Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g04 11/8 maq. 18-20
  • Ho Loantša Botenya—Na ho Hlile ho Molemo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Loantša Botenya—Na ho Hlile ho Molemo?
  • Tsoha!—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ha ho Nona ho se Molemo
    Tsoha!—1997
  • Botenya—Bo Bakoa ke Eng?
    Tsoha!—2004
  • Na Botenya ke Bothata ba Sebele?
    Tsoha!—2004
  • Nka Theola Boima ba ’Mele Joang?
    Tsoha!—1994
Bala Tse Ling
Tsoha!—2004
g04 11/8 maq. 18-20

Ho Loantša Botenya—Na ho Hlile ho Molemo?

TSOHA! e ile ea buisana le batho ba ’maloa ba loanneng le mathata a botenya. Na liphello e bile tse ba khotsofatsang? Ba fana ka litlhahiso life bakeng sa ba bang ba nang le bothata boo?

◼ A ke re bueng le Mike, ea lilemo li 46, ea bolelele ba limithara tse 1,83 ’me hona joale a le boima ba lik’hilograma tse 130. Nakong eo a neng a le motenya ka ho fetisisa, o ne a le boima ba lik’hilograma tse 157.

Mike: “Leha ke sa le mocha ke ne ke ntse ke nonne ho feta boima ba ’mele oa ka. Ke ntho ea lelapa—moholoane oa ka le likhaitseli tsa ka kaofela ba nonne ho feta ’mele ea bona. Re ne re tloaetse hore le ka mohla re se ke ra siea letho poleiting, esita le haeba e ne e le mohlohlo. Ke eng e ileng ea etsa hore ke fetole mokhoa oa ka oa ho ja? Ha ngaka e mpolella hore ke kotsing e khōlō ea ho tšoaroa ke lefu la tsoekere! Ha ke nahana hore ke tla tlameha ho itšetleha ka insulin bophelo bohle ba ka, sena se ile sa hla sa ntšosa. Ke ne ke boetse ke e-na le bothata bo tebileng ba k’holesterole ’me ke tlameha ho noa meriana.

“Mosebetsi oa ka o ne o ntlama hore ke lule fatše, ’me ho sa le joalo. Ka hona, e le ho lefa nako ena eo ke e qetang ke lutse, ke na le kemiso ea ho ikoetlisa kamehla, e akarelletsang ho sebelisa mochine oa treadmill halofo ea hora bonyane hararo ka beke. Mohato oa bobeli oa bohlokoa e bile ho ngola fatše ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ke neng ke e ja letsatsi le leng le le leng. Kaha ke ne ke tseba hore setsebi seo ke neng ke le tlas’a lenaneo la sona la lijo tse nang le phepo se ne se tl’o sheba lethathamo lena beke le beke, seo se ile sa nthusa hore ke be le boithibo. Ke ile ka nahana, ‘ha u sa e je, u ke ke ua tlameha ho e ngola!’

“Ka hona, ke theotse boima ba ’mele ka lik’hilograma tse 28 likhoeling tse 15 tse fetileng, le hoja ke ntse ke batla ho fokotsa tse ling, kaha pakane ke hore ke fihle boimeng ba lik’hilograma tse 102. Ho finyella sena, ke khaolitse ho ja lijo tsa ho itlosa bolutu, masimba, le lijo tse phehiloeng butle tse entsoeng sechu. Likhoeling tsa morao tjena ke jele salate le meroho e mengata ho feta eo nkileng ka e ja bophelo bohle ba ka!

