Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 2/10 maq. 14-15
  • Ha Letsatsi le E-ba Lefubelu

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ha Letsatsi le E-ba Lefubelu
  • Tsoha!—2010
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Foqoha ha Seretse se Chesang Lepetsong la Laki
  • Kamoo Libaka Tse Hōle li Ileng Tsa Ameha Kateng
  • Kamoo Batho ba Kajeno ba Hlalosang Koluoa ea Laki Kateng
  • Na U Falimehetse Mehla ea Rōna?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Ho Phela Haufi le Libaka Tse Foqohang Seretse se Chesang
    Tsoha!—2007
  • Likoluoa—Na ke Likotlo tse Tsoang ho Molimo?
    Tsoha!—1992
  • Temoso e sa Kang ea Eloa Hloko
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Tsoha!—2010
g 2/10 maq. 14-15

Ha Letsatsi le E-ba Lefubelu

LEHLABULENG la selemo sa 1783, sebaka se seholo se Karolong e ka Leboea ea Lefatše se ile sa apareloa ke mosi o sa tloaelehang ka likhoeli tse ’maloa. Letsatsi le ile la e-ba lefubelu, limela tsa omella ’me batho ba bangata ba shoa. Ha e le hantle, likhakanyo li bontša hore mosi oo o ile oa bolaea batho ba likete tse mashome ba Fora le Engelane. Ba bang ba bangata ba ile ba kula—hoo ho bonahalang hore balemi ba ile ba sokola ho fumana basebetsi ba neng ba ka bokella lijalo tse neng li sa angoa ke boemo boo.

Mosi oo o ’nile oa bitsoa “e ’ngoe ea liketsahalo tse ikhethang ka ho fetisisa tse kileng tsa e-ba teng boemong ba leholimo le tšebetsong ea lintho tsa tlhaho tsa lefatše lilemong tse sekete tse fetileng.” Leha ho le joalo, ka nako eo, ke batho ba Iceland feela ba neng ba tseba sesosa sa ketsahalo eo—e leng ho foqoha ha seretse se chesang seo litsebi li reng se foqoha hang ka mor’a lilemo tse makholo a seng makae sebakeng seo. Ka ho utloahalang, tšenyo e ile ea e-ba mpe Iceland ho feta libakeng tse ling ’me ho hakanngoa hore baahi ba etsang karolo ea 20 lekholong ba ile ba shoa.

Ho Foqoha ha Seretse se Chesang Lepetsong la Laki

Ka la 8 June, 1783, baahi ba Síða e ka boroa ho Iceland ba ile ba bona matšoao a bontšang hore ho tla ketsahalo e tšosang e tsejoang ka hore ke ho foqoha ha seretse se chesang lepetsong la Laki. Kaha ketsahalo eo e ile ea tlalehoa ke bashebelli linaheng tse ngata, bafuputsi ba ile ba bona tsela eo leru la ho foqoha ha seretse se chesang le ileng la tsamaea ka eona letsatsi le letsatsi. Jón Steingrímsson, e leng e mong oa batho ba boneng ketsahalo eo Iceland, o ile a tlaleha hore o bone “leru le letšo” le hlaha ka leboea. O ile a apareloa ke lefifi ’me molora o mosesaane oa oela fatše. Eaba lefatše le qala ho sisinyeha le ho reketla. O ile a re ka mor’a beke, “molapo o tšosang oa mollo o ile oa tšoloha o hlaha khohlong ea [Nōka] ea Skaftá,” ’me oa koahela lintho tsohle tse neng li le tseleng ea oona. Steingrímsson o ile a tlaleha ketsahalo eo ka likhoeli tse robeli.

Lepetsong le bolelele ba lik’hilomithara tse 25, leo litsebi li reng le hlahisitsoe ke ho phatloha ha lejoe la moralla k’honthinenteng, ho ile ha tsoa seretse se chesang se ileng sa aparela lik’hubiki-k’hilomithara tse 15, se le sengata ho feta leha e le sefe se kileng sa tlalehoa! Majoe a qhibilihileng a entseng malakabe a ile a foqoha eaba seretse se chesang se phalla lik’hilomithara tse ka bang 80 ho tloha lepetsong leo, sa aparela lisekoere-k’hilomithara tse 580 ’me sa tlala Nōkeng ea Skaftá.

Selemong se latelang, molora le lik’hemik’hale tse kotsi tse neng li koahetse lekhulo la Iceland li ile tsa bolaea likhomo tse fetang karolo ea 50 lekholong le lipere le linku tse ka etsang karolo ea 80 lekholong. Ho ile ha e-ba le tlala ea boja-likata. Lepetso la Laki le ile la boela la ntšetsa moeeng lithane tse ka bang limilione tse 122 tsa sulfur dioxide, e ileng ea kopana le mouoane ’me tsa hlahisa lithane tse ka bang limilione tse 200 tsa khase e nang le asiti.a

Kamoo Libaka Tse Hōle li Ileng Tsa Ameha Kateng

Lehlabuleng leo, moea o ile oa isa khase eo e kotsi libakeng tse hōle. Brithani le Fora, batho ba ile ba bua ka “leru le ikhethang le tletseng mosi,” oo ho neng ho se motho ea kileng a o bona. Kaha o ne o nkha hampe o bile o e-na le sebabole, o ile oa bakela batho maloetse a matšoafo, letšollo, ho tšoaroa ke hlooho, mahlo, ’metso le mathata a mang. Leru le teteaneng la sulfur dioxide le asiti e nang le sebabole le ne le le kotsi ho batho ba hōlileng le ho bana.

Tlaleho e tsoang Jeremane e ile ea bolela hore ka bosiu bo le bong, mosi oo o kotsi o ile oa bolaea makhasi a lifate tse mabōpong a Nōka ea Ems. Engelane limela li ile tsa omella, makhasi a tsona a shoa, joalokaha eka li otliloe ke letsatsi. Ho ile ha hlaha litlaleho tse tšoanang Fora, Hungary, Italy, Netherlands, Romania, Scandinavia le Slovakia. Ha e le hantle, mosi oo o nang le lik’hemik’hale o ile oa bonahala ho ea fihla libakeng tse hōle, tse kang Portugal, Tunisia, Syria, Russia, ka bophirimela ho Chaena le Newfoundland.

Ho bonahala eka thempereichara le eona e ile ea ameha ha mahlaseli a letsatsi a ne a thibiloe ke mosi oo o silafetseng haholo. Ka 1784, ka karolelano thempereichara k’honthinenteng ea Europe e ne e theohile ka hoo e ka bang likhato tse peli tsa Celsius ho feta lilemong tse qetellang tsa lekholo la bo18 la lilemo. Thempereichara ea Iceland e ne e theohile ka hoo e ka bang likhato tse hlano. Amerika Leboea, mariha a 1783/1784 a ne a bata hoo ho tlalehoang hore maqhoa a maholo a ipōpileng “a ile a phalla Nōkeng ea Mississippi . . . ’me a kena Koung ea Leoatle e Mexico.”

Litsebi tse ling li lumela hore lebaka leo ka lona morabe oa Maeskimo oa Makauwerak o lulang ka leboea-bophirimela ho Alaska, o ileng oa batla o fela, e ka ’na eaba le amana le tlala ea boja-likata e neng e bakiloe ke ho foqoha ha seretse se chesang, Laki. Mela e lifateng tse sakhiloeng e bontša hore lehlabula la 1783 e bile le batang ka ho fetisisa Alaska lilemong tse 400. Ha e le hantle, Makauwerak a na le pale eo a e phetang e buang ka selemo seo lehlabula le ileng la fela ka June, ’me ha latela mariha a batang haholo le tlala e khōlō.

Kamoo Batho ba Kajeno ba Hlalosang Koluoa ea Laki Kateng

Koluoa ea tlhaho e etsahetseng ka 1783 e se e batla e lebetsoe hobane e etsahetse khale haholo ebile batho ba bangata ba e boneng ba ne ba sa tsebe hore na e bakiloe ke eng. Leha ho le joalo, batho ba Iceland ba hopola ho foqoha ha seretse seo sa Laki e le tlokotsi e khōlō ka ho fetisisa ea tlhaho historing ea naha eo.

Ba bang ba re Molimo o ne a otla batho ka koluoa eo. Leha ho le joalo, Bibele ha e lumellane le maikutlo ao. (Jakobo 1:13) Molimo ha a otlelle ba khopo le ba lokileng, hobane “litsela tsohle tsa hae ke toka.” (Deuteronoma 32:4) Nakong e tlang, Molimo o tla bontša toka ka tsela e ikhethang ha a kenella litabeng tsa batho. Bibele e bolela hore morero oa hae e tla be e le ho felisa lintho tsohle tse bakang lefu le mahlomola, tse akarelletsang likoluoa tsa tlhaho.—Esaia 25:8; Tšenolo 21:3, 4.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Sulfur dioxide e boetse e tšoenya ka ho silafatsa moea kajeno ’me e baka pula e nang le asiti. Khase ena e hlahisoa ke ha ho chesoa lirafshoa tse kang mashala, khase le oli e tala.

[Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]

Setšoantšo se nkiloeng moeeng sa lepetso la Laki

[Setšoantšo se leqepheng la 14, 15]

Mohlala oa seretse se foqohang se chesa

[Setšoantšo se leqepheng la 15]

Setšoantšo sa sathelaete sa Iceland

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 14]

Lava fountain: © Tom Pfeiffer; aerial photo: U.S. Geological Survey; satellite photo: Jacques Descloitres, MODIS Rapid Response Team, NASA/GSFC

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela