Na e Entsoe?
Hlooho e Itšireletsang ea Mohetle
● Sefutho sa matla a khoheli se pakeng tsa 80 le 100 se matla hoo se ka etsang hore u ilibane. Empa, mohetle o khona ho otla ka sefutho sa matla a ka etsang 1 200 ha o ntse o otla kutu ea sefate ka molomo. Nonyana ee e khona ho etsa mosebetsi oo joang, empa ho hlakile hore ha e tšoaroe ke hlooho, ho se ho sa thoe letho ka ho ilibana?
Ak’u nahane: Bafuputsi ba fumane likarolo tse ’nè hloohong ea mohetle tse etsang hore e khone ho itšireletsa:
1. Molomo oa oona o tiileng empa o le bonolo
2. Lesapo le koahetsoeng ke nama e sarolohang e pota-potileng lehata
3. Lesapo le kang seponche le ka har’a lehata
4. Lesobana la mokelikeli o lesapong la mokokotlo le pakeng tsa lehata le boko
Karolo ka ’ngoe ho tsena e fana ka tšireletso, e leng se etsang hore mohetle o otle sefate ka makhetlo a 22 ka motsotsoana empa o sa lemale bokong.
Ba susumelitsoe ke hlooho ea mohetle, bafuputsi ba entse lebokose le ke keng la senngoa ke sefutho sa matla a khoheli a ka bang 60 000. Har’a lintho tse ling, katleho ea bona e ka ’na ea thusa ho ntlafatsa mokhoa oa ho sireletsa thepa ea ho tlaleha se etsahalang ka sefofaneng, eo hona joale e khonang ho mamella sefutho sa matla a khoheli a ka bang 1 000 feela. Kim Blackburn, e leng moenjiniere oa Univesithi ea Cranfield, e United Kingdom, o re se fumanoeng ke bafuputsi ka hlooho ea mohetle se fana ka “mohlala o hlollang oa kamoo tlhaho e hlahisang likarolo tse tsoetseng pele haholo, tse sebetsang hammoho ho rarolla lintho tseo qalong ho neng ho bonahala eka li thata.”
U nahana’ng ka see? Na hlooho e itšireletsang ea mohetle e bile teng ka tšohanyetso? Kapa na e entsoe?
[Setšoantšo se Qanollang se leqepheng la 19]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
1
2
3
4
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 19]
Redheaded woodpecker: © 2011 photolibrary.com