Ho Lemoha Mafu a Tebileng a Boroko
KA LINAKO TSE LING matšoao a motho e mong a ka ’na a bontša boloetse bo tebileng ba boroko. Lefu la ho hlobaela le sa foleng, le ba teng nako e fetang khoeli, hangata le amana le mathata a tebileng haholoanyane, ho akarelletsa le ho tepella maikutlong. Lefu la ho hlobaela le sa foleng e ka ’na ea e-ba letšoao la boloetse bo bong bo itseng bo tebileng.
Ho Koaleha Moea ka Nakoana Borokong
Mario o ne a tšoengoa ke boroko bo feteletseng motšehare. Ha a ne a khanna koloi ea lelapa, mosali oa hae o ne a lokela ho mo lebela ka hloko, kaha hangata o ne a e-ba le linako tseo ho reng tšo! ka nakoana, e leng seo a neng a se hopola seoelo. O ne a khona haholo le hona e se ka litsela tse tloaelehileng bosiu bo bong le bo bong, ’me ka linako tse ling o ne a tsoha a raroloha, a hula moea ka matla joalokaha eka o felloa ke moea.a
Mario o ne a e-na le matšoao a tloaelehileng a ho koaleha moea ka nakoana borokong. Ho koaleha moea ka nakoana borokong hantle-ntle ho bolela hore “ha ho phefumoloho.” Ketsahalo ena ea ho koaleha moea ka nakoana borokong e ka ba ea metsotsoana e leshome ho ea ho metsotso e ’meli kapa e meraro. Hangata motho oa teng o tjolomela holimo ho kha moea ebe o boela a khaleha hape, ebe bothata boo ba ho koaleha moea ka nakoana borokong bo ipheta ka makhetlo a makholo bosiung boo. Ho na le mefuta e meraro ea ho koaleha moea ka nakoana borokong.
Ho koaleha moea ka nakoana borokong ho bakoang ke bothata bo itseng bokong ho etsahala ha matla a boko a laolang ho hema a sa laele motho hore a heme a sa khaotse. Tabeng ea ho koaleha moea ka nakoana borokong ho bakoang ke ho se fete hantle ha moea, tselana e ka holimo ea moea morao qoqothong ha e le hantle e ea koaleha, e thibele moea ho feta. Mofuta o mong oa ho koaleha moea ka nakoana borokong ke o kopantseng e ’meli e ka holimo ’me ke oona o tloaelehileng haholo. Motho oa lefu lena la ho koaleha moea ka nakoana borokong, ka mofuta leha e le ofe oa lona, a ka qetella a tšoana le motho ea letseng a sa robala bosiu bohle, bosiu bo bong le bo bong!
Ba koalehang moea ka nakoana borokong ba ka phela bophelo bo kotsi, hobane ba ka khaleha ha ba le mosebetsing kapa ba ntse ba khanna koloi. Ba ka ’na ba e-ba le khatello e phahameng ea mali, pelo e ruruhileng, le ho ba kotsing haholoanyane ea ho ba le stroke kapa ho ema ha pelo. Dr. William Dement oa Stanford University o hakanya hore Maamerika a 38 000 a shoa selemo le selemo a bolaoa ke liphello tsa mathata a pelo ka lebaka la ho koaleha moea ka nakoana borokong.
Le hoja ho koaleha moea ka nakoana borokong ho tloaelehile haholo banneng ba batenya ba seng ba fetile lilemo tse 40, ho ntse ho ka ba teng le bathong ba lilemo life kapa life, esita le baneng ba banyenyane. Ho na le mefuta e ’maloa ea phekolo—eo kaofela ha eona e lokelang ho laoloa ke ngaka eo ka ho khetheha e sebetsanang le mafu a boroko. Phekolo e atlehang haholo ea ho se buuoe bakeng sa ho koaleha moea ka nakoana borokong ke hore ho sebelisoe ntho e tla etsa hore moea o lule o ntse o feta qoqothong. Mokuli o ikoahela ka maske linkong bosiu, ’me mochine o monyenyane o laolang ho hema ha hae (oo a o setetsoeng ke ngaka) o etsa hore ho kene moea o hlokahalang feela ho thibela ho koaleha moea hona. Haeba sena se sa lokise boemo, ho na le mekhoa e ’maloa ea ho buuoa, e akarelletsang ho sebelisa mahlaseli kapa maqhubu a electromagnetic ho tlosa sehlopha sa lisele tse ngata qoqothong.
Lefu la Boroko bo sa Laoleheng
Lefu le leng la ho robala le hlokang tlhokomelo ea lingaka ke la boroko bo sa laoleheng—boemo ba tšebetso ea methapo bo bakelang motho hore a tšoaroe ke boroko bo matla motšehare. Ka mohlala, Buck o ne a lula a otsela. O ne a khaleha ka tšohanyetso, esita le ha a le ka har’a seboka sa bohlokoa. O ile a qala ka ho tšoara linotlolo e le hore ha sena se etsahala, lerata leo li le etsang ha li otla fatše le mo tsose. Joale a tšoaroa ke lefu la ho nyebella ha mesifa—boemo bo etsang hore mangole a hae a tšereme ebe o oa oa neng le neng ha maikutlo a ile a phahama kapa a thaba haholo. Ka mor’a moo, o ile a ba le matšoao a boroko boo ha bo fihla bo mo robang litho hammoho le ho bona lipono pele a khaleha.
Ka tloaelo lefu lena la boroko bo sa laoleheng le qala ha motho a le lilemo li 10 ho ea ho tse 30. Ka linako tse ling batho ba tšoeroeng ke lefu lena ba ba le se bitsoang boitšoaro bo iketsahallang feela, moo ho bonahalang ba itšoara ka tsela e tloaelehileng empa ba sa hopole nako e telele e fetileng. Kotsi ea lefu lena ke hore hangata ho feta lilemo tse ngata le sa hlokomeloe, ha ka nako e tšoanang motho eo le mo tšoereng a nkoa a le botsoa, kelello ea hae e sebetsa butle kapa e le ea makatsang. Hona joale le nkoa e le le sa phekoleheng, empa matšoao a phekoloa ka meriana le ka ho fetola tsela eo motho a phelang ka eona—’me ho atleha ho fapana ho ea ka maemo.b
Mafu a Mang a Boroko
Mafu a mang a mabeli, ao ka linako tse ling a hlahang a kopane, a ama matsoho le maoto ka ho toba, ho fellang ka lefu le sa foleng la ho hlobaela. Le leng ke ho thakhinya ha leoto kapa letsoho nako le nako, moo ka linako tse ling maoto e bang ’ona a sisinyehang le ho tšikhunya ha motho a robetse, ha ka linako tse ling e e-ba matsoho. Nahana ka Michael. Litlhahlobo li bontša hore liketsahalo tsa ho tšikhunya ha maoto li mo tsosa ka makhetlo a 350 bosiu bo bong le bo bong!
Boloetse bo fapaneng ke ba maoto a sa phomoleng,c ao ka hare ho mesifa ea maoto le mangole ho bang le tšusumetso e matla ea ho sisinyeha, ka tsela eo, mokuli a sitoe ho khaleha. Le hoja boemo bona ka linako tse ling bo amahanngoa le ho se ikoetlise kapa ho se phalle hantle ha mali, maemo a mang ho bonahala a amana le ho noa kapa ho ja lijo tse nang le k’hafeine. Ka linako tse ling ho noa joala le hona ho tsebahala ka ho mpefatsa boemo bona.
Bruxism ke boloetse bo khetholloang ka ho ja meno kapa ho tiisa mehlare ha motho a robetse. Haeba ho etsahala kamehla, ho ka etsa hore meno a kumehe ka tsela e sa tloaelehang, ’me mehlare e be bohloko ka ho feteletseng, ho etse hore motho a qetelle a tšoeroe ke lefu la ho hlobaela ho tebileng. Ho itšetlehile ka ho re na bothata boo bo boholo hakae, pheko e fapana ho tloha ho buuoeng ka hanong ho isa ho kenyeng ntho e sireletsang meno ka hanong bosiu.
Ho hlahloba a seng makae a maloetse ana a mangata a amanang le boroko ho bontša hore ho ka ba kotsi ho a hlokomoloha. Pheko e ka ’na ea e-ba e bonolo kapa e rarahaneng, empa hangata ea hlokahala. Haeba uena kapa motho eo u mo ratang a e-na le lefu la ho hlobaela kapa a e-na le matšoao a boloetse leha e le bofe bo tebileng ba ho robala, e ka ’na ea e-ba bohlale ho fumana thuso ea lingaka kapele. Esita le haeba phekolo eo e sa felise bothata ka ho feletseng, e ka fokotsa likotsi tse amehang haholo ’me ea nolofalletsa bohle hore ba khone ho mamella boemo. Joale, nakong e tlang, ha litšepiso tsa Bibele li phethahatsoa, “ha ho moahi ea tla re: ‘Kea kula.’” Maloetse ’ohle a tla tlosoa ka ho feletseng ha Molimo a “etsa hore lintho tsohle li be ncha.”—Esaia 33:24; Tšenolo 21:3-5.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Ho koaleha moea ka nakoana borokong ho sa tloaelehang le ho matla ha hoa lokela ho ferekanngoa le ho khona ho bobebe le ho nang le morethetho hoa batho ba bangata ha ba robetse—hoo bothata ba hona feela e leng hore ba bang ka kamoreng ba sitisoa ho robala hantle.
b Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka lefu la boroko bo sa laoleheng, bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea April 8, 1991, leqepheng la 19-21.
c Bona Tsoha! (ea Senyesemane) ea November 22, 2000, leqepheng la 19 le 20, bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka boloetse bona.
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho phekola boloetse ba ho se robale ho lokela ho etsoa tlas’a tlhokomelo ea ngaka
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Ho khona e ka ’na ea e-ba letšoao la ho koaleha moea ka nakoana borokong
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Hangata lefu la boroko bo sa laoleheng le utloisisoa hampe e le botsoa
[Setšoantšo se leqepheng la 30]
Lisebelisoa tse thusang moea hore o fete hantle li ka thusa ho imolla motho ha a koaleha moea ka nakoana borokong