Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 2/1 maq. 3-4
  • Chelete le Boitšoaro—Seo re Ithutang Sona Historing

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Chelete le Boitšoaro—Seo re Ithutang Sona Historing
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho ne ho le Thata ho Bontša Teka-tekano
  • Letšolo le Tsoela Pele
  • Ma-pilgrim le Ma-puritan—E ne e le Bo-mang?
    Tsoha!—2006
  • Maikutlo a Babali
    Tsoha!—2006
  • Bophelo bo Khotsofatsang e le Kannete Lefatšeng le Lecha la Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Na Maruo a ka U Etsa ea Thabileng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 2/1 maq. 3-4

Chelete le Boitšoaro—Seo re Ithutang Sona Historing

KA LA 7 April, 1630, batho ba ka bang makholo a mane ba neng ba le ka likepeng tse ’nè ba ile ba tloha Engelane ba e-ea Amerika. Bongata ba bona ba ne ba rutehile haholo. Ba bang e ne e le bo-rakhoebo ba atlehileng. Ba bang e ne e bile e le litho tsa paramente. Hahabo bona Engelane moruo o ne o putlame, o mpefalitsoe ke Ntoa ea Lilemo Tse Mashome a Mararo e neng e ntse e kupa Europe (1618-48). Kahoo, e le ha ba iteka lehlohonolo, ba ile ba siea mahae, likhoebo le beng ka bona eaba ba il’o batla makhulo a matala naheng e ’ngoe.

Leha ho le joalo, sehlopha seo sa batho ba tletseng tšepo e ne e se bahoebi ba lekang letsoho feela. E ne e le Maphurithane a chesehang, a neng a balehela mahloriso a bolumeli.a Sepheo sa bona e ne e le ho ea theha sechaba sa batho ba tšabang Molimo moo bona le bana ba bona ba neng ba tla atleha linthong tse bonahalang empa ba sa tlōle melao ea Bibele. Hang feela ha ba fihla Salem, Massachusetts, ba ile ba tsitlella hore ba fuoe setša se senyenyane se neng se le pel’a lebōpo la leoatle. Ba ile ba reha lehae lena la bona le lecha lebitso la Boston.

Ho ne ho le Thata ho Bontša Teka-tekano

John Winthrop, eo e neng e le moeta-pele oa bona ebile e le ’musisi, o ile a etsa sohle se matleng a hae ho khothalletsa batho hore ba rue le ho etsa lintho molemong oa sechaba koloneng eo e ncha. O ne a batla hore batho ba be le chelete ’me ba be le boitšoaro. Empa ho ne ho le thata ho finyella seo. Kaha o ne a lebeletse hore ho tla ba le mathata, o ile a bua le metsoalle ea hae halelele ka hore na leruo le phetha karolo efe sechabeng se tšabang Molimo.

Joaloka baeta-pele ba bang ba Maphurithane, Winthrop o ne a lumela hore ho batla leruo ka bohona ho ne ho sa fosahala. O ile a re morero o ka sehloohong oa maruo, e ne e le ho thusa ba bang. Kahoo, haeba motho a ne a ruile haholo, o ne a ka etsa lintho tse ngata tse molemo. Patricia O’Toole, e leng setsebi sa histori o re: “Ho hang Maphurithane a ne a sa rate ho bua ka leruo. Ho ba le leruo e ne e le pontšo ea tlhohonolofatso ea Molimo ebile e le ntho e neng e ka etsa hore motho a ikhohomose, . . . ’me seo se ne se nkoa e le sebe.”

E le ho qoba libe tse neng li ka tlisoa ke leruo le bophelo bo mabothobotho, Winthrop o ile a khothaletsa ho etsa lintho ka teka-tekano le ho ba le boitšoaro. Leha ho le joalo, kapele feela, moea oa ho etsa khoebo oo batho ba habo ba neng ba e-na le oona o ile oa sitisa boiteko ba hae ba ho ba qobella hore ba bontše hore ba tšaba Molimo le hore baa ratana. Marabele a ile a qala ho hanyetsa Winthrop a nka hore oa hatella ka ho itšunya-tšunya litabeng tsa ’ona. Ba bang ba ile ba qala ho batla tšehetso ea sechaba hore ho khethoe sehlopha sa batho ba neng ba tla ba le seabo ha ho etsoa liqeto. Ba bang bona ba ile ba bontša khetho ea bona ka ho fallela sebakeng se haufi sa Connecticut hore ba il’o ntšetsa pele merero ea bona.

O’Toole o re: “Monyetla, nala, demokrasi, lintho tsena kaofela li ne li e-na le tšusumetso e matla bophelong ba Maphurithane a Massachusetts, ’me li ne li susumelletsa batho hore ba be le takatso ea ho batla ho rua ba sa natse khopolo e ntle ea Winthrop ea hore ba sebelise maruo a bona molemong oa sechaba.” Ka 1649, Winthrop o ile a shoa a le lilemo li 61, a se na le sente. Le hoja sechaba seo se fokolang se ile sa tsoela pele se le teng ho sa tsotellehe mathata, Winthrop o ile a shoa pele a bona litoro tsa hae li phethahala.

Letšolo le Tsoela Pele

John Winthrop hase eena feela ea neng a e-na le khopolo e ntle ea lefatše le molemo. Selemo le selemo batho ba likete-kete ba tloha Afrika, ka Boroa-bochabela ho Asia, Europe Bochabela le Latin America, ba fallela linaheng tse ling ba batla bophelo bo molemo. Ba bang ba bona ba khothalletsoa ke libuka tse ncha tse makholo-kholo, liseminare le mecha ea liphatlalatso ea Inthanete e hlahisoang selemo le selemo e tšepisang ho ba bolella lekunutu la hore na ba etse joang haeba ba batla ho rua. Ho hlakile hore, batho ba bangata ba ntse ba habile ho ba le chelete, ka tšepo ea hore ba ke ke ba lahla melao ea boitšoaro.

Bonneteng, liphello tsa seo e bile tse soabisang. Hangata batho ba batlang leruo ba qetella ba lahlile boitšoaro ba bona bo botle ’me ka linako tse ling ba lahla esita le tumelo ea bona ka lebaka la leruo. Ka lebaka leo, ka nepo u ka ’na ua botsa: “Na motho e ka ba Mokreste oa ’nete a ba a ba le maruo? Na ho sa tla ke ho be le batho ba tšabang Molimo ba ruileng lintho tse bonahalang le ba phelang ka melao ea boitšoaro le ea bolumeli?” Bibele e arabela lipotso tsena, joalokaha sehlooho se latelang se bontša.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Maprostanta a Kereke ea Chache a neng a batla ho felisa tšusumetso leha e le efe eo kereke ea Roma e K’hatholike e neng e e-na le eona kerekeng ea ’ona a ile a fuoa lebitso la Maphurithane lekholong la bo16 la lilemo.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]

Boats: The Complete Encyclopedia of Illustration/J. G. Heck; Winthrop: Brown Brothers

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela