Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g05 4/8 maq. 5-9
  • Likhatello Tseo Bacha ba Kajeno ba Talimaneng le Tsona

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likhatello Tseo Bacha ba Kajeno ba Talimaneng le Tsona
  • Tsoha!—2005
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Liphetoho ka Lapeng
  • Maikutlo a Feto-fetohang ka Taeo
  • Tlhaselo ea Mecha ea Phatlalatso
  • Bacha le Lik’homphieutha
  • Ha Bana ba Sebelisa Inthanete—Seo Batsoali ba ka se Etsang
    Tsoha!—2008
  • Ba Tobana le Mathata Afe?
    Tsoha!—2009
  • Ho Thusa Bacha ho Hlōla Bothata Bona
    Tsoha!—2007
  • Thuso Bakeng sa Bacha ba Kajeno
    Tsoha!—2005
Bala Tse Ling
Tsoha!—2005
g05 4/8 maq. 5-9

Likhatello Tseo Bacha ba Kajeno ba Talimaneng le Tsona

LILEMO TSA BOCHA—esita le tlas’a maemo a molemohali—e ka ba nako ea pherekano. Nakong ea ho kena bonneng kapa bosaling bacha ba hlaseloa ke maikutlo a macha. Ba talimana le likhatello tsa letsatsi le letsatsi tse tsoang ho matichere le lithaka. Ba pepesehetse tšusumetsong e sa khaotseng ea TV, libaesekopo, indasteri ea ’mino le Inthanete. Ke ka hona tlaleho ea Machaba a Kopaneng e hlalosang lilemo tsa bocha e le “nako ea phetoho eo ka tloaelo e tšoauoang ka khatello ea kelello le matšoenyeho.”

Ka bomalimabe, hangata bacha ba haelloa ke phihlelo haholo hoo ba ke keng ba sebetsana ka katleho le khatello ea kelello le matšoenyeho. (Liproverbia 1:4) Ntle ho tataiso e nepahetseng, ba ka oela habonolo boitšoarong bo ka ba ntšang kotsi. Ka mohlala, tlaleho ea United Nations e re: “Lipatlisiso li bontša hore hangata tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e qala lilemong tsa bocha kapa ha motho a kena lilemong tsa ho ba motho e moholo.” Ho ka boleloa se tšoanang ka mefuta e meng ea boitšoaro bo sa lokelang bo kang pefo le boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali.

Batsoali ba nkang feela hore lintho tse joalo li etsoa feela ke “mafutsana” kapa ke mehlobo e itseng hangata ba iphumana ba lahlehile habohloko. Mathata a hlahelang bacha kajeno aa tšoana bathong ba boemo leha e le bofe moruong, bophelong le morabeng ofe kapa ofe. Mongoli Scott Walter ha a ngola o re: “Haeba u nahana hore ‘ngoana oa setlokotsebe’ ke feela moshemane ea lilemo li 17 oa toropong eo ’mè oa hae ea futsanehileng a phelang ka thuso ea ’muso, u siiloe ke nako. Ngoana oa kajeno oa setlokotsebe e ka ba lekhooa, e ka ba ea tsoang lelapeng le itekanetseng kapa le khorang, a ka ba ka tlas’a lilemo tse 16 (hōle), ’me e ka ba ea e-ba oa ngoanana kapa oa moshemane.”

Leha ho le joalo, ke hobane’ng ha bacha ba bangata hakaale ba le kotsing? Na bacha ba meloko e fetileng le bona ha baa ka ba talimana le liphephetso le liteko? E, empa re phela nakong eo ho eona Bibele e e hlalosang e le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5) Ho na le maemo le likhatello tse amang bacha nakong ena ka ho khetheha historing. A re ke re hlahlobeng tse ling tsa tsona.

Liphetoho ka Lapeng

Ka mohlala, nahana ka bophelo ba lelapa bo fetohang. Journal of Instructional Psychology e ea tlaleha: “Bana ba Amerika ba ka holimo ho karolo ea boraro, ba bona ha batsoali ba bona ba hlalana le pele ba e-ba lilemo li 18.” Ho ka buuoa ka lipalo-palo tse tšoanang tsa linaha tse ling tsa Bophirimela. Ha manyalo a batsoali ba bona a qhalana, hangata bana ba tlameha ho sebetsana le maikutlo a bohloko. Journal ena e re: “Ka kakaretso, bana bao malapa a bo bona a sa tsoa qhalana ba thatafalloa ho sebetsa hantle lithutong tsa bona tsa sekolo le ho sebelisana le ba bang sekolong ho feta bana bao malapa a bo bona a kopaneng kapa malapa a tsitsitseng a motsoali a le mong kapa a motsoali ea lenyalong la bobeli . . . Ho phaella moo, hangata tlhalo ea batsoali e ama botsitso ba ngoana maikutlong le ho itšepa ha hae.”

Palo e ntseng e eketseha ea basali ba sebetsang le eona e fetotse boemo ba lelapa. Phuputsong ea bonokoane ba bana Japane ho ile ha hlokomeloa hore malapeng ao ho ’ona batsoali ka bobeli ba sebetsang, ho thata haholoanyane ho hlokomela bana ho feta malapeng ao ho ’ona motsoali a le mong a sa sebetseng.

Ke ’nete hore malapa a mangata a hloka meputso ea batho ba babeli bakeng sa ho fumana lintho tse hlokahalang bophelong. Hape meputso ea batho ba babeli e ka etsa hore ba banyenyane ba phele bophelo bo mabothobotho haholoanyane. Empa ho na le bothata: Bana ba limilione ha ba khutla sekolong ba fumana ho se na motho hae. Ha batsoali ba fihla, hangata ba khathetse ’me ba amehile ka mathata a mosebetsing. Phello e ba efe? Bacha ba bangata ha ba fumane tlhokomelo e kaalo ea batsoali. Mocha e mong o ile a belaela, a re: “Ha re be le nako hammoho re le lelapa.”

Batho ba bangata ba shebeletseng ba nahana hore mokhoa ona ha o fane ka tšepo mabapi le bokamoso ba bacha. Dr. Robert Shaw o re: “Ke lumela hore mekhoa ea khōliso ea bana e ’nileng ea hlaha lilemong tse mashome a mararo tse fetileng e khothalletsa keketseho ea bana ba ikarotseng, ba thōtseng, ba nang le bothata ba ho ithuta le ba sa laoleheng. Batsoali ba iphumana e le makhoba a lintho tse bonahalang, a sechaba se khothalletsang hore motho a finyelle lintho tse ka holim’a matla a hae, e leng se etsang hore ba qete lihora tse ngata mosebetsing ’me ba sebelise chelete e ngata hoo ba sa fumaneng nako ea ho etsa lintho tse ling tse hlokahalang bakeng sa hore ba be le kamano ea maikutlo le bana ba bona.”

Tšokelo e ’ngoe boiketlong ba bacha ke ena: Hangata bana ba batsoali ba sebetsang ba na le nako e ngata eo ba e qetang ba sa behoa leihlo. Ho haella ha tlhokomelo e lekaneng ea botsoali ke ho mema khathatso.

Maikutlo a Feto-fetohang ka Taeo

Maikutlo a fetohang mabapi le taeo ea botsoali le ’ona a bile le tšusumetso bacheng ba kajeno. Joalokaha Dr. Ron a ile a beha taba a sa hlathe koana le koana, batsoali ba bangata “ba nyahlatsa boikarabelo ba bona.” Ha sena se etsahala, bacha ba hōla ba e-na le melao e fokolang e ba tataisang boitšoarong kapa mohlomong ba se na eona.

Maemong a mang, ho bonahala hore maikutlo a batsoali a susumetsoa ke liphihlelo tse bohloko tseo ba bileng le tsona bongoaneng ba bona. Ba batla ho ba metsoalle ea bana ba bona—eseng ba ba khalemelang. ’Mè e mong oa lumela o re, “Ke ne ke khoehlisitse marapo haholo. Batsoali ba ka ba ne ba ntšoere ka thata haholo; ke ne ke batla ho tšoara ngoana oa ka ka tsela e fapaneng. Ke ne ke fositse.”

