Re Hlolloa ke Lintho Tsa Tlhaho!
LIPHUPUTSO tsa bo-rasaense li senotse ho hongata ka tsela eo bokahohle bo sebetsang ka eona kapa bo hlophisitsoeng ka eona. Hona joale batho ba utloisisa bokahohle haholoanyane—ho tloha ka lintho tse nyenyane ka ho fetisisa ho isa sepakapakeng se seholohali. Leha ho le joalo, ho na le lintho tse ngata haholo tse hlollang tseo batho ba ntseng ba e-s’o ithute tsona.
Lefatše leo re phelang ho lona ke karolo e nyenyane feela ea bokahohle bo boholohali. Leha ho le joalo, lehaeng lena la rōna la lefatše re hlolloa ke pōpo e rarahaneng haholo le botle ba eona—palesa e ntle, sebaka se tsotehang, masiba a nonyana a hlollang ka botle, mapheo a serurubele, ho likela ha letsatsi, kapa ho bososela ha motho eo re mo ratang.
Batho ba bangata ba fumane bopaki bo khotsofatsang linthong tsa tlhaho, bo etsang hore ba lumele hore ho na le Moqapi ea bohlale. Ba re ho bonahala eka melao ea fisiks e hlophisitsoe hantle e le hore e thuse ho boloka lintho li phela. Haeba bokahohle bo ne bo entsoe ka tsela e fapaneng hanyenyane feela le kamoo bo leng kateng, ho ne ho ke ke ha khoneha hore lintho li phele. Empa re pota-potiloe ke lintho tse ngata tse phelang, tse hlollang ka botle.
Paul Davies, eo e leng setsebi sa filosofi ea litaba tsa bokahohle, o re: “Ha ho ntse ho e-ba le liphetoho bokahohleng, ho bonahala eka bo hlophisitsoe ka tsela e raliloeng hantle le e lumellanang . . . Lintho tsa tlhaho ha lia ba teng ka tšohanyetso feela empa li bontša hore li entsoe ka bohlale, ka tsela e lumellanang le melao ea lipalo.” Bo-rasaense ba bang ba lumellana le Davies. Empa ba bang ha ba lumellane le eena.
Ka mohlala, Steven Weinberg, eo e leng setsebi sa fisiks, ea hapileng khau ea Nobel, o ile a re: “Ha re ntse re utloisisa bokahohle haholoanyane, ho bonahala eka ha bo na morero le ho feta.” Ho makatsang ke hore eena Weinberg o ile a boela a re “ka linako tse ling lintho tsa tlhaho li bonahala li le ntle ho feta tekano. . . . Ho batla ho le thata ho latola hore lintho tsena tsohle tse ntle li etselitsoe rōna.”
Joale hoo e leng hona ke hofe? Haeba lintho li hlophisitsoe hantle, na joale ha hoa lokela hore ebe ho na le Mohlophisi ea Hloahloa—Moqapi, ’Mōpi—ea nang le morero? Na bophelo ba rōna le bokahohle bo na le morero? Kapa na re bile teng feela ka lebaka la tšebetso ea matla a tlhaho a se nang morero le a se nang tataiso? Lihlooho tse latelang li tla tšohla lipotso tsena.