Haufinyane Bokebekoa ‘Ha Bo Sa Tla Hlola Bo E-ba Teng’
“Ho setse nakoana e seng kae, ’me ea khopo ha a sa tla hlola a e-ba teng.”—PESALEME EA 37:10.
’MŌPI oa rōna, Jehova Molimo, o thahasella ka ho teba batho bao a ba bōpileng; hase hore ha a ba tsotelle joalokaha ba bang ba lumela joalo. (Pesaleme ea 11:4, 5) Ho feta moo, o bona liketso tsohle tsa bokebekoa le ho hloka toka, ho akarelletsa le tseo batho ba sa li boneng. “Mahlo a Jehova a sebakeng se seng le se seng, a lula a talimile ba babe le ba molemo.” (Liproverbia 15:3) Kahoo u ka kholiseha hore ruri ba khopo ba “moo ho thellang.”—Pesaleme ea 73:12, 18.
Empa ba sa tšoauoeng phoso le ba khabane, le hoja mohlomong ba futsanehile ’me ba tšoeroe hampe, ba na le bokamoso bo hlollang. Mopesaleme Davida o ile a ngola a re: “Sheba ea sa tšoauoeng phoso ’me u talime ea lokileng, etsoe bokamoso ba motho eo bo tla ba le khotso.” (Pesaleme ea 37:37) Mantsoe ao a ka re tšelisa haholo kajeno, hobane re na le tšepo ea hore haufinyane re tla bona ha a phethahala lefatšeng ka bophara.
Re Phela Matsatsing a ho Qetela
Lilemong tse fetileng tse ka bang 2 000, barutuoa ba Jesu ba ile ba mo botsa potso ea bohlokoa haholo. Ba ile ba re: “Re bolelle, . . . pontšo e tla ba efe . . . ea qetello ea tsamaiso ea lintho [lefatše la batho ba ikarotseng ho Molimo]?” (Matheu 24:3) Karabo ea Jesu e qaqileng e ka fumanoa ho Matheu khaolo ea 24, ho Mareka khaolo ea 13 le ho Luka khaolo ea 21. Litlaleho tsena tse lumellanang tsa Kosepele li hlalosa matsatsi a qetellang a lefatše lena hore a ne a tla tšoauoa ka lintoa, litlala, mafu, litšisinyeho tse khōlō tsa lefatše le keketseho e khōlō ea tlōlo ea molao.
Maemo a mabe haholo ao Jesu a ileng a a bolela esale pele a qalile ka 1914. Joalokaha rahistori Eric Hobsbawm a boletse bukeng ea hae e bitsoang Age of Extremes, “ntle ho pelaelo [lekholo la bo20 la lilemo] e bile le tletseng tšollo ea mali ka ho fetisisa historing.”
Ha Bibele e bua ka keketseho ea bobe e teng hajoale, e re: “Ha ba khopo ba hlōmela joaloka limela [’me] bohle ba tloaetseng ho etsa se kotsi ba thunya, ke hore ba felisoe ka ho sa feleng.” (Pesaleme ea 92:7) Ka sebele bopaki bo hlakile: Ho ngatafala ha tlōlo ea molao kajeno—ho tšoanang le ho hlōmela ha limela tse tlokomang—ruri ke pontšo ea hore haufinyane ba khopo ba tla timetsoa! Na tsee hase litaba tse molemo?—2 Petrose 3:7.
“Ba Lokileng ba Tla Rua Lefatše”
Pesaleme ea 37:29 e re: “Ba lokileng ba tla rua lefatše, ba tla lula ho lona ka ho sa feleng.” Liketso tsohle tsa bokebekoa le ho hloka toka li ke ke tsa hlola li e-ba teng. Kahoo, lintho tsohle tse amanang le bokebekoa li ke ke tsa hlola li e-ba teng: lialamo tsa tšireletso, linotlolo, makhotla, babuelli ba molao, mapolesa le batšoaruoa. Bibele e tšepisa hore “lintho tsa pele li ke ke tsa hopoloa, kapa tsa fihla ka pelong.”—Esaia 65:17.
Ka sebele, batho ba tla bona phetoho eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng lefatšeng. (Esaia 11:9; 2 Petrose 3:13) Ena ke tšepo e tiileng eo Lipaki Tsa Jehova li nang le eona, ’me li u mema hore u inoese ka nkho hore haufinyane e tla phethahala. Hopola hore Ea bululetseng Mangolo a Halalelang ke ea “ke keng a bua leshano.”—Tite 1:2.
[Lebokose /Setšoantšo se leqepheng la 9]
HO THUSA BATŠOARUOA HO TSEBA MOLIMO
Lilemong tse fetileng Lipaki Tsa Jehova, United States, li amohetse mangolo a tsoang ho batšoaruoa ba literonkong, lipetlele le litsing tsa tšokollo ea makhoba a lithethefatsi tse 4 169. Batšoaruoa ba bang ba kōpa lingoliloeng tsa Bibele; ba bang ba kōpa ho khanneloa thuto ea Bibele e sa lefelloeng. Lipaki tse tšoanelehang li iteanya le batho ba entseng likōpo tseo. Ha e le hantle, Lipaki lefatšeng ka bophara li lula li ea literonkong ho ea khannela batšoaruoa ba banna le ba basali thuto ea Bibele, ba batlang ho ithuta ka Molimo. Ba bangata ba entse liphetoho tse khōlō, ’me e se e le Bakreste ba kolobelitsoeng le ba hlomphang molao.