Batsoali ba bang ba feteletsa litaba ho fihlela bohōleng bofe? USA Today ea tlaleha: “Phuputso e ncha bacheng ba ka bang 600 ba phekolong ea lithethefatsi New York, Texas, Florida le California e ile ea bontša hore ba etsang 20% ba bona ba ile ba sebelisa lithethefatsi le batsoali ba bona ka ntle le joala, ’me ba etsang 5% ba ile ba fuoa lithethefatsi ka lekhetlo la pele—hangata matekoane—ke bo-’m’a bona kapa bo-ntat’a bona.” Motsoali o ne a ka susumetsoa ke eng hore a etse ntho e joalo e bontšang ho hloka boikarabelo? Motsoali e mong o ile a lumela: “Ke ile ka mo bolella hore nka mpa ka mo fa tsona hore a li sebelise lapeng moo ke neng nka mo beha leihlo.” Kamoo ho bonahalang kateng ba bang ba na le maikutlo a hore ho sebelisa lithethefatsi ba le hammoho ke tsela ea ho “tlamahana” le bana ba bona.

Tlhaselo ea Mecha ea Phatlalatso

Joale ho na le tšusumetso e matla ea mecha ea phatlalatso. Ho latela mofuputsi Marita Moll, phuputso e ’ngoe e ile ea senola hore ka karolelano bacha ba United States ba nka lihora tse ’nè le metsotso e 48 ka letsatsi ba shebeletse TV kapa ba sebelisa k’homphieutha.

Na ehlile ke ntho e mpe? Sehlooho se hatisitsoeng makasineng ea Science se ile sa tlaleha hore “lihlopha tse tšeletseng tsa batho ba nang le litsebo tse itseng United States,” ho akarelletsa le American Medical Association, ba bile ntsoe-leng qetong ea hore pefo e mecheng ea phatlalatso e amana le “boitšoaro bo mabifi ba bana ba bang.” Makasine ea Science e itse: “Ho sa tsotellehe tumellano har’a litsebi, ha ho bonahale eka batho feela ba tloaelehileng baa utloisisa hore pefo ea mecha ea phatlalatso e etsa hore sechaba se be mabifi haholoanyane.”

Ka mohlala, nahana ka livideo tsa ’mino. Hangata batsoali baa tšoha ha ba bona kamoo livideo tsena li bontšang liketso tsa ho kopanela liphate pepenene kateng. Na li ka hla tsa ama tsela eo bacha ba bang ba itšoarang ka eona? Ho latela phuputso e ’ngoe e entsoeng liithuting tsa koleche tse 500, “mino o nang le mantsoe a khothalletsang pefo o hōlisa mehopolo le maikutlo a mabifi.” Ho latela phuputso e ’ngoe e entsoeng haufinyane, “bacha ba qetang nako e ngata ba shebeletse ha ho kopaneloa liphate le ha ho etsoa pefo . . . livideong tsa ’mino oa rap ea ‘likenke’ ho bonolo haholoanyane hore ba itšoare ka tsela eo bophelong ba sebele.” Phuputso ena e entsoeng bananeng ba fetang 500 e senotse hore ba neng ba qeta nako e ngata ba shebeletse livideo tsa likenke ho ne ho le bonolo hore ba otle matichere, ba tšoaroe, ’me ba be le batho ba bangata bao ba kopanelang liphate le bona.

Bacha le Lik’homphieutha

Lilemong tsa morao tjena k’homphieutha le eona e phetha karolo e khōlō tabeng ea ho susumetsa monahano oa bacha. Koranta ea Pediatrics e re: “Palo ea lik’homphieutha tseo batho ba nang le tsona malapeng e eketsehile haholo mashomeng a lilemo a sa tsoa feta. Naheng eohle [ea United States], malapa a mabeli ho a mararo a nang le ngoana ea lilemong tsa ho kena sekolo (lilemo tse 6-17) a ne a e-na le k’homphieutha . . . Liphesente tsa bana ba lilemo li 3 ho ea ho tse 17 United States ba lulang lelapeng le nang le k’homphieutha li ile tsa eketseha ho tloha ho 55% ka 1998 ho ea ho 65% ka 2000.” Batho ba sebelisang k’homphieutha ba eketsehile le linaheng tse ling tse ngata.

Leha ho le joalo, ha ho hlokahale hore mocha a be le k’homphieutha e le hore a khone ho e sebelisa. Mofuputsi e mong o bolela hore “hoo e ka bang bacha ba etsang 90% ba lilemo li 5 ho ea ho tse 17 ba sebelisa lik’homphieutha, ’me 59% ea bona e sebelisa Inthanete.” Sena se etsa hore bacha ba be le monyetla oo ho seng mohla ba kileng ba e-ba le oona oa ho fumana boitsebiso—e leng ntho e molemo haeba k’homphieutha e sebelisoa ka tsela e bontšang kahlolo e molemo, tlas’a taolo ea batsoali. Empa batsoali ba bangata haholo ba lumeletse bacha ho e sebelisa ka tsela e sa laoloeng.

E le bopaki ba sena, ha a ngola, mofuputsi Moll ho Phi Delta Kappan, o re ho latela phuputso ea tšebeliso ea Inthanete ea 2001, “batsoali ba etsang 71% ba ne ba nahana hore ba tseba ‘haholo kapa ka ho lekaneng’ ka ho sebelisa ha bana ba bona Inthanete. Empa ha bana ba botsoa potso eona eo, ba etsang 70% ba e itse batsoali ba bona ba tseba ‘hanyenyane haholo kapa ha ba tsebe letho’ ka seo ba se etsang Inthaneteng.” Ho latela phuputso ena, “ba etsang 30% ba lilemo li 9 ho ea ho tse 10 ba itse ba ne ba kena mecheng ea puisano ea lekunutu le ea batho ba baholo feela ea Inthanete. Bothata bona bo ntse bo mpefala kaha bana ba etsang 58% ba lilemo li 11 ho ea ho 12, 70% ea ba lilemo li 13 ho ea ho 14 le 72% ea ba lilemo li 15 ho ea ho 17 ba tlaleha hore ba etsa lintho tsena. . . . Phuputsong ea Brithani ea tšebeliso ea Inthanete lapeng, motsoali a le mong ho ba supileng o ile a lumela hore ha a tsebe seo bana ba hae ba se shebellang moo.”

Tšebeliso ea Inthanete e sa laoloeng e ka pepesetsa bacha litšoantšong tse manyala tse hlephisang boitšoaro. Leha ho le joalo, likotsi tsa teng ha li felle moo. Taffel, ea qotsitsoeng pejana o tletleba ka ho re: “Bana ba rōna ba etsa metsoalle sekolong le mecheng ea elektronike—ka lebaka leo, ba qeta nako le bana bao hangata ho sa etsahaleng hore re ba tsebe.”

Ho hlakile hore bacha ba kajeno ba pepesehetse likhatello le mathata ao meloko e fetileng e sa kang ea a tseba. Ha ho makatse hore ebe bacha ba bangata ba etsa lintho ka tsela e tšoenyang! Na ho na le se ka etsoang ho thusa bacha ba kajeno?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 6]

“Ke lumela hore mekhoa ea khōliso ea bana e ’nileng ea hlaha lilemong tse mashome a mararo tse fetileng e khothalletsa keketseho ea bana ba ikarotseng, ba thōtseng, ba nang le bothata ba ho ithuta le ba sa laoleheng.”—Dr. ROBERT SHAW

[Setšoantšo se leqepheng la 6, 7]

Ho sebetsa ha basali ba eketsehileng ho fetotse tikoloho ea lelapa

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Bacha ba se nang motho ea ba laolang ba kena khathatsong habonolo

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Bafuputsi ba amahantse boitšoaro bo mabifi le livideo tsa ’mino o mabifi

[Setšoantšo se leqepheng la 9]

Na u tseba seo bana ba hao ba se shebellang Inthaneteng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela