane motho a inka a le motenya haholo le la ho ja haholo ebe ka mor’a moo motho oa itlhatsisa a ka bakoa ke lintho tse ngata tse fapaneng. Leha ho le joalo, Dr. Anne Guillemot le Dr. Michel Laxenaire ba re: “Ho rata ’mele o mosesaane ka tsela e feteletseng hoa ikarabella kae-kae.”
Ho hlakile hore feshene e na le lehlakore le letle le le lebe. E khotsofatsa takatso ea motho ea tlhaho ea hore a shebahale hantle le ho ba le seaparo se secha. Empa ho rata feshene ho tlōla tekano ho ka etsa hore re apare liaparo tse fanang ka maikutlo a fosahetseng ho ba re shebeletseng. Hape, haeba re nka hore ponahalo ea rōna ke ea bohlokoa ho feta ntho e ’ngoe le e ’ngoe, re ka qetella re e-na le maikutlo a fosahetseng a hore bohlokoa ba rōna bo itšetlehile ka ponahalo ea rōna ho e-na le botho ba rōna. Álvarez ea qotsitsoeng pejana o re: “Re lokela ho qala ho talima bohlokoa ba motho ka bokhoni ba hae le botho ba hae, eseng ho latela tsela eo a shebahalang ka eona.” Empa phetoho e joalo e ka se etsahale ka potlako. Joale, re ka ba le pono e nepahetseng ka feshene joang?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Makasine ea Time e tlaleha hore ka tloaelo, ho lebeletsoe hore motlelara a be “bonyane bolelele ba limithara tse 1,74, a be mosesaane haholo, a be le lipounama tse tletseng, karolo e holimo ea marama a hae e hlahelle, a be le mahlo a maholo, litlhafu li be telele ’me nko e otlolohe, empa e se ke ea tsoa haholo.”
b Mokhatlo o bitsoang U.S. National Association of Anorexia Nervosa and Associated Disorders o hakanyetsa hore United States feela, batho ba limilione li robeli ba na le lefu la ho itima lijo hobane ba inka ba le batenya haholo ’me ba bangata baa shoa. Boholo ba batho bana (karolo ea 86 lekholong) ba qala ho ba le mathata a ho ja le pele ba e-ba lilemo li 21.
[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 8, 9]
‘Na ke Motho e Mong le e Mong ea ka Aparang Ntho Eo?’
Ka nako ea selemo le ka hoetla selemo se seng le se seng, khoebo ea feshene New York, Paris le Milan e ba le lipontšo tseo ho tsona limotlelara li bontšang liaparo tsa boemo bo holimo tsa baqapi ba meseho ea liaparo ba hlahelletseng. Ho phaella thekong e boima ea liaparo tsena, boholo ba tsona li bonahala li se na molemo, ebile e le tse ke keng tsa aparoa. Moqapi oa meseho ea liaparo oa Lesepanishe, Juan Duyos, o re: “Meseho e feteletseng le e sa tloaelehang eo u e bonang ha ea etsetsoa hakaalo hore batho ba e apare. Sepheo sa lipontšo tsa feshene e ka ’na ea e-ba ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng moqaping ea itseng oa meseho ea liaparo kapa leiboleng e itseng ho feta ho rekiseng liaparo tse bontšoang. Ka mohlala, liaparo tse sa tsoa kena tse etsang hore ba mecha ea phatlalatso ba bue ka tsona haholo li ka thusa ho etsa hore setlolo se itseng se nkhang hamonate se rekoe.”
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho lelekisa feshene ho ka ja chelete e ngata
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ho latela mekhoa e itseng ea ho apara ho ka u amahanya le sehlopha se itseng
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Ba bang ba qeteletse ba tšoeroe ke lefu la ho itima lijo hobane ba inka ba le batenya haholo