Na U Imetsoe Kelellong?
LEFATŠENG ho pota, khohlano e teng pakeng tsa mosebetsi le bophelo ba lelapa ke qaka e khōlō. Joalokaha mohloli o mong o bontša, ‘ho ikopanya ha lichaba tsa lefatše, mekhoa e mecha ea theknoloji le tsamaiso ea moruo e lulang e le tlas’a khatello e matla li etsa hore ho be thata ho arola lintho tsa mosebetsing le tsa lapeng joaloka mehleng ea pele.’ Liphetoho tsena li entse hore batho ba rue ho feta leha e le neng pele. Empa e le hore ba finyelle katleho ena, ho bile le mathata. Mongoli e mong o re: “Ba limilione ba rōna re sebetsa ka thata ho feta tekano, mosebetsi o re tletse matsoho, ’me re tsielehile. Re imetsoe kelellong.”
Joale ho phaella ho sena ke maemo a nyotobetsang a ho theoha ha moruo. Batho ba bangata lefatšeng ka bophara, ba sebetsang liofising le ba etsang mosebetsi oa matsoho, ba lahlehetsoe ke mesebetsi ea bona le mahae a bona. E ka ’na eaba ba lakatsa eka ba ka be ba sebetsa ka thata.
A re hlahlobe hore na mathata ana a tebile hakae:
▶ Basebetsi ba 6 ho ba 10 ba Europe ba sithabetsoa ke mosebetsi.
▶ Motho a le mong ho ba bararo United States o ikutloa a imetsoe ke mosebetsi nako eohle.
▶ Batho ba babeli ho ba bararo Canada ba thatafalloa ho leka-lekanya bophelo ba lapeng le mosebetsi.
▶ Ho hakanngoa hore ho basebetsi bohle ba lefatšeng ka bophara, ba limilione tse fetang 600, kapa ba etsang karolo ea 22 lekholong ba qeta lihora tse fetang 48 ka beke ba le mosebetsing.
Lipalo-palo tsena li bontša boemo bo sithabetsang boo batho ba tobaneng le bona. Liphuputso tse ling li amahanya taba ea ho sebetsa lihora tse ngata le hona ka linako tse sa tšoaneng, le ho kula, ho senyeha ha likamano, mathata a ho hōlisa bana, karohano le tlhalo.
Ho thoe’ng ka uena? Na u sebetsa ka thata haholo? Kapa na u e mong oa ba limilione bao hona joale ba sa sebetseng? Na u labalabela ho ntlafatsa tsela eo u leka-lekanyang mosebetsi le bophelo ba lapeng ka eona? Haeba ho joalo, u ka etsa seo joang?
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 3]
“MOSEBETSI OA BOBELI”
Mosali e mong ea sebetsang o re: “Ha ke fihla hae ke tlameha ho lokisa lijo tsa mantsiboea, ke hloekise ntlo, ke hlatsoe liaparo, ke late bana, ke ba thuse ho etsa mosebetsi oa bona oa sekolo, ’me ke bone hore baa hlapa le ho ba lokisetsa ho robala. Ka mor’a moo, ke ee be ke khathetse hoo ke sa batleng letho.” Basali ba limilione ho ba ka bang libilione tse 1,2 ba sebetsang lefatšeng ka bophara, ba etsa ‘mosebetsi ona o khathatsang oa bobeli,’ hammoho le banna ba bang ba bangata. Empa liphuputso li bontša hore hangata banna ba hana ho etsa mosebetsi oa lapeng. Basali ke bona ba atisang ho etsa mosebetsi ona, ho sa tsotellehe hore na baa sebetsa kapa che.