Meetlo ea Boholo-holo Mexico ea Kajeno
KA MONGOLI OA TSOHA! MEXICO
LITUMELO le lineano tsa boholo-holo tsa bolumeli li sa le teng Mexico mehleng ena ea kajeno eo ho sebelisoang liselefouno le Inthanete. Ho theosa le lilemo tse makholo, meetlo ea Maindia e ile ea tsoakana le lineano tsa Kereke ea Roma e K’hatholike. Ha e le hantle lineano tseo e ntse e le karolo ea borapeli ba Mak’hatholike a Mexico.
Ka mohlala, selemo le selemo batho ba bangata ba Mexico ba ea mabitleng ka la 2 November ho ea keteka Letsatsi la Meea Eohle, leo hape le bitsoang Letsatsi la Bafu. Baratuoa ba shoeleng ba ka ’na ba sieloa lipalesa, lijo le joala. Ba bang ba bile ba lokisetsa hore ho be le lihlopha tsa ’mino tse letsang lipina tseo baratuoa ba bona ba neng ba li rata. Mak’hatholike a mangata a boetse a haha lialetare malapeng a ’ona ’me a ka ’na a beha lifoto tsa baratuoa ba ’ona ba shoeleng ho tsona.
Enciclopedia de México e re meetlo e meng e etsoang meketeng ea bafu ho bonahala e “ntšetsa pele meetlo e neng e etsoa meketeng ea Maindia khoeling ea ochpaniztli le ea teotleco, ha manes [meea ea bafu] e ne e fuoa lipalesa tsa cempasúchil le maqebekoane a bohobe ba poone nakong ea kotulo ea selemo—bofelong ba October le mathoasong a November.” Joalokaha encyclopedia ena e bolela, meetlo e meng e tšoana le e neng e etsoa nakong ea pele Masepanishe a hapa naha ena, ho akarelletsa e etsoang meketjaneng e meng ea boithabiso.
Tlhompho ea Borapeli
La 12 December ke letsatsi la phomolo la Mak’hatholike a Mexico. Letsatsing leo, litho tse likete tsa kereke tse tsoang likarolong tse ling tsa Mexico li khobokana kerekeng ea Mofereko oa Guadalupe e Leralleng la Tepeyac, Mexico City. Ba bangata ba qeta matsatsi ba tsamaea ba rapela Mofereko tseleng. Ka tloaelo, ha ba fihla kerekeng ba kena ba khumame (ka holimo) ’me ba nyehela lirosa.
Kajeno litšoantšo tsa Mofereko oa Guadalupe li boetse li fumanoa malapeng, liteisheneng tsa libese le libakeng tse ling tsa sechaba. Mofereko oa Guadalupe o fuoe litlotla tse kang “’M’a Molimo” le “Setšoana sa Tepeyac.” Ho tloha lekholong la bo16 la lilemo, balumeli ba ’nile ba re oa folisa ebile o etsa mehlolo e meng.
Qaleho ea Borapeli Boo
Ho rapeloa ha molimotsana hammoho le lintho tse ling tse etsoang ka letsatsi leo la phomolo, ho qalile khale borapeling ba Maaztec a neng a rapela molimotsana Cihuacóatl eo hape a bitsoang Tonantzin, e bolelang “’M’a Rōna e Monyenyane.” Buka e bitsoang México a través de los siglos (Mexico ho Theosa le Makholo a Lilemo) e re Maaztec ke ’ona a tlisitseng molimotsana enoa le mora oa hae, Huitzilopochtli, sebakeng se bitsoang Tenochtitlán—eo pele e neng e le motse-moholo oa ’Muso oa Maaztec, oo hona joale e leng Mexico City.
Maspanishe a ile a senya tempele ea Cihuacóatl, e Leralleng la Tepeyac. Ho ea ka neano, ke hona mona moo Mofereko oa Guadalupe a ileng a itlhahisa ho Juan Diego, eo e neng e le letsoalloa la India, pele ho feta lilemo tse 40 ka mor’a hore Columbus a fihle k’honthinenteng eo. Ho boleloa hore o ile a kōpa hore a haheloe sehalalelo sebakeng seo.
Maaztec a ne a hlompha Cihuacóatl haholo. Ho thoe o ne a e-na le moriri o molelele, a sa o lohe ’me a apara mose o mosuoe. Monyako o kenang ka tempeleng ea hae o ne o le tlaase hoo motho a neng a tlameha ho kena a khumame. Ha morapeli a se a kene ka hare o ne a bona setšoantšo sa hae se pota-potiloe ke litšoantšo tse ling, e leng ho neng ho etsa hore a bonahale eka ke “’mè oa melimo e meng.”
Mokete o neng o etsetsoa Cihuacóatl o ne o akarelletsa ho etsa mahlabelo ka batho, ho tantša le ho etsa mokoloko oa bahlabani ba khabileng “ka lirosa matsohong, molaleng le hloohong.” Limpho tsena li ne li siuoa holim’a tempele e le linyehelo ho Huitzilopochtli. Maindia a mang, ho akarelletsa a mangata a tsoang Guatemala, a ne a tsamaea lik’hilomithara tse fetang 1 500 ho ea moketeng oa Cihuacóatl.
Na Hoa Tsotelleha Hore na bo Simolohile Hokae?
Ho rapela ha Mak’hatholike setšoantšo sa Mofereko oa Guadalupe ho bontša ka ho hlaka hore ho simolohile litšebeletsong tsa borapeli tsa batho ba neng ba sa rapele Molimo oa ’nete eo Bibele e buang ka eena. (Pesaleme ea 83:18) Na hoo hoa tsotelleha? Na ho hlile hoa tsotelleha hore na borapeli bo simolohile hokae?
Moapostola Pauluse o ile a fana ka keletso e bohlale ntlheng ena, a re: “Le se ke la kena jokong e sa lekaneng hammoho le ba sa lumelang. . . . Ho na le tumellano efe pakeng tsa Kreste le Beliale? Kapa motho ea tšepahalang o na le kabelo efe le ea sa lumelang?” Pauluse o ile a boela a re: “Nepisisang lintho tsohle; le tšoarelle ka tieo ho se setle.”—2 Bakorinthe 6:14, 15; 1 Bathesalonika 5:21.
Keletso eo e loketse le kajeno. Re lokela ho nahanisisa ka borapeli ba rōna ho Molimo ’me re ipotse: ‘Na tsela eo ke rapelang ka eona e lumellana le se rutoang ka Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele? Kapa na likarolo tse ling li tsoa borapeling ba batho ba neng ba sebeletsa melimo ea bohata?’ Motho ea lakatsang ho khahlisa Jehova Molimo oa ’nete, ka bohlale o tla batla ho fumana likarabo tsa lipotso tseo.
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Litho tsa kereke li fihla kerekeng ea Mofereko oa Guadalupe
[Setšoantšo se leqepheng la 23]
Libini mabitleng, ka la 2 November