Ma-pilgrim le Ma-puritan—E ne e le Bo-mang?
LEBŌPONG la leoatle Amerika Leboea motseng oa Plymouth, Massachusetts, ho na le lejoe le leholo la morema-phofu leo holim’a lona ho fatiloeng 1620. Le bitsoa Lejoe la Plymouth, ’me ba bangata ba lumela hore le haufi le moo sehlopha sa baahi ba Europe se ileng sa theoha sekepe teng lilemong tse ka bang 400 tse fetileng. Ho ka etsahala hore ebe u tseba ha ho thoe ke Ma-pilgrim.
Batho ba bangata ba qoqetsoe kamoo Ma-pilgrim a ratang baeti a neng a memela metsoalle ea ’ona ea Matsoalloa a Amerika Leboea lijong tse ngata tseo a li chaileng. Empa Ma-pilgrim e ne e le bo-mang, hona a ile Amerika Leboea ka lebaka lefe? Hore u fumane likarabo, a re boele morao nakong ea Morena Henry VIII oa Manyesemane.
Moferefere Bolumeling Engelane
Lilemo tse ka tlaase ho 100 pele Ma-pilgrim a tloha ha habo ’ona, Engelane e ne e le naha ea K’hatholike ’me mopapa o ne a file Morena Henry VIII tlotla ea Moloaneli oa Tumelo. Empa likamano li ile tsa senyeha ha Mopapa Clement VII a hana ho hlakola lenyalo la Henry le Catherine oa Aragon, mosali oa pele ho basali ba tšeletseng ba morena.
Ha Henry a ntse a lohotha mathata a lelapa la hae, Phetoho ea Maprostanta e ne e bakile moferefere Kerekeng ea Roma e K’hatholike ho pholletsa le Europe. Henry o ne a sa batle ho lahleheloa ke maemo ao a neng a a fuoe ke kereke, kahoo qalong ha aa ka a lumella hore Bafetoheli bao ba be teng Engelane. Empa o ile a fetola maoa. Kaha Kereke e K’hatholike e ne e hana ho hlakola lenyalo la hae, Henry ke eena ea neng a tla hlakola kereke. Ka 1534, o ile a amoha mopapa matla ao a neng a e-na le ’ona ho Mak’hatholike a Manyesemane a ba a bolela hore ke eena hlooho ea Kereke ea Chache. Ka nako e seng kae feela o ile a koala mahae a baitlami a ba a rekisa le litša tsa bona tse khōlōhali. Ha Henry a hlokahala ka 1547, Engelane e ne e fetoha naha ea Boprostanta.
Le pusong ea mora oa Henry ea bitsoang Edward VI, ho ne ho ntse ho se likamano le Roma. Ka mor’a lefu la Edward ka 1553, Mary, morali oa Mok’hatholike oa Henry le Catherine oa Aragon, e ile ea e-ba mofumahali ’me hamorao a leka ho etsa hore sechaba se ikokobeletse mopapa. O ile a qobella Maprostanta a mangata ho tsoa ka har’a naha ’me a etsa hore batho ba fetang 300 ba chesoe thupeng, e leng se ileng sa etsa hore a bitsoe Mary ea Khenathetseng Mali. Empa o ile a sitoa ho thibela liphetoho. Mary o ile a shoa ka 1558, ’me mohlahlami oa hae ebile e le morali oabo ka malapa, Elizabeth I, o ile a tiisa hore ho tloha ka nako eo, mopapa a ke ke a ba le matla bolumeling ba Manyesemane.
Leha ho le joalo, Maprostanta a mang a ne a nahana hore ho ikarola feela Kerekeng ea Roma ho ne ho sa lekana—ho ne ho hlokahala hore ho tlosoe sohle se neng se amana le Roma e K’hatholike. Ba ne ba batla ho hloekisa borapeli ba kereke, ke ka lebaka leo ba ileng ba bitsoa Ma-puritan (Ba Batlang Bohloeki). Ma-puritan a mang a ne a bona ho sa hlokahale hore ho be le babishopo ’me a ne a nka hore phutheho e ’ngoe le e ’ngoe e lokela ho ipusa, e ikarole kerekeng ea naha. A ile a bitsoa Ba Ikarotseng.
Ma-puritan ana a sa khotsofalang a ile a hlahella pepeneneng nakong ea puso ea Elizabeth. Mofumahali o ne a sa rate kamoo baruti ba bang ba neng ba ikaparela feela kateng, ’me ka 1564 o ile a laela Moarekabishopo oa Canterbury hore a ba qobelle ho apara ka tsela e khethehileng. Ha Ma-puritan a hlokomela hore a tlil’o lokela ho apara joaloka baprista ba K’hatholike, a ile a hana. Ho ile ha tsoha khang e eketsehileng tabeng e amang sehlopha se ’nileng sa nkoa e le se phahameng se busang sa babishopo le baarekabishopo. Elizabeth o ile a boloka babishopo ’me a re ba lokela ho ikana hore ba tla tšepahala ho eena joaloka hlooho ea kereke.
Ba Qalile e le Ba Ikarotseng ba Qetella e le Ma-pilgrim
James I o ile a hlahlama Elizabeth boreneng ka 1603, eaba o hatella Ba Ikarotseng hore ba ikokobelletse eena. Ka 1608, phutheho ea Ba Ikarotseng motseng oa Scrooby e ile ea balehela Holland e batla tokoloho naheng eo. Leha ho le joalo, kahobane Madache a ne a amohela malumeli a mang le boitšoaro bo hlephileng, Ba Ikarotseng ba ile ba ikutloa ba le tsietsing ho feta ha ba le Engelane. Ba ile ba etsa qeto ea ho tloha Europe ’me ba qale bophelo bo bocha Amerika Leboea. Boikemisetso ba sehlopha sena sa Ba Ikarotseng ba ho ea hōle le hae ka lebaka la litumelo tsa sona bo ile ba etsa hore hamorao se bitsoe Ma-pilgrim (Bahahlauli).
Ma-pilgrim a neng a akarelletsa le ba bangata Ba Ikarotseng, a ile a lumelloa ho lula koloneng ea Brithani ea Virginia eaba a leba Amerika Leboea ka September 1620 ka sekepe se bitsoang Mayflower. Hoo e ka bang batho ba baholo ba 100 le bana ba ile ba qeta likhoeli tse peli har’a sefefo Leoatleng la Atlantic Leboea pele ba fihla Cape Cod, e lik’hilomithara tse makholo-kholo ka leboea ho Virginia. Ke hona mona moo ba ileng ba ngola Tumellano ea Mayflower, e leng tokomane e neng e bolela hore ba batla ho ba motse o ikemetseng ba be ba phele ka melao ea motse oo. Ba ile ba lula haufi le Plymouth ka la 21 December, 1620.
Ho Qala Bophelo bo Bocha Linaheng Tsa Amerika Leboea le Boroa
Baphaphathehi bana ba ile ba fihla Amerika Leboea ba sa itokisetsa mariha. Ka likhoeli tse seng kae feela, halofo ea bona e ile ea shoa. Empa boemo bo ile ba ntlafala nakong ea selemo. Ba pholohileng mariha ba ile ba haha matlo a loketseng ’me Matsoalloa a Amerika a ba ruta ho lema lijalo tsa sebakeng seo. Hoetla ka 1621, Ma-pilgrim a ne a se a ruile hoo a bileng a khetha nako eo a tla leboha Molimo ka eona ha e le moo a ba hlohonolofalitse. Ke hona moo letsatsi la phomolo la Thanksgiving le qalileng teng leo hona joale le ketekoang United States le libakeng tse ling. Ho ile ha fihla bajaki ba eketsehileng, hoo ka lilemo tse ka tlaase ho 15, palo ea baahi ba Plymouth e ileng ea feta 2 000.
Khabareng, Engelane, Ma-puritan a mang le ’ona a ile a etsa qeto ea hore le ’ona joaloka Ba Ikarotseng, a tla fumana “Naha e Tšepisitsoeng” mose ho Atlantic. Ka 1630, sehlopha sa bona se ile sa fihla sebakeng se seng se ka leboea ho Plymouth ’me sa theha Massachusetts Bay Colony. Ka 1640, ho ne ho se ho e-na le bajaki ba Manyesemane ba ka bang 20 000 New England. Ka mor’a hore Plymouth e be tlas’a taolo ea Massachusetts Bay Colony ka 1691, ho ne ho se ho se na Ma-pilgim a hlileng a ikarotseng. Boston e ile ea e-ba setsi sa bolumeli, kaha joale Ma-puritan a ne a se a laola bolumeli ba sebaka seo sa New England. A ne a ntšetsa pele borapeli ba ’ona joang?
Borapeli ba Ma-puritan
Ma-puritan a leng Amerika Leboea le Boroa a ile a qala ka ho haha matlo a entsoeng ka lehong ao a neng a kopanela ho ’ona hoseng ka Lisontaha. Ho ne ho se hobe hakaalo ka har’a matlo ana ha boemo ba leholimo bo le botle, empa litšebeletso tsa mariha li ne li e-ba boima esita le ho Ma-puritan a popota. Matlo ao a neng a kopanela ho ’ona a ne a sa futhumatsoa, ’me ka mor’a nako e khutšoanyane litho tse itetseng tsa kereke li ne li oma ke serame. Hangata baruti ba ne ba roala lihanekausu ho sireletsa matsoho a bona a qhaqhaselang moeeng o batang habohloko ka har’a ntlo.
Ma-puritan a ne a thehile litumelo tsa ’ona lithutong tsa Raliphetoho oa Lefora oa Moprostanta ea bitsoang John Calvin. A ile a amohela thuto ea ho rereloa bokamoso esale pele ’me a ne a lumela hore Molimo o rerile esale pele hore na o tla pholosa batho bafe ’me ke bafe ba tšoaneloang ke mollo oa lihele ka ho sa feleng. Ho sa tsotellehe hore na batho ba etsa’ng, ba ne ba ke ke ba fetola tsela eo Molimo a ba nkang ka eona. Motho o ne a sa tsebe haeba ha a shoa o tla thabela ho ea hahloa ke moea o fokang hamonate leholimong kapa a tuke ka ho sa feleng joaloka khole ea lebone.
Hamorao, baruti ba Ma-puritan ba ile ba ruta thuto ea pako. Ba ile ba lemosa hore le hoja Molimo a le mohau, ba sa bolokeng melao ea hae ba leba liheleng ka ho toba. Baruti bao ba ile ba rotetsa mollo oa lihele, ba etsa hore li lule li chesa, e le hore batho ba se ke ba tsoa tseleng. Moruti oa lilemong tsa bo-1700 ea bitsoang Jonathan Edwards o kile a tšohla sehlooho se reng “Baetsalibe Matsohong a Molimo ea Tukang Khalefo.” O ile a hlalosa lihele ka tsela e tšosang hoo baruti ba bang ba ileng ba tlameha ho tšelisa litho tsa phutheho tse neng li ferekane maikutlo ka mor’a thuto eo.
Baruti bao e seng ba Massachusetts ba neng ba ruta sebakeng sena ba ne ba le kotsing. Ba boholong ba ile ba leleka moruti e mong eo e leng molateli oa Quaker ea bitsoang Mary Dyer ka makhetlo a mararo; empa lekhetlo ka leng o ne a khutla ebe o itsoella pele. Ba ile ba mo fanyeha Boston ka la 1 June, 1660. Ho bonahala eka Phillip Ratcliffe o ile a lebala hore baeta-pele ba Ma-puritan ha ba tsoafe ho ntša bokaako ka metso ho bahanyetsi. Ba ile ba mo fohla ka thupa ba ba ba mo lefisa chelete e itseng ka lebaka la lipuo tsa hae tse khahlanong le ’muso le kereke ea Salem. Joale, e le ho mo rutela le ka moso, ba ile ba mo poma litsebe pele ba mo leleka. Khethollo ea Ma-puritan e ile ea etsa hore batho ba tlohe Massachusetts ka ntšoe-li-sa-fohloa e leng se ileng sa etsa hore libaka tse ling li hōle.
Boikhohomoso bo Baka Pefo
Kaha Ma-puritan a mangata a ne a inka e le “bakhethoa” ba Molimo, a ne a nka matsoalloa a moo a se na tokelo ea ho lula teng. Boikutlo bona bo ile ba baka lehloeo, ’me matsoalloa a mang a ile a qala ho a hlasela. Kahoo, baeta-pele ba Ma-puritan ba ile ba qala ho nyehlisa melao ea Sabatha e le hore banna ba ka tsamaea ba nkile lithunya ha ba e-ea litšebeletsong tsa borapeli. Joale, ka 1675, ha nkha ho sa bola.
Ha Metacomet, Moamerika oa India oa Mowampanoag, ea neng a boetse a bitsoa Morena Philip, a bona hore sechaba sa hae se nkeloa naha, o ile a qala ho hlasela metse ea Ma-puritan, a chesa matlo, a bolaea baahi ka sehlōhō. Ma-puritan a ile a busetsa molamu sefateng ’me ntoa ea kupa ka likhoeli tse ngata. Ka August 1676, Ma-puritan a ile a hapa Philip, Rhode Island. A ile a mo khaola hlooho eaba a mo honya ka maleng le ho mo arola likoto tse ’nè. Eaba ke ho fela ha Ntoa ea Morena Philip le tokoloho ea matsoalloa a New England.
Lilemong tsa bo-1700, Ma-puritan a ile a fumana tsela e ncha ea ho bontša cheseho ea ’ona. Baruti ba bang ba Massachusetts ba ile ba nyatsa puso ea Manyesemane ka matla ’me ba hlohlelletsa moea oa ho batla tokoloho. Ba ile ba tsoaka lipolotiki le bolumeli ha ba bua ka phetoho.
Hangata Ma-puritan e ne e le batho ba sebetsang ka boitelo, ba sebete le ba ikakhetseng ka setotsoana bolumeling ba bona. Le kajeno batho ba ntse ba sebelisa lipolelo tse kang “hantle joaloka Ma-puritan” le “ho tšepahala joaloka Ma-puritan.” Empa botšepehi feela bo ke ke ba hloekisa motho lithutong tse fosahetseng. Jesu Kreste o ile a qoba ho tsoaka lipolotiki le bolumeli. (Johanne 6:15; 18:36) Ho feta moo, ho sebelisa likhoka ho khahlanong le ’nete ena ea bohlokoa: “Ea sa rateng ha a tsebe Molimo, hobane Molimo ke lerato.”—1 Johanne 4:8.
Na bolumeli ba hao bo ruta thuto ea hore lihele lia chesa, thuto ea ho rereloa bokamoso esale pele kapa lithuto tse ling tse sa hlaheng ka Bibeleng? Na baeta-pele ba bolumeli ba hao ba kopanela lipolotiking? Ho ithuta Lentsoe la Molimo, Bibele, ka hloko ho tla u thusa hore u fumane “mofuta oa borapeli o hloekileng le o sa silafalang,” o hloekileng e le kannete le o amoheloang ke Molimo.—Jakobo 1:27.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 13]
MA-PURITAN LE MOLLO OA LIHELE
Ka ho ruta thuto ea hore lihele lia chesa, Ma-puritan a ne a hanyetsa Lentsoe la Molimo. Bibele e ruta hore bafu ha ba tsebe letho, ha ba khone ho utloa bohloko kapa ho thaba. (Moeklesia 9:5, 10) Ho feta moo, ha ho mohla khopolo ea ho hlokofatsa batho ka mollo e kileng ea ‘hlaha pelong ea hae.’ (Jeremia 19:5; 1 Johanne 4:8) O ipiletsa ho batho hore ba fetole bophelo ba bona, ’me o bontša kutloelo-bohloko ho bafosi ba sa bakeng. (Ezekiele 33:11) Ho fapana le linnete tsena tsa Mangolo, hangata baruti ba Ma-puritan ba ne ba hlahisa Molimo eka o khopo o bile o rata ho iphetetsa. Hape ba ne ba khothalletsa bokhopo bo neng bo akarelletsa ho sebelisa likhoka ho khutsisa bahanyetsi.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Ma-“pilgrim” a fihla Amerika Leboea, ka 1620
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Harper’s Encyclopædia of United States History
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ba keteka mokete oa pele oa “Thanksgiving,” ka 1621
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Ntlo eo Ma-“puritan” a neng a kopanela ho eona, Massachusetts
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
John Calvin
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Jonathan Edwards
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Banyalani ba hlometseng ba Ma-“puritan” ba ea kerekeng
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 11]
Library of Congress, Prints & Photographs Division
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 12]
Top left: Snark/Art Resource, NY; top right: Harper’s Encyclopædia of United States History; John Calvin: Portrait in Paul Henry’s Life of Calvin, from the book The History of Protestantism (Vol. II); Jonathan Edwards: Dictionary of American Portraits/Dover
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 13]
Photos: North Wind Picture Archives