Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 8/06 maq. 3-4
  • Mokelikeli oa Bohlokoa ho Feta e Meng Eohle ke Ofe?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mokelikeli oa Bohlokoa ho Feta e Meng Eohle ke Ofe?
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setho se Ikhethang
  • Ho Boloka Bophelo ka Mali—Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Mali—Aa Hlokahala Bakeng sa Bophelo
    Mali a ka Boloka Bophelo ba Hao Joang?
  • Lipotso Tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Tlhompho ea Bomolimo bakeng sa Mali
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 8/06 maq. 3-4

Mokelikeli oa Bohlokoa ho Feta e Meng Eohle ke Ofe?

“Tabeng ea tlhokomelo ea bophelo, mali ke a bohlokoa ho tšoana le oli lipalangoeng.”—Arthur Caplan, motsamaisi oa thuto ea melao e tataisang lingaka Univesithing ea Pennsylvania.

OLI. Na ke mokelikeli oa bohlokoa ho feta e meng eohle? Ba bangata ba ka ’na ba nahana joalo, kaha matsatsing ana litšenyehelo tsa mafura li nyoloha li sa tsoa nyoloha le hona ka sekhahla. Empa ’nete ke hore e mong le e mong oa rōna o tsamaea a jere lilithara tse seng kae tsa mokelikeli oa bohlokoa ho feta oo hōle. Ak’u nahane ka sena: Ha ho ntse ho tlatsoa libarele tse limilione tse likete ka oli e pompuoang selemo le selemo fatše hore ho fuoe batho mafura ao ba a hlokang, ho nkoa lipaente tse ka bang limilione tse 90 tsa mali bathong ka tšepo ea ho thusa ba kulang.a Palo ena e holimo ke ea mali a batho ba ka bang 8 000 000.

Leha ho le joalo, ho bonahala eka mali le ’ona a haella joaloka oli. Basebeletsi ba tsa bongaka lefatšeng ka bophara ba lemosa hore mali aa haella. (Bona lebokose le reng “Mehato e Nkoang ka Lebaka la ho Tsieleha.”) Ke’ng se etsang hore mali ebe a bohlokoa hakaale?

Setho se Ikhethang

Kaha mali a rarahane ka tsela e hlollang, a atisa ho tšoantšoa le setho sa ’mele. Dr. Bruce Lenes o boleletse Tsoha! hore “mali ke se seng sa litho tse ngata—tse babatsehang ka ho hlollang le tse ikhethang.” Ka sebele aa ikhetha! Buka e ’ngoe e re mali ke “sona setho feela sa ’mele se mokelikeli.” Buka eo e re mali “a tsamaisa lintho ’meleng.” Seo se bolela’ng?

Setsebi sa saense se bitsoang N. Leigh Anderson se bontša hore tsela eo mali a potolohang ka eona ’meleng e tšoana le eo likotopo tsa metsi li tsamaisang metsi a hloekileng le a litšila ka eona. Ha mali a ntse a potoloha sebaka sa lik’hilomithara tse 100 000 ’meleng ea rōna, a fihla hoo e batlang e le sehlopheng se seng le se seng sa lisele ’meleng, ho akarelletsa pelo, liphio, sebete le matšoafo—e leng litho tsa bohlokoa tse sebetsanang le mali li bile li itšetlehile ka ’ona.

Mali a tlisetsa lisele tsa ’mele ‘lintho tse ngata tse molemo,’ tse joaloka oksijene, limatlafatsi le lintho tse ling tse thusang ho sireletsa ’mele, empa a boetse a nka “lintho tse se nang thuso,” tse joaloka carbon dioxide e kotsi, lisele tse senyehileng le tse shoang le lintho tse ling tse lokelang ho lahloa. Hore mosebetsi o mong oa mali ke ho lahla litšila ho thusa ho hlalosa lebaka leo ho ka bang kotsi ka lona ho tšoara mali a tsoang ’meleng. Hape ha ho motho ea ka netefatsang hore ‘lintho tsohle tse se nang thuso’ tse maling li fumanoe tsa ba tsa tlosoa pele mali ao a fuoa motho e mong.

Ha ho pelaelo hore mali a phetha mosebetsi oa bohlokoa bophelong. Ke kahoo basebeletsi ba tsa bongaka ba khethileng ho a tšela bakuli ba lahlehetsoeng ke mali. Lingaka tse ngata li ka ’na tsa re ho sebelisoa ha mali ka tsela ena phekolong ke hona ho etsang hore mali e be a bohlokoa. Empa lintho li ntse li fetoha tabeng ea phekolo. Ho ka boleloa hore ho na le phetoho e khōlō e etsahalang ka lenyele. Lingaka tse ngata ha li sa potlakela ho tšela batho mali joaloka pele. Lebaka la seo ke lefe?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Paente e le ’ngoe e nka limililithara tse 450 tsa mali.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 4]

Mehato e Nkoang ka Lebaka la ho Tsieleha

Litsebi tsa bongaka li hakanya hore ho hlokahala lipaente tse eketsehileng tsa mali tse limilione tse 200 selemo ka seng lefatšeng ka bophara. Ho baahi ba bang le ba bang ba lekholo ba lefatše, ba 82 ba lula linaheng tse tsoelang pele, empa mali a fanoang libakeng tseo a ka tlaase ho liphesente tse 40. Lipetlele tse ngata linaheng tseo li khona ho phekola ntle ho mali. Koranta ea Kenya e bitsoang The Nation e tlaleha hore ‘letsatsi le chabang le le likelang hoo e ka bang halofo ea mekhoa ea phekolo e hlokang hore batho ba tšeloe mali ea tloheloa kapa e chechisetsoa morao ka lebaka la khaello ea mali.’

Khaello ea mali e atile le linaheng tse ruileng. Kaha batho ba se ba phela nako e teletsana le mekhoa ea phekolo e tsoetse pele, ho buuoa batho ba eketsehileng. Ho feta moo, batho ba bangata ba fanang ka mali matsatsing ana ba qhalloa matsoho ka lebaka la tsela e kotsi eo ba phelang ka eona e ba pepesetsang maloetse kapa hobane ba etela libakeng tse ka ’nang tsa etsa hore ba tšoaroe ke maloetse a itseng kapa ba tšoaetsoe kokoana-hloko e itseng.

Ho bonahala eka ba ikarabellang bakeng sa ho bokella mali ba tsielehile. Ka linako tse ling ho shejoa bacha bao ka tloaelo ba phelang ka tsela e batlang e sa ba pepesetse maloetse haholo hore e be bona ba fanang ka mali. Ka mohlala, hona joale bana ba sekolo ke bona ba fanang ka liphesente tse 70 tsa mali Zimbabwe. Litsi tsa pokello ea mali li lula li butsoe boholo ba nako, ’me linaha tse ling li bile li li lumella ho fana ka litsiane tse itseng e le hore li bitse batho ba tl’o fana ka mali le hore batho bao ba khutle le ka moso. Letšolong le ileng la etsoa Czech Republic baahi ba ile ba kōpuoa hore ba fane ka mali ebe bona ba fuoa joala ho tima lenyora! Sebakeng se seng sa India, morao tjena ba boholong ba ile ba ea ka ntlo le ntlo ba batla batho ba ka ithaopelang ho fana ka mali hobane a haella.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela