Tsa Mona le Mane
◼ Lilemong tse tšeletseng tse fetileng, “batho ba ka bang 100 000 . . . ba bolailoe United States.”—THE NEW YORK TIMES, U.S.A.
◼ Mocha o mong oa Inthanete o hlakotse mabitso a batho ba 29 000 ba neng ba o sebelisa ba fumanoeng ba le molato oa ho hlekefetsa batho ka tsa thobalano. Moeletsi oa ’Muso litabeng tsa molao Connecticut, e leng Richard Blumenthal, o itse: “Ho hlokahala hore ho nkoe khato kapele ka lebaka la keketseho e khōlō ea batho ba kenyang boitsebiso ba bona [mocheng ona] ba hlekefetsang ba bang ka tsa thobalano.”—REUTERS NEWS SERVICE, U.S.A.
◼ “Chaena e na le leqeme la mabitso. . . . Phuputso e entsoeng sechabeng ka 2006 e bontšitse hore ba ka etsang karolo ea 85 lekholong . . . baahing ba limilione tse likete li 1,4 Chaena, ba sebelisa lifane tse lekholo feela.”—CHINA DAILY, CHAENA.
◼ K’hilomithareng ka ’ngoe eo “bakhanni ba lithuthuthu ba e tsamaeang, ba na le menyetla e 32 ea ho shoa” likotsing tsa litseleng ho feta ba tsamaeang ka likoloi.—UC BERKELEY WELLNESS LETTER, U.S.A.
Lipaki Tsa Jehova li Ngolisoa ka Molao Turkey
Ka la 31 July, 2007, ba boholong Turkey ba ile ba tsebisa Lipaki Tsa Jehova hore li ngolisitsoe e le mokhatlo oa molao oa bolumeli. Boemo bona bo etsa hore li be le tokelo ea ho reka litša, ho hira libaka tseo li ka kopanelang ho tsona, ho amohela menehelo le ho sireletsa litokelo tsa tsona makhotleng haeba ho hlokahala.
Inthanete e “Etsa Hore Batho ba se ke ba Ithiba”
Phatlalatsong e ’ngoe ea litaba, mocha o mong oa boitsebiso oa Inthanete Jeremane, oo morero oa oona e leng ho thusa banyalani hore ba tsoe balekane ba bona tlaase, o ile oa ithorisa ka hore o sebelisoa ke batho ba 310 000 le hore ka letsatsi ho ngolisa ba bacha ba 1 000. Mokhatlo oo o ile oa ikotla sefuba ka hore o thusa batho hore ba tsoe balekane ba bona tlaase “motho a sa itsebahatse ho hang.” Mookameli e mong oa mokhatlo oo o itse: “Hore ebe batho ha ba tsebane Inthaneteng, ho etsa hore ba se ke ba ithiba.” E mong eena o ile a re o kholisehile hore Inthanete e tla etsa hore ho se tšepahale lenyalong ho ate le ho feta.
Mesaletsa ea Lintho Tsa Khale e Fanang ka Mathata
Bo-rasaense ba atisa ho hlalosa hore “mehato” ea ho qetela ea “ho iphetola ha motho” e bile ho tloha ho Homo habilis ho ea ho Homo erectus, ea ntan’o ba “motho,” e leng Homo sapiens. Leha ho le joalo, ho fumanoa ha mesaletsa e ’meli libakeng tse atamelaneng Kenya, hona joale ho entse hore bo-rasaense ba bang ba bolele hore Homo habilis le Homo erectus, tseo pele ho neng ho nahanoa hore ke baholo-holo ba motho, li phetse ka nako e le ’ngoe. Meave Leakey, e mong oa ba ngotseng tlaleho ena, o re: “Ho phela ha tsona ka nako e le ’ngoe ho bontša hore Homo erectus ha ea iphetola ho tsoa ho Homo habilis.”
Na Boemo ba Leholimo bo Mpefala Haholo Mafelong a Beke?
Majeremane a mangata a belaela hore boemo ba leholimo boa mpefala mafelong a beke ho feta har’a beke. Der Spiegel e tlaleha hore ha ho hlahlobisisoa tlaleho ea boemo ba leholimo bo bileng teng ka lilemo tse fetileng tse 15 libakeng tse sa tšoaneng Jeremane, ho ka ’na ha fumanoa hore seo ba se belaellang ke ’nete. Letsatsi le futhumetseng haholo ke Laboraro, le pholileng haholo ke Moqebelo. Ka Moqebelo, pula e na ho feta har’a beke ka karolo ea 15 lekholong, ’me e na hangata ka karolo ea 10 lekholong ho feta ka Mantaha, e leng letsatsi le ommeng ka ho fetisisa bekeng. Ka Labobeli letsatsi le chaba ka karolelano ea metsotso e 15 ho feta kamoo le chabang kateng ka Moqebelo. Ba etsang lipatlisiso ba nahana hore mesi e eang sepakapakeng har’a beke ea pakellana ho ella mafelo-bekeng, ebe khanya ea letsatsi ha e phunyeletse ’me seo se etsa hore maru a be teng.