Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 5/09 maq. 8-10
  • Ntho e Molemo ho Feta Meriana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntho e Molemo ho Feta Meriana
  • Tsoha!—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Melao-motheo e re Tataisang Bophelong
  • Nako eo ka Eona Mathata a Rōna a Tla Beng a Felile
  • Ho Noa Meriana ka ho Ikutsoa
    Tsoha!—2009
  • Meriana ea Ngakeng—ho e Sebelisa Hantle le Hampe
    Tsoha!—2009
  • Na Ntoa e Khahlanong le Lithethefatsi e ka Hlōloa?
    Tsoha!—1999
  • Kamoo U ka Sireletsang Bana ba Hao Kateng
    Tsoha!—2003
Bala Tse Ling
Tsoha!—2009
g 5/09 maq. 8-10

Ntho e Molemo ho Feta Meriana

HA Lena, ea boletsoeng sehloohong sa pele, a le lilemo li 32, “o ne a lula a ikutloa a le molato, a sithabetse ’me a nahana ka lefu,” lebaka le ka sehloohong e le hore o ne a sebelisa lipilisi hampe. “Kaha ke ne ke nyetsoe ke bile ke e-na le bana, ke ne ke batla ho etsa se nepahetseng, empa ke ne ke hloname ke bile ke saretsoe hoo ke neng ke sa bone molemo oa ho etsa se nepahetseng. Ke ile ka leka ka makhetlo a seng makae, empa ka hlōleha.”

Joale Lena o ile a qala ho ithuta Bibele le Lipaki Tsa Jehova. Ka mor’a nakoana, ’nete ea Bibele e ile ea mo fa khotso ea kelello le khatholoho, e leng seo a reng ke “boikutlo bo hlollang ka ho fetisisa boo nkileng ka ba le bona.” Ho utloisisa melao-motheo ea Bibele le ho ba le tšepo e hlollang ka bokamoso ho ile ha mo susumelletsa hore a fetole tsela eo a phelang ka eona ’me a khaotse ho lemalla meriana.

Melao-motheo e re Tataisang Bophelong

’Mōpi oa rōna, Jehova Molimo, ka ho khetheha o re etselitse melao le melao-motheo e fumanoang ka Bibeleng. Pesaleme ea 19:7, 8 e re: “Molao oa Jehova o phethahetse, o hlasimolla moea. . . . Litaelo tse tsoang ho Jehova li lokile, li thabisa pelo; taelo ea Jehova e hloekile, e etsa hore mahlo a khanye.”

Ka mohlala, 2 Bakorinthe 7:1 e re phehella hore “re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” Lena o ile a nahanisisa ka temana eo ea Bibele, ’me sena sa mo thusa hore a khaotse mokhoa oo oa hae o litšila. Ho ile ha etsahala se tšoanang ka Myra, eo le eena a boletsoeng sehloohong sa pele. Mohlomong ua hopola hore o ile a lemalla lipilisi tseo ngaka e neng e mo file tsona bakeng sa hlooho. Myra o ile a etsa’ng ka bothata boo? O ile a buisana ka botšepehi le ngaka ea hae, e ileng ea mo thusa hore a fumane phekolo e ’ngoe.a Ho phaella moo, o ile a thusoa ke khothatso e tsoang phuthehong ea Bokreste.

Lena le Myra ba ile ba boela ba rapella thuso. Bafilipi 4:6, 7 e re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.” Mohlanka e mong oa Molimo oa boholo-holo ea ileng a ba le khotso e joalo ea kelello o ile a ngola hore ha “menahano ea [hae] e hlokisang botsitso e ngatafala,” mantsoe a khothatsang a Molimo a ile a mo khoba matšoafo, a mo tšelisa ’me a mo thabisa pelo. (Pesaleme ea 94:19) Motho a ka fumana mantsoe a kang ana a khothatsang ka Bibeleng le ha a khothatsoa a bile a tšehetsoa ke metsoalle e molemo ea Bakreste, e akarelletsang baholo ba Bakreste.

Leha ho le joalo, ka linako tse ling motho a ka ’na a ikutloa a sa tšoanelehe ka ho feletseng ka lebaka la ho sebelisa meriana hampe. Mokreste e mong ea bitsoang Janice, ea neng a lemaletse meriana ka lilemo tse ngata, o ile a ngola a re: “Batho ba lemaletseng meriana ba ka ’na ba fokola moeeng ’me ba itlhoea hoo ba thatafalloang kapa ba sa khoneng hore ba ithapelle ho Jehova ho kōpa thuso.” Ha ba le boemong boo, ke habohlokoa haholo hore ba kōpe thuso ho Bakreste ba hōlileng tsebong. Khothatso ea bona e fanoang ka lerato le ka mamello le lithapelo tsa bona tse etsoang ka tumelo li ka “etsa hore ea sa ikutloeng hantle a fole.” (Jakobo 5:15) Ka ho hlakileng, haeba ngoana a lemaletse meriana, batsoali ba lokela ho mo thusa moeeng ’me ba mo ise ngakeng e le hore a hlaphoheloe ’me a se ke a khutlela mokhoeng oo.

Janice o ile a ea setsing sa batho ba nang le bothata ba lithethefatsi, moo a ileng a hlōla bothata ba hae ’me a khaotsa ho sebelisa meriana hampe. O ile a ngola, a re: “Ke itšetleha ka Jehova hore a nthuse ha ho le boima. Hona joale ke na le khutso, ’me ke boetse ke khutlela bothong ba ka ba khale ba ho rata mesoaso.”

Nako eo ka Eona Mathata a Rōna a Tla Beng a Felile

Nako ea tla eo ka eona ho ke keng ha hlola ho e-ba le meriana kapa lithethefatsi. Hobane’ng? Tšenolo 21:3, 4 e araba tjena: “Tente ea Molimo e ho moloko oa batho . . . O tla hlakola meokho eohle mahlong a bona, lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng, ’me ho siama kapa ho bokolla kapa bohloko ha li sa tla hlola li e-ba teng. Lintho tsa pele [tse akarelletsang mathata a kajeno] li fetile.”

Bibele e tšoantša tšepo ea Bokreste le ‘ankora ea moea, eo e leng ea ’nete ’me e le e tiileng.’ (Baheberu 6:18, 19) Ha basesisi ba likepe ba boholo-holo ba ne ba hlaseloa ke lifefo, ba ne ba lihela ankora ea sekepe ka leoatleng. Ha ankora e ne e fihla fatše, e ne e thusa ho tšoara sekepe har’a sefefo, se le thōko le mepopotlo e kotsi ea leoatle kapa mabōpo. Ka ho tšoanang, ha re hlaheloa ke liteko tse matla—kaha tsona li tla re hlahela—tšepo “ea ’nete ’me e le e tiileng” e boletsoeng ka Bibeleng e ka re thusa hore re lule re tsitsitse maikutlong, kelellong le moeeng!

Ke hobane’ng ha u sa hlahlobe Bibele ’me u bone kamoo e fanang ka keletso le lithuto tse utloahalang le tse khothatsang kateng? Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa, ’me u ke ke ua soetseha.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hase batho bohle ba bang boemong bo tšoanang le ba Myra. Ka mohlala, e ka ’na eaba batho ba bang ba tšoeroe ke lefu le bohloko le ka kokobetsoang feela ke meriana e matla, eo ba e fuoang ke ngaka, eo ba ka ’nang ba e lemalla. Hase hore mokuli ea joalo o noella meriana hore a be plakeng kapa hore a ikhotsofatse.—Sheba Liproverbia 31:6.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 9]

“Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli . . . , likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo . . . e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.”—Bafilipi 4:6, 7

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 10]

LITSELA TSE MOLEMO TSA HO NTLAFATSA BOPHELO BA HAO

Buka e bitsoang Managing Your Mind—The Mental Fitness Guide e re ho ikoetlisa ho ka “ntlafatsa tsela eo motho a ikutloang ka eona ka nakoana ’me ha mo imolla ho se hokae kelellong.” Ho fetola tsela eo motho a jang ka eona le eo a tloaetseng ho etsa lintho ka eona, le hona ho ka thusa. Nahana ka mohlala oa Valerie, ea ileng a hlekefetsoa bongoaneng. O ile a lemalla bonyane meriana e 12 e fanoang ke lingaka. Leha ho le joalo, o ile a khona ho tlohela mokhoa oo ’me a phela ka tsela e batlang e tšoana le ea batho ba bang. O ile a thusoa ke’ng?

Ho e-na le hore a shebelle TV ’me a bale libuka tse belaetsang, Valerie o ile a iketsetsa kemiso ea ho ithuta Bibele ’me a ipha nako ea ho bala lingoliloeng tse thehiloeng Bibeleng tse hatisitsoeng ke Lipaki Tsa Jehova, ho akarelletsa le makasine ena. O ile a boela a rapela Molimo kamehla hore a mo fe matla, a amohela tšehetso ea litho tsa phutheho ea Bokreste ’me a qeta nako a etsa mesebetsi e molemo joaloka ho bolella batho molaetsa o tšelisang o ka Bibeleng. Ho phaella moo, o ile a fetola lijo tseo a neng a li ja, kaha pele ho moo o ne a itjella lijo tse se nang phepo. Phello e bile hore a hlaphoheloe hoo le lingaka li ileng tsa makala. Hona joale ho se ho fetile lilemo tse ngata a sa sebelise meriana.b

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

b E ka ’na eaba boemo ba hao ha bo tšoane le ba Valerie, haeba u sebelisa meriana ea ngaka bakeng sa khatello ea maikutlo, lefu la ho ferekana kelellong kapa lefu leha e le lefe la kelello. Kahoo u se ke ua etsa liphetoho pele u buisana le ngaka.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela