Mehaho ea Borapeli—Na Rea e Hloka?
‘Baeti ba likete ba balumeli ba apereng liaparo tse mebala-bala ba tsoang likarolong tse fapaneng tsa naha, lihlopha tse tilinyang meropa tsa Maindia tse etsang metjeko eo ho lumeloang hore e tšoana le ea pele Masepanishe a hapa likarolo tsa Amerika Boroa le balumeli ba khasang habohloko ka mangole har’a matšoele a eang sehalalelong, ba tletse lebala le literata tse potolohileng basilica.’
KE KAMOO koranta ea El Economista e ileng ea hlalosa sekhakhatha se neng se khobokane ka December 2001. Nakong eo batho ba ka bang limilione tse tharo ba ne ba etetse basilica e Mexico City ho bontša hore ba lumela ho Mofereko oa Guadalupe. Mehaho e meholo ea bolumeli joaloka Basilica ea Mohalaleli Petrose e Roma, le eona e eteloa ke baeti ba bangata.
Batho ba bangata ba ratang ho rapela Molimo ba na le maikutlo a hore mehaho ea bolumeli e khethehile ’me e lokela ho hlomphuoa. Maria oa Brazil o re: “Kereke e ne e le mohaho o nkatametsang ho Molimo. E ne e le mohaho o halalelang. Ke ne ke lumela hore ho ea kerekeng ho hloekisa moea le hore e ne e le sebe ho se ee ’Miseng le maipolelong ka Sontaha se seng le se seng.” Consuelo oa Mexico o re: “Kereke e ne e etsa hore ke ikutloe ke halalela; ke ne ke nka e le ea bohlokoa haholo. Ha ke le kerekeng ke ne ke utloa eka ke leholimong.”
Le hoja ba bang ba nka hore likereke ke tsa bohlokoa ka ho fetisisa, ba bang bona ba nka hore ke mehaho e sa hlokahaleng ea borapeli. Ha Peter Sibert, eo e leng moprista oa K’hatholike Engelane a bua ka palo e nyenyane ea ba tlang kerekeng, o re: “[Batho] ba khetha likarolo tsa bolumeli tseo ba li ratang. Batho ba bangata ba baholo ke Mak’hatholike ’me ba phelela tumelo ea bona, empa bacha bona ba nka hore ha ho letho le ba tlammeng.” Daily Telegraph ea London ea la 20 November, 1998, e ile ea re: “Ho tloha ka 1979 ho se ho koetsoe likereke tse ka bang 1 500 Engelane ha ho bapisoa le tse 495 tse butsoeng le tse 150 tse hahiloeng bocha.”
Ka 1997 koranta ea Süddeutsche Zeitung ea Munich, Jeremane, e ile ea re: “Likereke li fetoloa mehaho ea ho shebella libaesekopo le lifolete: Balumeli ha ba sa tla kerekeng, mehaho ea borapeli e sebelisetsoa merero e meng. . . . Se etsahalang Netherlands kapa Engelane sea etsoa le Jeremane.” E ile ea phaella ka ho re: “Lilemong tse seng kae tse fetileng, motho a ka fumana hore ho rekisitsoe likereke tse ka bang 30 kapa 40 Jeremane.”
Na ehlile mehaho ea bolumeli ea hlokahala bakeng sa ho rapela Molimo? Na ho haha li-basilica le likereke tse majabajaba ho na le mohlala ka Mangolong? Ke mehaho ea mofuta ofe e ’nileng ea sebelisetsoa borapeli ba Molimo oa ’nete le ea phelang? E re ruta’ng mabapi le hore na ebe mehaho ea borapeli ea hlokahala le mabapi le hore na ebe ho lokela hore ho etsoe’ng ho eona?