Bashebelli ba Kotsing
KA MONGOLI OA TSOHA! FINLAND
BANENG ba bangata, lifilimi, thelevishene, livideo, li-DVD, lipapali tsa elektronike hammoho le Inthanete ke karolo e tloaelehileng ea bophelo. Tlaleho ea morao tjena e hatisitsoeng ke Finnish Board of Film Classification, e re “ho latela likhakanyo tse ling, nako eo bana le bacha ba e qetang ba sebelisa kapa ba shebelletse mecha ea litaba e ngata ka makhetlo a ka bang 20 ho ea ho a 30 ho feta eo ba e qetang ba thabela botsoalle le malapa a bo bona.”a Ka bomalimabe, sena se pepesetsa bana boitsebisong bo kotsi haholo.
Linaheng tse ling ba boholong ba leka ho sireletsa bana ka ho beha meeli ea lilemo le mefuta ea mananeo a ka shebelloang. Leha ho le joalo, ho latela tlaleho eo, hase kamehla bana le batsoali ba utloisisang hore na ke mananeo afe a ka shebelloang, ho seng joalo baa hlokomoloha. Ho phaella moo, ke ntho e tsebahalang hore meeli ea lilemo ha e eloe hloko ke liholo tse ngata tsa libaesekopo le mabenkele a hirisang livideo. Ho feta moo, mananeo le lifilimi tse ling ha ho boleloe le hore na ke a mofuta ofe.
Tichere e ’ngoe eo ho ileng ha buisanoa le eona e hlokometse: “Ho bonahala e se kamehla barutoana ba nkang ntho e le mabifi hafeela ho sa tšolohe mali ho eona.” Lipapali tse ngata tsa livideo le tsa k’homphieutha—esita le lipopae tse etselitsoeng bana ka ho khetheha—li na le boitsebiso bo ka bang kotsi ho bashebelli.
Tlaleho eo e bolela hore lelapa le leng le le leng le na le “boikarabelo ba hore na bana ba shebella lifilimi le mananeo a thelevishene a mofuta ofe.” E phetha ka potso e fatang maikutlo: “Na rōna joaloka batho ba baholo re na le takatso, matla hammoho le mekhoa ea ho sireletsa bana ba rōna liphellong tse kotsi tsa lintho tseo ba li shebellang?”
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Tlaleho e reng “Thibelo ea Lilemo Mananeong a Shebelloang le Tšireletso ea Bana” e ne e thehiloe patlisisong e ileng ea etsoa baneng ba sekolo sa mathomo ba 340 hammoho le ho batsoali ba bona le matichere.