“Ntho e ’ngoe e ileng ea ntšusumetsa le ho feta hore ke nke khato ke ea hore joaloka mokhanni oa teraka, ke tlameha ho hlahlojoa ke ngaka selemo se seng le se seng hore na ke sa phela hantle pele nka nchafatsa laesense ea ka ea ho khanna. Ke ne ke le mothating oa ho lahleheloa ke laesense hobane ke ne ke le kotsing ea ho tšoaroa ke lefu la tsoekere. Hona joale lintho li fetohile. Ha ho sa hlokahala hore ke noe meriana ho theola k’holeseterole ea ka. Khatello ea mali e theohile ’me ke noa meriana e fokolang bakeng sa eona. Ke na le matla a eketsehileng, ebile bothata bo boholo ba ho opeloa ke mokokotlo bo fokotsehile haholo. Butle-butle ke tsoa sehlopheng sa batho ba nkoang ba le batenya!”

Tsoha!: “Na ho na le seo mosali a ka se etsang ho thusa tabeng ea ho fokotsa ’mele?”

Mike: “Ha u loantša ’mele, u hloka motho ea u tšehetsang. Pele mosali oa ka o ne a lumela hore o mpontša tlhokomelo e mofuthu ka ho lula a mphepa hamonate. Empa hona joale o nthusa hore ke laole seo ke se tšelang poleiting. Ke lokela ho lula ke falimehile hobane ha ke sa etse joalo, le pele ke elelloa ke tla be ke nonne hape.”

◼ Nahana hape ka monna e mong ea bitsoang Mike, oa Kansas, U.S.A. O na le lilemo tse 43 ’me o bolelele ba limithara tse 1,73. Re ile ra mo botsa hore na nakong eo a neng a nonne ka ho fetisisa o ne a le boima bo bokae le hore na hantle-ntle bothata ba hae bo bakiloe ke eng.

Mike: “Ha ke ne ke le motenya ka ho fetisisa, ke ne ke le boima ba lik’hilograma tse 135. Ke ne ke lula ke khathetse ’me ke se na matla a ho etsa eng kapa eng. Ke ne ke sitoa ho robala ka lebaka la mathata a ho hema. Kahoo, ke ile ka ea ngakeng, ’me e ile ea mpolella hore sesosa se seng sa ho nona ha ka e ne e le ho koaleha moea ka nakoana borokong ka lebaka la ho se fete ha moea hantle.a Hape o ile a hlokomela hore ke na le khatello e phahameng ea mali.”

Tsoha!: “Tharollo e ile ea e-ba efe bothateng ba hao?”

Mike: “Ngaka e ile ea mpha sesebelisoa se etsang hore moea o lule o ntse o feta hantle qoqothong. Ka tsela eo, ’metso oa ka ha o thibehe ’me ke hema hantle. Ka lebaka lena, motšehare ke ba mahlahahlaha ’me ke qala ho theola ’mele. Ke boetse ke qalile ho sebelisa mochine oa treadmill makhetlo a mararo ka beke. Ke ile ka qala ho fokotsa lijo haholo, e leng ho bolelang ho laola seo ke neng ke se ja le ho qoba ho ipheta. Hona joale, bonyane ke theotse lik’hilograma tse 20 ka nako e fetang selemo hanyenyane, ’me ho hlokahala ke theole tse ling hape tse 20. Sena se etsahala butle, empa kea tseba hore nka ho etsa.”

Tsoha!: “Ke lintho life tse ling tse ileng tsa u susumelletsa hore u fokotse ’mele?”

Mike: “Ha ho monate ho utloa ha batho ba soma kapa ba bua lipolelo tse hlabang ka ponahalo ea hao. Ho bonahala batho ba nahana feela hore u motho ea botsoa. Ha ba hlokomele hore botenya bo ka bakoa ke lintho tse ngata. Ke lumela hore boemong ba ka, bothata bona kae-kae bo bakiloe ke lefutso, kaha bongata ba rōna lapeng re na le bothata ba ’mele o motenya.

“Leha ho le joalo, kea hlokomela hore haeba ke batla ho theola ’mele, ke lokela ho lula ke le mafolofolo ’me ke laole ka thata-thata seo ke se jang.”

◼ Tsoha! e ile ea boela ea bua le Wayne oa Oregon, ea lilemo li 38. Ha a ne a le lilemo li 31, o ne a le boima ba lik’hilograma tse 112.

Wayne: “Ke ne ke sebetsa ke lutse ’me ke sa ikoetlise. Ha ke ea ngakeng, ke ile ka haroha letsoalo ha ke fumana hore ke na le khatello e phahameng ea mali ’me ke le kotsing ea ho ba le mathata a pelo. Ngaka e ile ea nthomela ho setsebi sa lijo tse nang le phepo. Se ile sa nketsetsa lenaneo le tiileng la ho ikoetlisa le ho laola seo ke se jang. Ke ile ka qala ho tsamaea lik’hilomithara tse hlano ke sa phomole letsatsi le leng le le leng, ’me ke ne ke tsoha hoseng haholo hore ke khone ho ikoetlisa. Ke ile ka tlameha ho ithuta ho ja le ho noa ka mokhoa o ntšoanetseng. Ke ile ka khaotsa ho ja lijo tse se nang molemo phepong ’me ka fokotsa ho ja bohobe le ho noa lino-mapholi, ho e-na le hoo, ka ja litholoana le meroho haholoanyane. Hona joale ke boima ba lik’hilograma tse 80!”

Tsoha!: “Ke melemo efe eo u e hlokometseng?”

Wayne: “Ke ikutloa ke phela hantle haholoanyane, ebile ke ikutloa eka ke boetse kea phela. Pele, e ne eka bophelo ba ka bo eme tsi! joalokaha eka ha ke phele. Molemo o mong ke oa hore ke khaolitse ho noa meriana ea khatello e phahameng ea mali. Ebile ke khona ho sheba batho ka mahlong, ha ke be le maikutlo a hore baa ’nahanela ka lebaka la boima bo feteletseng ba ’mele.”

◼ Charles (hase lebitso la hae la sebele) o bolelele ba limithara tse 1,96. Nakong eo a neng a le motenya ka ho fetisisa o ne a le boima ba lik’hilograma tse 168.

Charles: “Ke ne ke kula haholo, ’me boemo ba ka bo ne bo mpefala. Ke ne ke sitoa ho hloa litepisi. Ke ne ke se na matla ao ke a hlokang ho phetha mosebetsi oa ka. Ke sebetsa ke lutse, ’me mosebetsi oa ka o akarelletsa ho etsa lipatlisiso le ho ba le boikarabelo. Ke ne ke tseba hore ke lokela ho etsa ho hong ka boima ba ’mele oa ka, haholo-holo ka mor’a hore ke bone ngaka ea ka. E ile ea ntemosa hore ke ne ke le mocheng oa ho tšoaroa ke stroke. Ke ne ke bone hore na stroke se etsa’ng motho. Sena se ile sa nkholisa hore ke lokela ho nka khato. Ngaka ea ka e ile ea mpeha tlas’a lenaneo le behiloeng leihlo ka thata-thata la ho ikoetlisa ke sebelisa mochine oa treadmill, ’me ke ile ka bolelloa mokhoa oa ho ja oo ke lokelang ho o latela ke sa tenyetsehe. Hona joale ka mor’a ntho e ka etsang selemo, ke theohile ’me ke boima ba lik’hilograma tse 136, empa kea tseba hore ke lokela ho theoha ho feta mona. Melemo eo ke e fumaneng e nkholisitse hore ho na le molemo ho itela le ho etsa boiteko. Hona joale nka hloa litepisi ’me ke na le matla a eketsehileng.”

◼ Marta, eo ha e le hantle a tsoang El Salvador, o ile a nona hoo a ileng a ba boima ba lik’hilograma tse 83. Sena se ile sa mo lihela sehlopheng sa batho ba batenya kaha bolelele ba hae ke limithara tse 1,65.

Marta: “Ke ile ka ea ngakeng, ’me e ile ea nkhothalletsa ka matla hore ke qale ho theola ’mele. Ke ile ka hlompha maikutlo a ngaka joaloka motho ea nang le tsebo. E ile ea nthomela ho setsebi sa lijo tse nang le phepo bakeng sa ho ea fuoa keletso. Se ile sa hlalosa hore na ke hobane’ng ha se tl’o mpha lenaneo leo ke lokelang ho le latela le makolopetso ’ohle a amehang. Se ile sa mpontša hore na nka laola seo ke se jang joang le ho lekanyetsa seo ke se jang. Qalong ke ne ke lokela ho itlaleha ho eena beke le beke; hamorao ka tlameha ho ea khoeli le khoeli, ho mo bontša hore na ke ntse ke ea joang. Ngaka ea ka le setsebi seo sa lijo tse nang le phepo ba ile ba nkhothatsa ka tsoelo-pele e ntle eo ke neng ke e etsa. Qetellong, ke ile ka theoha ka lik’hilograma tse 12, ’me ke leka ho lula ’meleng oa ka oa lik’hilograma tse 68.”

Tsoha!: “Ho thoe’ng ka ho ikoetlisa le ho noa meriana?”

Marta: “Ke ne ke se na bothata ba k’holeseterole, ’me ho ne ho sa hlokahale hore ke noe meriana. Ke ile ka qala ho tsamaea ka morero oa ho ikoetlisa letsatsi le leng le le leng.”

Tsoha!: “U ne u etsa’ng ha u etetse metsoalle ’me e tsitlella hore u je ho feta kamoo u neng u se u e-ja kateng?”

Marta: “Ke ne ke re feela ho bona, ‘Ngaka ea ka e batla ke je ka mokhoa ona feela molemong oa bophelo ba ka,’ ’me hangata ba ne ba sa mphehelle.”

Kahoo, haeba u nonne ho feta boima ba ’mele kapa u motenya, u ka etsa’ng ka hona? Maele a boholo-holo a nepile ha a re: “Moo ho nang le boikemisetso katleho e teng.” Na u na le tšusumetso le boikemisetso ba ho etsa ho itseng ka boemo ba hao? Haeba u ngoana kapa u motho e moholo, ’me u nonne ho feta boima ba ’mele oa hao, u khetha’ng? Fokotsa ’mele, ho seng joalo u tla iphokoletsa lilemo tsa ho phela. Phela bophelo bo mafolofolo, ’me u khotsofalle seo u se finyeletseng—esita le linthong tse nyenyane joaloka ho apara saese e nyenyane!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng ka ho koaleha moea ka nakoana borokong, bona Tsoha! ea February 8, 2004, leqepheng la 28-29.

[Lebokose le leqepheng la 19]

Na ho monngoa mafura ke tharollo?

Ho monngoa mafura ke eng? Dikishinari e ’ngoe e ho hlalosa tjena: “Hangata ke tšebetso ea ho buuoa molemong oa ho ntlafatsa ponahalo ea motho, moo mafura a sa hlokahaleng a tlosoang libakeng tse itseng tsa ’mele ka ho monngoa, joaloka liropeng kapa mpeng. Hape ho bitsoa suction lipectomy.” (American Heritage Dictionary) Leha ho le joalo, na seo se bolela hore ke tharollo ea botenya?

Mayo Clinic on Healthy Weight e re tšebetso ea ho monngoa mafura ke ea ho ntlafatsa ponahalo ea motho. Hase ea ho fokotsa batho ’mele. Lisele tsa mafura li monngoa ’meleng ka lethopo le lesesaane le kenngoang ka tlas’a letlalo. Ho ka ntšoa lik’hilograma tse ’maloa lekhetlong ka leng. Empa “tšebetso ena ea ho buuoa hase ea ho phekola botenya.” Na ke mohato o sireletsehileng? “Batho ba nang le maloetse a itseng ka lebaka la boima ba ’mele, ho akarelletsa lefu la tsoekere le la pelo, ba kotsing e khōlō ea ho ba le mathata ha ba monngoa mafura.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela