Tsa Mona le Mane
“Molimo oa Bakreste o ntse a le teng bophelong ba Maamerika, empa ha a sa na tšusumetso e matla lipolotiking le meetlong ea ’ona, ho feta ka nako leha e le efe eo motho a ka e hopolang.”—NEWSWEEK, U.S.A.
“Ho thefuleha ha moruo le mathata a oona ho etsa hore ho be le mofuta o mocha oa mahlatsipa: Banyalani ba sa khoneng ho hlalana. Linakong tsena tse thata batho ba bangata ba fumana hore ba baballa chelete ha ba lula hammoho, esita le haeba ba se ba sa ratane.”—THE WALL STREET JOURNAL, U.S.A.
’Mè a le mong ho ba bararo bao ho buisanoeng le bona Jeremane o rutoa ke morali—lintho tse kang feshene, ho etsa metsoalle, ho ba ea khonang ho buisana le batho, kapa ho ba ea nang le seriti haholoanyane.—BERLINER MORGENPOST, JEREMANE.
Lisireletsi li Ntse li le Teng
Koranta e ’ngoe ea International Herald Tribune e re: “Ho se ho fetile lilemo tse mashome a robong ntaramane e kotsi ka ho fetisisa historing e felile, empa mali a baphonyohi a ntse a e-na le tšireletso e matla khahlanong le vaerase ena e bileng teng ka 1918, e leng se bontšang hore tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e tšoarella ka tsela e hlollang.” Ha bo-rasaense ba hlahloba mali a maqheku a pholohileng mokakallane oa Spain, ba fumane hore “a ntse a e-na le lisireletsi tse batlang ho loantša likokoana-hloko tsa ntaramane eo.” Bafuputsi ba sebelisitse lisireletsi tsena ho etsa ente e khonang ho phekola litoeba tse entiloeng ka kokoana-hloko ea ntaramane ena e bolaeang. Bafuputsi ba hlolloa ke tsela eo tsamaiso ea ’mele ea ho itšireletsa mafung e khonang ho tšoarella ka eona. Mofuputsi e mong o ile a re: “Morena o re hlohonolofalitse ka lisireletsi tse re sireletsang bophelo bohle ba rōna! Maemo a thata aa re tiisa.”
Lipotso Tse Botsoang Molimo
“Ke hobane’ng ha ho e-na le mahlomola haeba u lokile?” Koranta e ’ngoe ea Sweden e hatisoang letsatsi le letsatsi e bitsoang Dagen e re potso ena ke ea pele ho tseo liithuti tsa k’holeje tsa Masweden li neng li tla e botsa Molimo haeba li ne li ka fumana monyetla oa ho etsa joalo. Phuputsong eo ho fumanoe hore tse ling tsa lipotso tse tloaelehileng ke tse kang: “Morero oa bophelo ke ofe?” le “Ho etsahala’ng ka mor’a lefu?” Sweden e tsebahala ka hore ke naha eo batho ba teng ba bangata e seng balumeli. Leha ho le joalo, moemeli oa mokhatlo oa liithuti oa Bakreste o entseng phuputso ena o ile a re, “batho ba ntse ba ipotsa lipotso tsena. Bacha ba nahana ka lipotso tse kang tsena.”
Ho Holofala ’Meleng ho Eketsa Thabo Lenyalong
Bafuputsi ba re, “Banna le basali—ho sa tsotellehe hore na ba lilemo li kae—ba tlalehile hore ba thabile haholoanyane manyalong a bona ka mor’a hore ba holofale ’meleng.” Ho hlōleha ho etsa mosebetsi oa letsatsi le letsatsi e ka ba ho sithabetsang, empa ho ka boela ha kopanya banyalani. Ka ho khetheha banna ba hōlileng ba tlaleha hore ba qeta nako e eketsehileng ba e-na le balekane ba bona. Karen Roberto, e leng mookameli oa Setsi sa Lithuto Tse Amanang le Botsofali, Virginia Tech, U.S.A. o re: “Ho phetha boikarabelo bo bocha ba ho hlokomela molekane ea holofetseng kapa ho shebana le eena haholo ho feta nakong e fetileng, ho file banna monyetla oa hore ba tšehetse basali ba bona le ho qeta nako e eketsehileng ba e-na le bona ’me qetellong seo se entse hore ba ananele manyalo a bona haholoanyane.”