Maikutlo a Babali
Ho Etsahetse’ng ka Lerato? (March 2006) Lefatše le sotha se boleloang ke lerato, ’me Satane o batla ho le felisa ka ho feletseng. Boitsebiso bo kang bona bo re thusa ho bontša lerato ka liketso le ka tsela e se nang boithati. Kea leboha ha le chorisitse kutloisiso ea ka tabeng ea kamoo Jehova a batlang hore re sebelise tšobotsi ena e matla kateng.
Y. B., United States
Ke ile ka sala le bolutu ha metsoalle ea ka e ’meli e fallela sebakeng se seng ho ea thusa phuthehong e buang puo e ’ngoe. Leha ho le joalo, makasine ena e fihlile hantle nakong eo bolutu ba ka bo neng bo haketse. Ke leboha khopotso eo le faneng ka eona, ea ho re, “Haeba u batla ho ratoa, e-ba le lerato.” Ho tloha joale, ke ikemiselitse ‘ho atoloha’ le ho bontša lerato le tebileng e le hore ke etse metsoalle e mecha.—2 Bakorinthe 6:12, 13.
M. T., Japane
Boqheku—Ho Tobana le Mathata a Bona (February 2006) Ka linako tse ling ke ee ke nahane hore batho ba hōlileng ba lebetsoe. E se e le lilemo tse 11 joale ke oka monna oa ka ea qhoalileng. Ka linako tse ling bolutu bo ntse bo nqeta. Ke balile lihlooho tse Tsoheng! ena ka makhetlo ka ba ka li mamela ka makhetlo k’haseteng. Makasine ena ke sona seo ke neng ke se hloka. Ke leboha ho menahane.
S. T., Japane
Maoto le Matsoho a Maiketsetso (February 2006) Ke leboha ho menahane ka sehlooho seo le se ngotseng se buang ka maoto le matsoho a maiketsetso. Ha ke le khoeling ea bone ke le moimana, re ile ra bolelloa hore leseanyana la rōna le tlil’o hlaha le se na maoto le matsoho le hore le tla kenngoa a maiketsetso ha le qeta selemo. Sehlooho sena se fihlile hona khoeling eo Daryl a qetang selemo ka eona. Hona joale o ithuta ho ema le ho tataea. ’Na le mohats’a ka re lebeletse ka thabo nakong eo Daryl a “tla tlōla joalokaha khama e tona e tlōla.”—Esaia 35:6.
Y. A., Fora
Lihlooho tse buang ka hore bophelo ke ba bohlokoa (November 8, 2001) Ke balile Tsoha! ea November 8, 2001, ka makhetlo, haholo ha ke ikutloa ke nyahame. Boitsebiso ba eona ekare ke setlhare ho ’na, phapang feela ke hore bona ha bo felloe ke nako. E fana ka keletso le tharollo e thusang haholo mathateng a rōna. Tsoha! e ntiisa moko, e etsa hore ke hlokomele hore le tsotella batho ba kang ’na tjena. Ke thabile haholo ebile kea leboha hore ebe le teng ho re hopotsa hore “ho phela ke habohlokoa”!
P. T., Madagascar
Ma-pilgrim le Ma-puritan—E ne e le Bo-mang? (February 2006) Ke makalitsoe ke tsela eo lintlha li sothiloeng ka eona sehloohong sena. Ho na le lebaka le ka sehloohong leo Maindia a Amerika Leboea a sa ketekeng Thanksgiving ka lona, ’me lōna le ōkōtse ntlha ena ka holimo feela.
Lebitso ha lea boleloa, United States
Karabo ea “Tsoha!”: Ka kōpo hlokomela hore sehlooho seo se ne se sa rereloa ho tšohla makolopetso a histori ea Letsatsi la “Thanksgiving.” Libuka tse ’maloa tsa litšupiso, ho akarelletsa “Encyclopædia Britannica,” li tlaleha hore ka hoetla ea 1621, Ma-“pilgrim” a ile a qeta matsatsi a mararo a keteka le metsoalle ea ’ona ea Maindia. Sena se hlalositsoe lengolong le ngotsoeng ke Edward Winslow, ka la 11 December, 1621. Empa lilemong tse latelang, matsatsi a phomolo a “thanksgiving” a ile a sebelisetsoa ho keteka liketsahalo tsa mefuta eohle ho phaella kotulong. Mokete o tummeng hampe ka ho fetisisa oa “thanksgiving” o ile a phatlalatsoa ke ’Musisi John Winthrop oa Massachusetts Bay Colony ka 1637 ka mor’a hore ho bolaoe batho ba makholo ba Maindia a Ma-“Pequot” ka sehlōhō. Ka hona, rea utloisisa hore na ke hobane’ng ha babali ba bang ba ka ’na ba khopisoa ke Letsatsi la “Thanksgiving.”