Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 12/11 maq. 22-24
  • Bibele ea King James Version—Kamoo e Ileng ea Tuma Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bibele ea King James Version—Kamoo e Ileng ea Tuma Kateng
  • Tsoha!—2011
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mosebetsi oa Phetolelo o Tsoela Pele ka Matla
  • Ho Tobana le Mathata
  • Buka e Tsotehang
  • Ho Isa Lipheletsong Tsa Lefatše
  • Nako ea Phetoho
  • Thuto ea 7—Bibele Mehleng ea Kajeno
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Kamoo Bibele e Sirelelitsoeng Kateng Hore re e Fumane
    Tsoha!—2007
  • Ho Hatisa Le Ho Aba Lentsoe La Molimo Le Halalelang
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Boieane ba Batho Lefatšeng ka Bophara bo Ananela Phetolelo ea Lefatše le Lecha
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Tsoha!—2011
g 12/11 maq. 22-24

Bibele ea King James Version—Kamoo e Ileng ea Tuma Kateng

HO ILE ha tšoaroa mekete e mengata Engelane selemong sena e le ho keteka selemo sa bo400 Bibele ea King James Version, eo hape e tsejoang e le Authorized Version, e le teng. Ho ile ha boela ha e-ba le mananeo a khethehileng a TV le se-ea-le-moea, esita le liboka, lipuo le lithupelo.

Khosana Charles o ile a etella pele meketeng ena ea Bibele e nkoang e le letlotlo la sechaba kaha e reheletsoe ka Morena James I oa Engelane. Leha ho le joalo, ho tlile joang hore King James Version, e hatisitsoeng ka May 1611, e ratoe ka tsela e ikhethang hakaale ke Manyesemane?

Mosebetsi oa Phetolelo o Tsoela Pele ka Matla

Bohareng ba lekholo la bo16 la lilemo, tabatabelo ea ho tseba lithuto tsa Bibele e ne e qalile ho ba matla ho pholletsa le Europe. Lilemo tse 200 pejana, ka 1382, John Wycliffe o ne a tsositse thahasello ea batho ba buang Senyesemane ka phetolelo eo a neng a e entse ho tloha Selatineng. Lilemong tse 200 hamorao, balateli ba hae, e leng Malollards, a ile a tsamaisa Libibele tse neng li ngotsoe ka letsoho naheng ka bophara.

Setsebi sa Bibele, e leng William Tyndale, se ile sa nka khato ea bohlokoa ka ho etsa phetolelo e bitsoang New Testament. E ne e fetoletsoe ka Senyesemane ho tloha Segerikeng sa boholo-holo hoo e ka bang ka 1525. Nakoana ka mor’a moo, ka 1535, Miles Coverdale o ile a hlahisa Bibele ea hae e feletseng ea Senyesemane. Selemo pele ho moo, Henry VIII o ile a khaola maqhama le Roma eaba o sebetsa litaba ka bohlale. E le hore a matlafatse boemo ba hae ba ho ba hlooho ea Kereke ea Chache, Henry VIII o ile a lumella hore ho fetoleloe Bibele ka Senyesemane. E tsejoa ka hore ke Great Bible. Bibele ena e hatisitsoeng ka 1539, e ne e le buka e khōlō e khabisitsoeng ka tsela ea boholo-holo.

Maphurithane le Maprostanta a mang a babalehi a tsoang Europe a ile a fumana botšabeli Geneva, e Switzerland. Ka 1560, ho ile ha hatisoa Bibele ea Senyesemane e balehang habonolo, e neng e arotsoe ka likhaolo le litemana e bitsoang Geneva Bible. E ile ea romeloa Engelane ho tsoa k’honthinenteng ea Europe ’me ka potlako feela ea tuma haholo. Qetellong, ka 1576, Geneva Bible e ile ea hatisoa hape le Engelane. Limmapa le litlhaloso tse mahlakoreng a maqephe li ne li thusa ho hlakisa temana. Empa babali ba bang ba ne ba khopisoa ke litlhaloso tsa eona hobane li ne li le khahlanong le ofisi ea mopapa.

Ho Tobana le Mathata

Kaha Great Bible ha ea ka ea amoheloa ke batho ka kakaretso ’me le Geneva Bible e ne e e-na le litlhaloso tse bakang litsekisano, ho ile ha etsoa qeto ea hore ho etsoe Bibele e ntlafalitsoeng. Ho ne ho tla sebelisoa Great Bible e le motheo oa eona. Mosebetsi oo o ile oa behoa boikarabelong ba babishopo ba Kereke ea Chache, ’me ka 1568 ho ile ha hatisoa phetolelo e bitsoang Bishops’ Bible. Ena e ne e le buka e khōlō, e nang le litšoantšo tse ngata tse entsoeng ka lehong le fatiloeng. Empa Macalvin, a neng a hanana le ho sebelisoa ha litlotla bolumeling, a ile a nyatsa ho sebelisoa ha lentsoe “babishopo.” Kahoo phetolelo ea Bishops’ Bible ha ea ka ea amoheloa ke batho ka kakaretso Engelane.

Ha Morena James I, e e-ba morena oa Manyesemane ka 1603,a o ile a fana ka tumello ea hore ho etsoe phetolelo e ncha ea Bibele. O ile a qaqisa hore phetolelo eo e lokela ho ba e ikhethang ka hore e tlosoe litlhaloso leha e le life tse khopisang ba bang.

Morena James o ile a ntšetsa pele mosebetsi oo. Hamorao, liithuti tse 47 tse arotsoeng lihlopha tse tšeletseng ho pholletsa le naha, li ile tsa hlahloba likarolo tsa litemana. Liithuti tsena li ile tsa sebelisa phetolelo ea Tyndale le ea Coverdale, e le hore li lokise Bishops’ Bible. Leha ho le joalo, li ile tsa boela tsa sebelisa Geneva Bible le Rheims New Testament ea Roma e K’hatholike e hatisitsoeng ka 1582.

James e ne e le setsebi sa Bibele se hlomphuoang, ’me selelekeleng sa Bibele ho ile ha hlalosoa hore phetolelo eo e neheloa ho “khosana e phahameng le e matla, e leng James” ka morero oa ho mo tlotla. Kaha James e ne e le hlooho ea Kereke ea Chache, ho bonahala a ne a sebelisa bolaoli ba hae hore a kopanye sechaba.

Buka e Tsotehang

Baruti ba ne ba thabile ha morena oa bona a ba fa Bibele e “khethetsoeng hore e baloe Likerekeng.” Leha ho le joalo, potso e ile ea sala: Batho ba ne ba tla fumana phetolelo ee e ncha ea Bibele joang?

Selelekeleng sa eona se ekelitsoeng, bafetoleli ba ile ba bolela hore ba na le tšabo ea hore na phetolelo ena e ncha e tla amoheloa kapa che. Leha ho le joalo, phetolelo ea King James Version e ile ea atleha, le hoja ho ile ha nka lilemo tse ka bang 30 hore batho ba e rate ho feta Geneva Bible.

The Bible and the Anglo-Saxon People e re: “Phetolelo eo e ile ea amoheloa ka ho pharaletseng ka lebaka la boqhetseke boo e neng e ngotsoe ka bona. E ne e se e le eona eo batho ba e sebelisang.” The Cambridge History of the Bible e phetha ka hore: “Bakreste ba bangata ba Manyesemane ba ile ba talima phetolelo ena e halalela ’me ba ne ba lumela hore e tsoa ho Molimo ka ho toba. Kahoo, ba ne ba re mantsoe a phetolelo ea King James Version ha aa lokela ho fetoloa kapa ho tšoauoa liphoso kaha aa halalela”

Ho Isa Lipheletsong Tsa Lefatše

Bajaki ba pele ba tsoang Engelane ba ileng ba lula Amerika Leboea, ba ile ba tla le Geneva Bible. Leha ho le joalo, hamorao King James Version e ile ea amoheloa haholoanyane Amerika. Ha ’Muso oa Brithani o ntse o nama ho pholletsa le lefatše, baromuoa ba Maprostanta ba ile ba etsa hore e sebelisoe ka ho pharaletseng. Kaha bafetoleli ba bangata ba lipuo tse ling ba ne ba sa tsebe Seheberu le Segerike sa Bibele, ba ile ba sebelisa phetolelo ea King James Version ea Senyesemane e le motheo oa liphetolelo tsa bona.

Ho ea ka Laebrari ea Brithani, “Phetolelo ea Bibele ea King James, kapa Authorised Version ke eona e hatisoang ka ho fetisisa libukeng tsa Senyesemane.” Likhakanyo li bontša hore ho se ho hatisitsoe likopi tse ka holimo ho bilione e le ’ngoe tsa phetolelo ea King James Version lefatšeng ka bophara!

Nako ea Phetoho

Batho ba ’nile ba lumela hore phetolelo ea King James Version ke eona feela Bibele ea “’nete.” Ka 1870, ho ile ha etsoa mosebetsi oa ho e ntlafatsa, Engelane. Hamorao, ho ile ha etsoa phetolelo e ntlafalitsoeng hanyenyane ea English Revised Version e ileng ea hatisoa e le American Standard Version.b Phetolelo e ntlafalitsoeng e ile ea etsoa morao tjena ka 1982, ’me selelekela sa Revised Authorised Version se bontšitse hore ho entsoe boiteko bohle “ba ho boloka mokhabo-puo o ratoang haholo o neng o sebelisitsoe ho Authorised Version” ea 1611.

Le hoja Bibele e le buka e rekisoang ka ho fetisisa lefatšeng—phetolelo ea King James Version ke eona e tummeng haholo—Moprofesa Richard G. Moulton o ile a re: “Re entse sohle se matleng a rōna ka mangolo ana a Seheberu le Segerike . . . Rea fetoletse, ra ba ra ntlafatsa liphetolelo tseo . . . Empa ho na le ntho e le ’ngoe e setseng e lokelang ho etsoa ka Bibele: ke ho e bala.”

Ka ho totobetseng, Bibele ea King James Version ke buka e tsotehang, e ananeloang e bileng e ratoang haholo ka lebaka la ho beha litaba ha eona ka bokheleke bo ikhethang. Empa ho thoe’ng ka bohlokoa ba molaetsa oa eona? Mangolo a Bibele a bululetsoeng a fana ka tharollo ea mathata nakong ena e thata eo re phelang ho eona. Lipaki Tsa Jehova li tla thabela ho u thusa ho ithuta Bibele ho sa tsotellehe hore na u khetha ho sebelisa phetolelo efe.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a James o hlahile ka 1566 ’me a hlomamisoa ka 1567 hore e be James VI oa Scotland. Ha a ne a hlomamisoa hore e be Morena James I oa Engelane ka 1603, o ile a busa linaha tseo ka bobeli. Ka 1604, o ile a bitsoa “Morena oa Great Britain.”

b Sheba lebokose le reng “Phetolelo ea American Standard Version.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 23]

PHETOLELO EA AMERICAN STANDARD VERSION

Ka 1901 ho ile ha hatisoa phetolelo ea American Standard Version. Motheo oa eona e le phetolelo ea King James Version. Selelekela sa eona se re: “Rea tseba hore phetolelo ea Authorized [King James] Version e ile ea ratoa ka lebaka la bokheleke ba puo bo sebelisitsoeng ho eona ’me ha re iphapanyetse seo.” Leha ho le joalo, phetolelo ea American Standard Version e entse liphetoho tse hlokomelehang.

Selelekela sa eona se hlalosa tjena: “Ka mor’a ho hlahloba ka hloko, Bafetoleli ba Maamerika ba ile ba fihlela tumellano e matla ea hore tumela-khoela ea Bajuda, e reng lebitso la Molimo le halalela haholo hoo le sa lokelang ho sebelisoa, ha ea lokela ho tsoela pele e sebelisoa liphetolelong tsa Senyesemane kapa Testamenteng ea Khale, joalokaha e sa sebelisoa liphetolelong tse ngata tsa morao tjena tsa baromuoa.”

Sena hase bolele hore lebitso Jehova ha le hlahe ho hang phetolelong ea King James Version. Le hlaha libakeng tse ’nè, e leng ho Exoda 6:3; Pesaleme ea 83:18; Esaia 12:2 le Esaia 26:4. Leha ho le joalo, Bibele ea American Standard Version ea 1901, e ile ea khutlisetsa lebitso leo ka makhetlo a ka bang 7 000, ao le lokelang ho hlaha ka ’ona ka Bibeleng.

[Setšoantšo]

1901

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

HO HLOKOMELA TLHOKO E KHETHEHILENG

Ka 1907, Liithuti Tsa Bibele li ile tsa etsa khatiso ea King James Version United States of America bakeng sa Watch Tower Bible and Tract Society li sebelisa k’hamphani e ’ngoe. Khatiso eo e ne e akarelletsa sehlomathiso se atolositsoeng se neng se bitsoa “Berean Bible Teachers’ Manual.” Hamorao, Lipaki Tsa Jehova li ile tsa ikhatisetsa Bibele ea King James Version. Ka 1992, Lipaki li ne li se li hatisitse likopi tse 1 858 368 tsa eona.

[Setšoantšo]

1907

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

PHETOLELO EA BOHLOKOA KAJENO

Lilemong tse 50 tse fetileng, liphetolelo tse ngata tsa Bibele (tse ling tsa tsona li hatisoa ka lipuo tse ngata) li ’nile tsa ajoa. E ’ngoe eo batho ba bangata ba nkang hore ke ea bohlokoa, ke Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang. Likopi tse fetang limilione tse 170 li ’nile tsa ajoa, e le Bibele e feletseng kapa karolo ea eona ka lipuo tse 100. Limmapa, tlhahlamano ea mantsoe a Bibele le sehlomathiso tse fumanehang Khatisong ea Litšupiso e thusitse babali ho utloisisa ka ho hlakileng molaetsa oa Bibele o ngoletsoeng rōna kajeno.

[Setšoantšo]

1961

[Setšoantšo se leqepheng la 22]

1611

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 22]

Art Resource, NY 

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela