Bacha Baa botsa. . . .
Nka Kholisa Batsoali ba ka Joang Hore ke se ke Loketse ho Khanna?
U atlehile! Oho, u ne u hlile u tšohile. ’Me monna oa lepolesa ea ’mele o koenneng ea neng a u hlahloba u ne a sa tšehe ho hang. Leha ho le joalo, u tsebile ho khanna koloi ea ntate oa hao kamoo u neng u laeloa kateng le ho emisa koloi hantle joaloka setsebi. E, joale u mokhanni ea motlōtlō ea nang le lengolo la ho khanna!
Leha ho le joalo, ho bonahala batsoali ba hao ba sa kopanele le uena thabong ena. Ha u kōpa ntate oa hao hore a u kalime koloi mafelo-bekeng ana, u fumane karabo e sa tobang, “Ke tla nahana ka sena.” ’Me ha u ne u mo pheella hore a u arabe, o ile a re, “Che!”
U ka ’na ua re, “Hoo ha hoa loka. Ke na le lengolo la ho khanna!”
KA LENGOLO leo le lecha la ho khanna le kentsoeng hantle ka mokotlaneng oa hao, ho bonahala litoro tsa hao tsa ho khanna koloi ea lelapa li tla phethahala. Empa haeba ho bonahala batsoali ba hao ba sa thahaselle tebello ea hao, ekaba ho utloisang bohloko. Maele a boholo-holo a re: “Tebello e ntseng e chechisetsoa morao e kulisa pelo, empa ntho e lakatsoang ke sefate sa bophelo ha e hlile e e-tla.” (Liproverbia 13:12, NW) U ka kholisa batsoali ba hao joang hore u se u loketse ho khanna?
Pono ea Batsoali ba Hao
Ho fumana lengolo la ho khanna ke ntho e ’ngoe eo motho a ka e thabelang. Empa ho khanna hase tokelo eo joang kapa joang u tlamehang ho ba le eona. Ke monyetla o ka fetisetsoang ho uena, oo batsoali ba hao le basebetsi ba ’muso ba ka hlahisang maikutlo a bona ho ’ona. ’Me batsoali ba hao ba ka tšaba hore u be e mong ea balloang har’a lenane la likotsi tsa mebileng. ’Mè e mong o itse: “Beke e fetileng mora oa ka o atlehile ho fumana lengolo la ho khanna. Ho tloha nakong eo, ha ke tsebe ho robala. Maobane, o ile a khanna koloi ea ka ka lekhetlo la pele a le mong. E ne e le leeto le le lelelehali la ho khanna bophelong ba ka.”
Hape ho boetse ho ameha le maemo a lichelete. Ka tloaelo, mekhatlo ea tšireletso ea likoloi e eketsa chelete ha mocha a ngolisoa lethathameng la bakhanni ba lelapa. Ho ba le mokhanni e mong ho tla bolela ho senyeha ho potlakileng ha koloi—le litokiso tse eketsehileng. ’Me le hoja batsoali ba hao ba amehile haholo-holo ka bophelo ba hao bo botle le polokeho, ha ho pelaelo hore ba boetse ba amehile ka ho bona seboche koloing ea bona e ncha e benyang.
Ho Ipaka U Tšepahala Linthong Tse Nyenyane
Molao-motheo o boletsoeng ke Jesu Kreste ke o loketseng: “Ea leng khabane ho tse nyenyane, le ho tse kholo o tla ba khabane; ’me ea sa lokang ho tse nyenyane, a ke ke a loka le ho tse kholo.” (Luka 16:10) The Family Handbook of Adolescence e bolella batsoali: “Tekanyetso e molemohali e tla bontša haeba mocha a tla ba le boikarabelo ba ha a khanna ke tlaleho ea hae ea boikarabelo litabeng tse ling. Ha mocha a ka tšeptjoa ho latela melao ’me hangata a tšepahala, ho bonahala litšobotsi tsena tse tšoanang li tla laola boitšoaro ba hae ha a khanna.” Ka hona pele u tletleba ka hore u ‘hloka koloi bakeng sa Moqebelo mantsiboea,’ ipotse hore na ke ho isa boholeng bofe u iketselitseng tlaleho ea ho ba ea tšepahalang le ea ka tšeptjoang ka pel’a batsoali ba hao.
Ka mohlala, u ’nile ua fumana matšoao a mofuta ofe sekolong? Ho ka bonahala ho ena le kamano e fokolang mahareng a ho feta tlhahlobo ea lipalo le ho fumana linotlolo tsa koloi. Empa haeba u sa nke sekolo ka botebo, na ho na le lebaka la hore batsoali ba hao ba nahane hore u tla nka melao ea tsela ka botebo? Hape, nahana ka mesebetsi ea lelapa eo u e abetsoeng. Haeba batsoali ba hao ba ke ke ba u tšepa bakeng sa ho ntša moqomo oa lithole ka nako, na ba ka tšepa hore u tla khutla ka nako leetong la hao la boithabiso ka koloi ea bona? ’Me ho thoe’ng ka kamore ea hao? Haeba ’mè a sa bone fuluru ka baka la liaparo tsa hao tse tletseng hohle, na a ka u lumella ho khanna koloi ea hae e hloekileng?
Kamoo u leng seli kateng linthong tse nyenyane ho ka etsa hore u fumane koloi ea lelapa. Haeba u rata ho ikakasetsa ba bang kamoo u leng sebete kateng ha u thelelisa leqhoeng ka lepolanka, ha u palame baesekele, kapa u le lebaleng la bolo, batsoali ba hao ba tla inahana habeli pele ba u tšepa hore u ka sebelisa ntho e kotsi e bolaeang joalo. E, mohlomong u lokela ho etsa liphetoho tse khōlō pele batsoali ba hao ba nahana ho u neha linotlolo tsa koloi.
Mokhanni ea Halefileng
Buka Licensed to Kill e re: “Ka mor’a lebili . . . la koloi ho na le litšobotsi tsa batho tse mpe ka ho fetisisa—lehloeo, ho hloka mamello, ho se nahanele le boithati, ha re bolela tse ’maloa.... Ho bonahala hore motho ha a khanna koloi ea hae, o ikutloa eka o sireletsehile kotsing, ’me ka hona o lokolohile ho ntša khalefo ea hae le masoabi a hae a sa tšoenyehe ka liphello.”
Leha ho le joalo, hangata bakhanni ba mabifi ba amohela liphello tsa hoo—ka mokhoa oa matsoho a robehileng, maqeba sefahlehong, masapo a robehileng, ’me ka linako tse ling lefu. Joale, u tla itšoara joang ha mokhanni e mong a feta ka lebelo le leholo ’me a kena ka pel’a hao, ka ho hloka mamello a letsa lenaka la koloi, kapa a khanna butle ha uena u potlakile? Bakreste ba laeloa ho “apara motho e mocha.” Sena se bolela ‘ho falatsa tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena le komang le ho seba le lonya lohle.’—Ba-Efese 4:24, 31.
Empa haeba u felloa ke boitšoaro kapele kapa u bontša ho hloka mamello, ka ho loketseng batsoali ba hao ba ka tšaba hore u ka bontša maikutlo a mabe joalo tseleng.
Ntlafatsa Tsebo ea Hao ea ho Khanna
Ngaka Robert B. McCall o botsa batsoali: “Na u khotsofetse ka tsebo, boikutlo, mamello, lebelo, polokeho, le kotsi ea [ngoana oa hao]?” Ha ho joalo ho batsoali ba bangata.
Kahoo u lokela ho ntlafatsa tsebo ea hao ea ho khanna ho feta feela ho tseba ho emisa koloi ka pel’a e ’ngoe. Haeba ho le teng mekhoa leha e le efe ea thupelo ea ho khanna e fanoang sekolong, na u e nka ka botebo? U tlameha ho tseba melao ea tsela—e seng feela ho e bala e le hore u fete tlhahlobo ea ho khanna. Hape, hopola hore matla a motho a koetlisoa ke “ho sebelisoa” ’me kahoo tsebo ea ho khanna e hōlisoa ke phihlelo. (Ba-Heberu 5:14) “Sebelisa tsebo, sebelisa tsebo, sebelisa tsebo,” ho eletsa mokhanni ea tsebahalang Lyn St. James makasineng oa Seventeen. “Iphe nako e lekaneng ea ho ikutloa u lokolohile ha u khanna.”
Ba bang ba fana ka keletso ea hore mocha o lokela ho fumana phihlelo ea ho khanna ka likhoeli tse tšeletseng pele a fumana lengolo la ho khanna le sa ngoloang lithibelo. Ho na le lenane le leholo la lintho tseo u lokelang ho li tseba hantle: ho thinya, ho fetola mola oo u khannang ho ’ona, ho qoba boemo bo tšohanyetsang, esita le ho sebetsana le ho thella ha mabili a koloi ka baka la tsela, le sephethephethe se boima. Ha u ntse u fetoha mokhanni ea nang le phihlelo e eketsehileng, batsoali ba hao ba tla u tšepa ka ho eketsehileng.
Batsoali ba hao ba tla khotsofala haeba u iponahatsa u le seli ka polokeho. Le hoja u ka ’na ua talima mabanta a sireletsang a koloi e le ntho e se nang thuso, batho babang ba bolela hore a fokotsa likotsi tsa ho shoa ka hoo e ka bang karolo ea 50 lekholong! Hape ke ho bohlale ho hōlisa mokhoa oa polokeho (liipone, moea mabiling, menyako, oli e lutlang, le tse joalo) pele u lumisa koloi.
“Ntate, Na Nka Sebelisa Koloi Mantsiboea?”
Haeba u ipakile u le ea khannang ka polokeho, batsoali ba hao ba ka ’na ba lumela (mohlomong ka monyebe) ho u neha koloi. Leha ho le joalo, u tla lekanyetsoa tšebeliso ea koloi—bonyane lekhetlong la pele. Lebaka le leng hape, batsoali ba hao le bona ba hloka sepalangoang, ’me u ke ke ua lebella hore ka mehla ba behelle merero ea bona ka thōko e le hore u phethe ea hao.
Boholo ba taba bo itšetlehile kamoo u sebelisang tokoloho e ncha eo u e fumaneng. Ho khutlisa koloi ea lelapa e se na petrole kapa ho lahletsoe makotikoti a lino-mapholi kapa lipampiri fatše ke tsela e tiileng ea hore menyetla ea hao ea ho khanna e tla thibeloa. Batsoali ba hao ba ka rata ho qaqisa (mohlomong ka ho ngola haeba ho hlokahala) maemo ao u lokelang ho sebelisa koloi ka ’ona. Ka lehlakoreng le hao, mohlomong u ka lumela ho hlatsoa koloi le ho e tlotsa ka polishe, ho e tlatsa petrole, ho hlahloba mabili le metsi kapa oli ho tla u tiisetsa ho e sebelisa nakong e ’ngoe. Haeba u ena le mosebetsi ka mor’a sekolo, u ka ’na ua ithaopela ho lefa tšireletso ea koloi kapa litšenyehelo tse ling tsa eona.
Ka ho tseba hore Bibele e nyatsa ho lumella mora kapa morali ‘ho ipusa,’ ka ho loketseng batsoali ba hao ba tla batla ho tseba moo u eang teng, bao u tsamaeang le bona, le hore le tla khutla neng. (Liproverbia 29:15) Lengolo la ho khanna koloi hase lengolo la ho khanna ka bohlasoa kapa ho itšoara hampe le ba batona kapa le ba batšehali. Kahoo tšepahala ho batsoali ba hao, ba tsebise hore ha ho letho leo u ba patelang lona. ’Me ha le lumellane ho khutla ka nako e itseng, boloka lentsoe la hao. (Mattheu 5:37) Sena se tla thusa haholo hore le nakong e tlang ba u alime koloi.
Leha ho le joalo, hopola: U na le boikarabelo ka pel’a batsoali ba hao le Molimo ho mamela melao ea tsela. (Ba-Roma 13:1-5) Ha bohlokoa ka ho fetisisa, u na le boikarabelo ba ho bontša tlhompho ea bophelo—bophelo ba hao le ba ba bang. (Pesaleme ea 36:9; 55:23) Kahoo qoba boikutlo ba boikhohomoso kapa likotsi tse booatla. Le ka mohla u se kopanye ho noa le ho khanna.a Khanna ka tsela e bontšang boikarabelo, ka kelello e hlaphohileng, ka polokeho—’me batsoali ba hao ba ka thabela ho u neha koloi ea lelapa hore u e sebelise ka ho lekanyelitsoeng!
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Bona “Ke Eng se Phoso ka ho Noa le ho Khanna?” tokollong ea March 8, 1986, ea Tsoha!
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Ka mehla khutlisa koloi batsoali ba hao e le boemong bo botle