Haeba Lijo li Fela
LIKAROLONG tse ling tsa lefatše, baahi ba litoropong ba nahana hore neng le neng ha ba ea mabenkeleng kapa ’marakeng, ba tla fumana lijo ka theko e itekanetseng. Ha li le teng, bareki ha ba ke ba nahana hore na lijo li fumanoa joang le ho abjoa joang. Leha ho le joalo, nakong ea tlokotsi batho ba qala ho nahana hore na ho ameha eng hore qetellong ba khone ho reka lijo mabenkeleng. Haeba kabo ea lijo e e-ba kotsing ka mabaka a itseng, liphello e ka ba tse bohloko.
Nahana ka se etsahetseng naheng e ’ngoe e nang le mathata a lichelete Afrika Leboea. Theko ea bohobe e ile ea imena habeli ka bosiu bo le bong ka mor’a hore ’muso o khaotse ho thusa lihoai ka lichelete. Matšoele a halefileng a ile a ipelaetsa ’me a baka moferefere literateng, a pshatla lifensetere tsa mabenkele le ho hlasela libanka le liofisi tsa poso. Merusu e ile ea aparela naha, ’me ho ile ha phatlalatsoa qomatsi. Moo mabotho a tšireletso a lekang ho thibela merusu, a ile a thunya letšoele ’me ho ile ha tlalehoa hore ho shoele batho ba 120 ’me ba bangata ba tsoile likotsi.
Se etsahetseng Brithani ka September 2000 se bontša hore le linaheng tse tsitsitseng moruong kabo ea lijo e ntse e ka ba bothata. Batho ba ipelaetsang ka theko e phahameng ea peterole ba ile ba thibella likeiti tsa moo oli e hloekisoang teng, ba sitisa literaka tse tsamaisang peterole hore li tsoe. Matsatsi a seng makae feela hamorao, likarache li ne li omme ngo! likoloi le literaka li se na peterole, ’me mokhoa oa ho tsamaisa lijo o ile oa ema tsi! Naheng ka bophara, mabenkele a manyenyane le a maholo, ao ka tloaelo a itšetlehileng ka lijo tse “fihlang ka nako eo li hlokoang ka eona,” a ne a se na letho lishelefong.
Ho na le mathata a sa tšoaneng a amanang le kabo ea lijo linaheng tse ntseng li hōla moruong. Feeding the Cities, e hatisitsoeng ke Mokhatlo oa Lijo le Temo oa Machaba a Kopaneng (Food and Agriculture Organization of the United Nations [FAO]) e bolela hore ka mabaka a ’maloa—a akarelletsang komello, mathata a lichelete, merusu le ntoa—“hangata ho ba le ho haella ha tlhophiso le ho khaotsa ha litšebeletso. Ha sena se etsahala, esita le haeba liphello li ka ba sebakeng seo feela kapa ea e-ba tsa nakoana, mafutsana ke ’ona a amehang haholo.”
Bahlahlobisisi ba lumela hore keketseho e potlakileng ea baahi litoropong e tla baka “mathata a maholo” ho ba hlahisang lijo le ba li abang. Ho hakanngoa hore ka selemo sa 2007 batho ba fetang halofo ea baahi lefatšeng ba tla be ba phela litoropong. Ho latela FAO, “ho abela [baahi ba litoropong] lijo tse sireletsehileng tseo theko ea tsona e seng boima ho tla etsa hore tsamaiso ea tlhahiso ea lijo le kabo ea tsona e hule ka thata hoo e ka qetellang e khaolitse.”
Ho ba le lijo tseo bareki ba ka iphumanelang tsona mabenkeleng ke taba ea bohlokoa haholo. Ka hona, hantle-ntle tsamaiso ea ho aba lijo e tsitsitse hakae? Ke hobane’ng ha litsebi li ngongorehile ka hore e imetsoe? Hona na ho na le mohla motho a sa tlo ngongoreha ka hore na o tla fumana lijo hokae?
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Ha ho ne ho inkeloa lintho mabenkeleng nakong ea ha lijo li ne li haella
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
BETAH/SIPA