Tsa Mona le Mane
“Ho hakanngoa hore ka 2008, litšenyehelo tsa sesole lefatšeng ka bophara e bile [liranta tse libilione tse 11 092]. Ena ke keketseho . . . ea karolo ea 45 lekholong ho tloha ka 1999.”—STOCKHOLM INTERNATIONAL PEACE RESEARCH INSTITUTE, SWEDEN.
“Ho ea ka Google, lifaele tse libilione tse ’maloa li kenyelletsoa [Inthaneteng] letsatsi ka leng.”—NEW SCIENTIST, BRITHANI.
“[Ho ne ho] hakanyelitsoe hore ka 2009 palo ea batho ba lapang lefatšeng e tla phahama haholo hoo batho ba limilione tse 1 020 ba neng ba tla robala ka tlala letsatsi le letsatsi.”—MOKHATLO OA LIJO LE TEMO OA MACHABA A KOPANENG, ITALY.
Kamele ea Pele e Hlahisitsoeng ka ho Fetola Liphatsa Tsa Lefutso
Ho tloha ka 1996, ha bafuputsi ba qala ho hlahisa nku ka ho fetola liphatsa tsa lefutso, ho ’nile ha sebelisoa mokhoa o tšoanang ho hlahisa liphoofolo tse ling tse anyesang, tse akarelletsang likhomo, lipōli le lipere. Hona joale bo-rasaense ba mokhatlo oa lingaka tsa liphoofolo o etsang liphuputso Dubai, ba fetotse liphatsa tsa lefutso e le hore ba hlahise kamele ka lekhetlo la pele. Petsana eo e tšehali e rehiloe Injaz, eo ka Searabia e bolelang “katleho.” Koranta ea Abu Dhabi e bitsoang The National e re: “Ho hlahisoa ha liphoofolo ka ho fetola liphatsa tsa tsona tsa lefutso . . . ha e sa le taba ea ho etsa liteko feela. Nakong e tlang, lenaneo lena le tla hlahloba litsela tse ling tseo ho ka sebelisoang mokhoa ona ho hlahisa likamele tse ratoang tsa reisise le tsa lebese.”
“Ho Thulana” ha Lisathelaete
Makasine ea Science News e re: “Lintho tse potolohang ka holim’a Lefatše li ’nile tsa eketseha sepakapakeng ho theosa le lilemo, ’me ka February [2009] lisathelaete tse peli li ile tsa thulana.” Lik’hilomithara tse ka bang 800 ka holim’a Siberia, sathelaete e sebetsang ea Maamerika ea puisano e ile ea thulana le e seng e sa sebetse ea sesole sa Russia. Kotsing eo ho ile ha tsoa likarolo tse ka bang 700 maloanlahleng ao. Ho eketseha ha maloanlahla sepakapakeng ho eketsa monyetla oa hore ho be le kotsi e ’ngoe. Mechine e lekolang sepakapaka, e bontša hore hona joale ho na le maloanloahla a ka bang 18 000 a bophara ba lisenthimithara tse fetang leshome, a ntseng a solla sepakapakeng. Leha ho le joalo, ha lisathelaete kapa tsona lifofa-sebakeng tse nkileng batho li ka thulana le ntho leha e le efe e fetang erekise ka boholo, e le lebelong la lintho tse fofang sepakapakeng, seo se ka baka tlokotsi.
Mechine e Thibelang Koloi ho Luma
Koranta ea The Wall Street Journal e re: “Ke batho ba seng bakae feela ba hlokomolohang ho lefella liselefouno tsa bona, kaha baa tseba hore li tla khaotsa ho sebetsa.” Joale ho sebelisoa molao-motheo o tšoanang le tabeng ea likoloi. Koranta eo e re: “Barekisi ba likoloi tse sebelisitsoeng ba li kenya mechine e laoloang ka remote, e thibelang koloi ho luma haeba moreki a sa e lefella ka nako.” Mechine ena—e hokelloang enjineng ea koloi—ke e ’ngoe ea lintho tseo bareki bao ho seng bonolo ho ba rekisetsa ka sekoloto ba li amohelang e le hore ba rekisetsoe ’me ea ntšoa ha ba qetile ho lefa. Empa koranta eo ea Journal e re hase hangata mechine ena e emisang likoloi. Ho e-na le hoo, ha e khantša mabone le ha e fana ka temoso ka litšepe tse llang, e atleha “ho susumelletsa bareki hore ba lefe ka nako.”