Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/08 maq. 4-5
  • Ho Hōlisa Bacha—Kamoo Kutloisiso e ka U Thusang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Hōlisa Bacha—Kamoo Kutloisiso e ka U Thusang
  • Tsoha!—2008
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Se Susumetsang Tsela eo ba Itšoarang ka Eona
  • Hobane’ng ke sa Khone ho ba Boinotšing Nako e Eketsehileng?
    Tsoha!—1988
  • Ho Hōlisa Bacha—Kamoo Bohlale bo ka U Thusang
    Tsoha!—2008
  • Ba Tobana le Mathata Afe?
    Tsoha!—2009
  • Na ke Phoso ho Batla ho ba Boinotšing?
    Tsoha!—2010
Bala Tse Ling
Tsoha!—2008
g 6/08 maq. 4-5

Ho Hōlisa Bacha—Kamoo Kutloisiso e ka U Thusang

A re nke hore u ne u etetse naheng e ’ngoe ’me u sa tsebe puo ea moo. Ha ho pelaelo hore ho ne ho tla ba thata ho buisana le batho ba moo, empa u ne u ka khona ho buisana le bona. Ka mohlala, buka e hlalosang mantsoe e ne e ka u thusa hore u ithute mantsoe a motheo a puo eo. Kapa mohlomong motho e mong o ne a ka u tolokela e le hore u utloisise seo ba bang ba se buang—’me le bona ba utloisise seo u se buang.

KA LINAKO tse ling batsoali ba hōlisang bacha ba ka ’na ba ikutloa ba le boemong bo tšoanang le boo. Feela joaloka puo ea naheng e ’ngoe, ho ka ’na ha e-ba boima hore ba utloisise tsela eo bacha ba itšoarang ka eona, empa ho ka khoneha hore ba e utloisise. Habohlokoa ke hore batsoali ba leke ho utloisisa se etsahalang nakong ena ea khōlo eo ka linako tse ling e thabisang empa hangata e ba e ferekanyang.

Se Susumetsang Tsela eo ba Itšoarang ka Eona

Hase kamehla e leng pontšo ea borabele ha mocha a lakatsa ho ba le bolokolohi bo itseng. Hopola hore Bibele ea lumela hore ha nako e ntse e ea, “monna [o] tla siea ntat’ae le ’m’ae.” (Genese 2:24) E le hore bacha ba itokiselletse ho jara boikarabelo bo eketsehileng ha e se e le batho ba baholo, ba lokela hore bonyane ba tsebe ho iketsetsa liqeto tse itseng.

Nahana ka seo e ka ’nang eaba se susumelitse bacha hore ba itšoare ka tsela eo batsoali ba qotsitsoeng sehloohong se fetileng ba ileng ba e hlokomela.

Lia, oa Brithani, o ile a tletleba ka hore: “Ka ho panya ha leihlo feela, mora oa rōna o ile a bonahala e se e le motho ea tsitlellang maikutlong a hae le ea seng a sa rate ha re mo laela.”

Bacha le bona ho tšoana le bana ba banyenyane, ba lula ba botsa hore na, “Hobane’ng?” Empa hona joale ba ka ’na ba se ke ba khotsofalla karabo e khutšoanyane feela. Hobane’ng ha ho le joalo? Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Ha ke ne ke le ngoana, ke ne ke . . . nahana joaloka ngoana.” (1 Bakorinthe 13:11) Ha bacha ba ntse ba ntlafatsa matla a bona a ho nahana, ba lokela ho hlalosetsoa lintho ka tsela e pharaletseng e le hore “matla a bona a ho lemoha” a ka koetlisoa.—Baheberu 5:14.

John, oa Ghana, o ile a re: “Barali ba rōna ba ile ba qala ho tšoenyeha ka seo ba leng sona, haholo-holo ka tsela eo ba shebahalang ka eona.”

Ebang nako ea ho kena bohlankaneng kapa boroetsaneng e fihla pele ho nako e tloaelehileng, kapa e fihla ka nako e tloaelehileng kapa e lieha ho fihla, ha bacha ba bangata ba fihla nakong eo ba qeta nako e ngata ba nahana ka chebahalo ea bona kaha ba hōla ka sekhahla. Banana ba ka ’na ba thabela seemo sa bona se secha sa ’mele kapa ba se ke ba se rata—mohlomong ha e-ba le lintho tse itseng tseo ba sa li rateng ’meleng ea bona kapa tseo ba li ratang. Kaha ba qala ho tsoa makhopho le ho sebelisa litlolo, ho bonolo ho utloisisa hore na ke hobane’ng ha bacha ba ka ’na ba bonahala ba qeta nako e ngata ba ichebile ka seiponeng ho feta eo ba e qetang ba bala libuka tsa bona tsa sekolo.

Daniel, oa Philippines, o re ha a hlalosa: “Bana ba rōna ba ne ba se ba e-na le liphiri ba bile ba batla ho qeta nako e eketsehileng ba le bang. Hangata ba ne ba khetha ho qeta nako ba e-na le metsoalle ea bona ho e-na le ho e qeta ba e-na le rōna.”

Ho ba le liphiri ho ka ba kotsi. (Baefese 5:12) Empa ho qeta nako u le mong ke taba e fapaneng. Esita le Jesu o ile a bona ho hlokahala hore a batle “ho ea sebakeng se thōko bakeng sa ho ea ba mong.” (Matheu 14:13) Ha bacha ba ntse ba hōla, le bona ba hloka hore ba be le nako ea ho ba boinotšing—’me ba ka rata hore batho ba baholo ba hlomphe nako eo. Ho ba le nako e itseng ba le boinotšing ho thusa bacha hore ba nahane lintho hantle—e leng se tla ba thusa ha e se e le batho ba baholo.

Ka ho tšoanang, ho ithuta ho etsa setsoalle le batho ba bang ke karolo ea ho hōla. Ke ’nete hore “litloaelano tse mpe li senya mekhoa e metle.” (1 Bakorinthe 15:33) Empa ka nako e tšoanang, ho joalokaha Bibele e re: “Motsoalle oa ’nete o lerato ka linako tsohle, ’me ke mor’abo motho ea tsoaletsoeng ha ho e-na le mahlomola.” (Liproverbia 17:17) Ho ithuta ho etsa setsoalle se molemo le ho se ntšetsa pele ke taba ea bohlokoa, e tla tšoarella le ha motho a se a hōlile.

Ha batsoali ba tobane le boemo leha e le bofe ho a boletsoeng ka holimo, ba lokela ho ba le kutloisiso e le hore ba se ke ba hlalosa hampe tsela eo bana ba bona ba lilemong tsa bocha ba itšoarang ka eona. Ho hlakile hore batsoali ba lokela ho ba le kutloisiso hammoho le bohlale, e le hore ba khone ho sebetsana le boemo ka tsela e tla hlahisa litholoana tse molemo. Batsoali ba nang le bana ba bacha lilemong ba ka etsa seo joang?

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Ha bacha ba ntse ba ntlafatsa matla a bona a ho nahana, ba lokela ho hlalosetsoa ka tsela e pharaletseng hore na ke hobane’ng ha ho behiloe melao e itseng ka lapeng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela