Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/06 maq. 12-14
  • Itšireletse ho Nkeloeng Koloi ka Likhoka!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Itšireletse ho Nkeloeng Koloi ka Likhoka!
  • Tsoha!—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Etsahaletseng ba Bang
  • Ho Sebetsana le Boemo ba ho Nkeloa Koloi ka Likhoka
  • Nka Kholisa Batsoali ba ka Joang Hore ke se ke Loketse ho Khanna?
    Tsoha!—1989
  • O Ile a Rata Seo a Ithutileng Sona
    Tsoha!—2006
  • Mokhoa oa ho Thibela Likotsi Tsa Likoloi
    Tsoha!—2011
  • Na ke se ke Loketse ho Khanna?
    Tsoha!—1989
Bala Tse Ling
Tsoha!—2006
g 10/06 maq. 12-14

Itšireletse ho Nkeloeng Koloi ka Likhoka!

KA MONGOLI OA TSOHA! AFRIKA BOROA

HO NKELOA koloi ka likhoka, kapa ka mahahapa, ke bothata bo ntseng bo ja setsi metseng ea litoropo lefatšeng ho pota, ho tloha Karachi ho ea Lisbon le ho tloha Nairobi ho ea Rio de Janeiro. Ho ea ka U.S. Bureau of Justice Statistics, batho ba nketsoe likoloi tse ka bang 38 000 ka likhoka selemo le selemo United States pakeng tsa 1993 le 2002.

Afrika Boroa, eo palo ea eona ea baahi e kenang ka makhetlo a tšeletseng ho palo ea baahi ba United States, e na le palo e phahameng le ho feta ea ba nkeloang likoloi ka likhoka—ka selemo ho nkoa likoloi tse fetang 14 000. Ka mor’a ho utloa ka mehlala e itseng, u tla utloisisa hore na ke hobane’ng ha ba bangata ba tšaba ho nkeloa koloi ka likhoka ho feta mefuta e meng eohle ea bokebekoa. Liphihlelo tse latelang ke tsa se etsahaletseng batho ba lulang motseng o moholo ka ho fetisisa oa Afrika Boroa, e leng Johannesburg. Ha u bala liphihlelo tsa bona, u ka ’na ua hlokomela seo u lokelang ho se etsa haeba u nkeloa koloi ka likhoka, kapa mohlomong ho bileng ho leng molemo le ho feta, kamoo u ka qobang ho ba boemong bo ka etsang hore u nkeloe koloi ka likhoka.

Se Etsahaletseng ba Bang

◼ “’Na le motsoalle oa ka ea bitsoang Susan re ne re qetile selemo re sebetsa hammoho mosebetsing oa boevangeli. Ka Laboraro le leng, ha re ntse re le ka har’a motse, ra emisa ka thōko ho tsela tlas’a sefate ho phoka tee pele re fetela thutong e latelang ea Bibele. Susan a theoha ho ea lata basekete ka morao. Moo a reng o ’neheletsa tee, ha hlaha banna ba babeli bao re sa tsebeng hore na ba tsoa hokae, e mong a se a bile a supile Susan ka sethunya molaleng. Ke ile ka leka ho tsoa ka koloing ke ho tšoha, empa monna e mong a ntšutumelletsa ka hare. Re ne re ke ke ra o besa oa tuka, banna bao ba babeli ba ile ba re qobella ho kena ka koloing ’me ba khanna—ke ne ke nahana hore ba ka ’na ba re beta kapa hona ho re bolaea.”—Anika, mosali e mocha lilemong.

◼ “Ke ne ke ea mosebetsing ka koloi e le hoseng ka hora ea bosupa. Ke ile ka ema mateanong a litsela moo ho atisang ho ema batho ba batlang mosebetsi. Ke ne ke sa tsotelle letho ho fihlela motho a nkhitla ka sethunya molaleng le fensetereng e butsoeng ea koloi ’me a re, ‘Tsoa, kapa kea u thunya.’ Hona nakong eo ha hlaha helikopthara e lekolang sephethephethe. Senokoane seo se ile sa nahana hore ke mapolesa eaba se khoephetsa sethunya sea baleha. Se ile sa nthunya molaleng, sa ntematsa mothapo oa lesapo la mokokotlo. Sena se ile sa ntšiea ke shoele litho ho tloha molaleng ho ea tlaase. Ha ke khone ho sebelisa matsoho le maoto, a shohlo.”—Barry, ntate ea nang le mora ea lilemong tsa bocha.

◼ “’Na le mohats’a ka, Lindsay, re ne re itokisetsa ho ea lijong tsa motšehare kae-kae. Ke ne ke mo emetse ka koloing. Mamati a koloi a ne a notletsoe, empa lifensetere li butsoe hanyenyane ka lebaka la mocheso. Ke ne ke lutse setulong sa mokhanni ha ke bona banna ba babeli ba hlahella k’honeng ba itsamaela feela. Ha ba atamela koloing, ba ile ba arohana e mong a pota koloi ka ho le letšehali e mong a e pota ka ho le letona. Ka ho panya ha leihlo feela, ba be ba se ba tšoere mamati a koloi ba ntšupile ka lithunya ba mpolella hore na ke etse’ng. Ha ke qeta ho lumisa koloi joalokaha ba ntaetse, ba nkhobola ka bohale ba re ke tsoe ke e’o lula setulong se ka morao. E mong o ile a khanna koloi ha e mong a ile a nqobella hore ke iname. O ile a mpotsa, a re: ‘Ke lebaka lefe leo u ka mphang lona la hore ke se ke ka u bolaea?’ Ka re: ‘Ke mong oa Lipaki Tsa Jehova.’ O ile a tsoela pele a bua ka ho mpolaea, ’me ’na ka tsoela pele ho rapela ke bile ke ntse ke nahana ka mohats’a ka eo ke mo ratang, ke ipotsa hore na o tlil’o re’ng ha a fumana monna oa hae a nyametse le koloi.”—Alan, molebeli ea tsamaeang ebile e le motsoali.

Liphihlelo tsena li bontša kamoo ho nkeloa koloi ka likhoka ho ka etsahalang ka ho panya ha leihlo le ka tšohanyetso kateng. Li boetse li bontša maemo ao linokoane li atisang ho hlasela ho ’ona. Libakeng tse ngata, ha ho sa sireletsehile ho emela motho kapa ho itulela ka koloing e pakiloeng ka thōko ho tsela ka har’a motse. Libaka tse ling tse kotsi ke mateanong a litsela le tselaneng e kenang lapeng.

Ho Sebetsana le Boemo ba ho Nkeloa Koloi ka Likhoka

Ho thabisang ke hore se etsahaletseng Susan le Anika se ile sa qetella hantle. Ha linokoane tseo li ntse li khanna, basali bao ba babeli ba ile ba qala ho hlalosa mosebetsi oo ba o etsang oa ho ruta Bibele. Ho bonahala sena se ile sa sisinya banna bao matsoalo. Anika o re: “Ba ile ba kōpa tšoarelo ka seo ba se entseng, ba re mehla eo re phelang ho eona e etsa hore ba tlamehe ho iphelisa ka ho utsoa le ho nkela batho likoloi ka likhoka. Re ile ra ba hlalosetsa hore na ke hobane’ng ha Molimo a lumeletse tšotleho le hore batho ba utloe bohloko.” Molaetsa oa Bibele o ile oa ama linokoane tseo tse peli maikutlo, eaba li etsa qeto ea ho khutlisa chelete le lioache tseo li li nkileng, tsa tšepisa Susan le Anika hore ha li na ho ba ntša kotsi. Susan o re: “Ka mor’a moo, senokoane se seng sa qala ho re bolella hore na re etse’ng nakong e tlang e le hore re se ke ra nkeloa koloi ka likhoka.” Anika o phaella ka ho re: “Li ile tsa re re tšepise hore ha re sa tla hlola re emisa ka thōko ho tsela ho noa tee.” Joalokaha linokoane tseo li ne li ba boleletse, li ile tsa emisa koloi, tsa theoha, tsa amohela lingoliloeng tsa Bibele, ’me tsa tlohella Susan le Anika hore ba khanne ka bolokolohi.

Linokoane tse ileng tsa nka koloi ea Alan, eo e leng molebeli ea tsamaeang, li ile tsa re a theohe koloing ha li fihla sebakeng se ka thōko. Le hoja a ne a lahlehetsoe ke thepa ea bohlokoa, o ne a thabetse hore ha aa lemala ’meleng. Alan o re: “Ke nahana hore ke thusitsoe ke ho etsa seo li ileng tsa re ke se etse le hore ke ne ke se hlaha ke bile ke sa tatasele. Empa bonneteng, nka be ke bile seli haholoanyane. Ketsahalo ena e nthutile hore hona joale motho o lokela ho lula a falimehile ka linako tsohle kaha re phela hare-hare matsatsing a bofelo ba tsamaiso e khopo ea Satane.” Ka le hlahlamang, Alan le Lindsay ba ile ba khutlela hona tšimong eo ho ea tsoela pele ka boboleli hammoho le phutheho eo ba neng ba abetsoe ho sebetsa le eona. Alan o re: “Re ile ra rapela, ’me ra qeta letsatsi lohle re qamaka koana le koana. Ho ne ho se bonolo, empa Jehova o ile a re fa ‘matla a fetang se tloaelehileng.’”—2 Bakorinthe 4:1, 7.

Barry ea ileng a lemala hampe, o se a qetile lilemo tse 11 a le setulong sa ba holofetseng. Ho babatsehang ke hore Barry o ntse a sheba lintho ka leihlo le nepahetseng ’me ha aa itumella hore se mo etsahaletseng se mo etse motho ea bohla. O ntse a e-na le tumelo e sa thekeseleng tšepisong ea Jehova Molimo ea ho tlisa lefatše le lecha la ho loka. (2 Petrose 3:13) Barry o ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste ’me o sebelisa monyetla o mong le o mong ho bolella ba bang seo a se lumelang. O re: “Ho sebeletsa Jehova hoa nthabisa kamehla. Le hoja ke le setulong sa likooa ke bile ke sa khone ho iketsetsa letho le lekaalo, ke lula ke nahana ka seo Jehova a nketselitseng sona, ’me seo se nthusa ho mamella. Tsamaiso ena e khopo ea lintho e haufi le ho fela, ’me ruri ke tla thaba ha ke se ke khona ho tsamaea hape!”—Esaia 35:6; 2 Timothea 3:1-5.

Mehato eo ba boholong Afrika Boroa ba e nkileng e fokolitse palo ea likoloi tse nkoang ka likhoka. Empa li ntse li nkuoa ’me le likarolong tse ling tsa lefatše ho nkoa ha tsona ho ntse ho eketseha. Bakreste ba ’nete ba tšepile hore ’Muso oa Molimo ke eona feela puso e tla felisa tlōlo ea molao le liketso tseo tse mabifi.—Pesaleme ea 37:9-11; Matheu 6:10.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 14]

LITLHAHISO TSA HO FOKOTSA MONYETLA OA HO NKELOA KOLOI KA LIKHOKA

◼ Ha u tsamaea ka koloi sebakeng seo likoloi li kileng tsa nkoa ka likhoka ho sona, notlela mamati u be u koale lifensetere.

◼ Ha u tl’o ema mateanong a litsela, falimehela batho ba ntseng ba solla-solla ka thōko ho tsela ba bonahalang ba belaetsa.

◼ Ho siea sebaka se lekaneng pakeng tsa hao le koloi e ka pele ho uena ho tla u nolofalletsa ho tšoephoha ho qoba kotsi.

◼ Haeba koloi e ’ngoe e u thula ka morao, se ke ua potlakela ho tsoa ho ea lekola tšenyo. E ka ’na eaba leo ke leqheka feela. Haeba u etsahalloa ke kotsi e kang eo sebakeng se kotsi, ho molemo hore u ee sepoleseng se haufi.

◼ Ela hloko batho bao u sa ba tsebeng ba ntseng ba solla haufi le jarete ea hao. Ha ba le teng, ho molemo hore u fete u tle u khutle hamorao, kapa u ka ’na ua etsa qeto ea ho ea sepoleseng se haufi.

◼ Haeba u tlameha ho lula ka koloi e pakiloeng sebakeng se kotsi kapa se nang le methoaela feela ea batho, ela hloko se etsahalang ka pele le ka morao ho uena. Haeba u bona eka ho ka ’na ha e-ba le bothata, lumisa koloi u pota-pote ho se hokae.

[Setšoantšo se leqepheng la 14]

Barry o ntse a sheba lintho ka leihlo le nepahetseng le hoja a le setulong sa ba holofetseng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela