Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 4/12 maq. 25-27
  • Na li ka Pholosoa e le Hore li se ke Tsa Fela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na li ka Pholosoa e le Hore li se ke Tsa Fela?
  • Tsoha!—2012
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Mefuta-futa ea Lintho Tse Phelang ea New Zealand
  • Boiteko bo Botle
  • Bophelo bo Rarahaneng
    Tsoha!—2001
  • Mefuta e Kotsing Boholo ba Bothata Bona
    Tsoha!—1996
  • Lebaka Leo ka Lona Mefuta e Itseng e Leng Kotsing
    Tsoha!—1996
  • Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho Khahlanong le ho Fela ha Tsona
    Tsoha!—1996
Bala Tse Ling
Tsoha!—2012
g 4/12 maq. 25-27

Na li ka Pholosoa e le Hore li se ke Tsa Fela?

KA 2002, Machaba a Kopaneng a ile a phatlalatsa lintho tse lokelang ho finyelloa ho elella qetellong ea lilemo tse leshome, e leng ho fokotsa lebelo leo tikoloho le lintho tse phelang ho eona li felang ka eona. Tumellanong le boikemisetso boo, 2010 e ne e tlil’o ba Selemo sa Machaba sa Mefuta-mefuta ea Lintho Tse Phelang.

Ka masoabi, ha selemo seo se fihla, a ne a le hōle le ho finyella seo a neng a se rerile. Lekhotla la Khaso la Brithani e leng BBC le re: “Ka lebaka la lintho tseo batho ba li etsang, mefuta ea lintho tse phelang e fela ka makhetlo a 1 000 ho feta ha li fela ka tsela ea tlhaho.” New Zealand Herald e ile ea hlalosa taba ena ka ho hlaka, ka ho re: “Semela se le seng ho tse hlano, phoofolo e anyesang e le ’ngoe ho tse hlano, nonyana e le ’ngoe ho tse supileng le sehahabi se le seng ho tse tharo li kotsing ea ho fela lefatšeng ka bophara.” Sesosa sa bothata bona se bonahetse ha re hlahloba se etsahetseng New Zealand lilemong tse fetang lekholo tse fetileng.

Mefuta-futa ea Lintho Tse Phelang ea New Zealand

Pele ho ba le baahi New Zealand, ho ne ho e-na le lintho tse ngata tse phelang moo. Leha ho le joalo, bajaki ba pele ba naheng eo, ba ile ba tlisa mefuta ea lintho tse phelang tse ileng tsa ama hampe liphoofolo le limela tsa naha tsa sebakeng seo. Ka mohlala, Maori a ile a tlisa lintja ka mose ho Pacific ’me mohlomong le kiore (kapa khoto ea Polynesia), eo a neng a e-ja.

Joale lekholong la bo17 le la bo18 la lilemo, Maeurope a ile a fihla naheng eo, ’me a tla le likhoto, litoeba le likatse—tseo kapele feela li ileng tsa fetoha likatse tsa naheng. Maeurope a ile a boela a lokolla lipōli, likolobe le likhama hore batho ba be le lijo. Lekholong la bo 19 la lilemo, a ile a lata phoofotsoana e bitsoang possum le ’mutla ho tsoa linaheng tse ling—hore a fumane nama le boea—a sa nahane hore na liphoofolo tsena li tla ama lifate, linonyana le joang ka tsela efe.

Lilemong tsa bo-1860, limmutla li ne li se li le ngata ho feta tekano, kahoo a ile a tlisa phoofolo e bitsoang stoat. Leha ho le joalo, li-stoat li ne li rata ho ja linonyana tsa moo tse neng li lieha ho fofa li bile li hlaseleha habonolo. Ka lebaka leo, limmutla li ile tsa ’na tsa eketseha.

Kajeno, ka lebaka la liphoofolo tsena tse tsoelang pele ho baka tšenyo, Lefapha la Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho la New Zealand le tlaleha hore hajoale litsuonyana tse 9 ho tse 10 tsa kiwi e sootho tse hlahelang naheng li tla shoa le pele li qeta selemo se le seng. Mefuta e meng ea liphoofolo e se e ntse e felile tu! Eona e akarelletsa linonyana tsa mefuta e fetang 40; lihohoana tsa mefuta e 3; mofuta o le mong oa ’mankhane; le bonyane mefuta e 3 ea mokholutsoane—esita le mefuta e meng e mengata-ngata ea likokoanyana. Mefuta e fetang halofo ea limela le liphoofolo tsa New Zealand e 5 819 e balelloa har’a eo ho thoeng e kotsing ea ho fela, e leng se etsang hore limela le liphoofolo tsa moo e be tsona tse kotsing ka ho fetisisa lefatšeng.

Boiteko bo Botle

Hona joale mekhatlo ea ’muso e lula e falimehile haholo hore e thibele mefuta e kotsi ea limela le liphoofolo ho kena naheng ea New Zealand. Ho phaella moo, Lefapha la Paballo ea Lintho Tsa Tlhaho le entse matsapa a maholo a ho felisa mefuta e bakang tšenyo, haholo-holo lihlekehlekeng, ’me le boetse le entse libaka tsa tšireletso ea liphoofolo tse hlaha.

Se seng sa lihlekehleke tse tsosolositsoeng ke sa Tiritiri Matangi, se haufi le lebōpo la Hloahloa ea Whangaparaoa, e Auckland. Sebakeng sena seo ka 1993 ho ileng ha felisoa likhoto ’me ha boela ha lengoa lifate tsa moo tse ka bang 280 000, joale e se e le sebaka se laoloang se buletsoeng batho, seo baeti ba ka mamelang le ho bona mefuta ea linonyana ea linonyana e khutliselitsoeng ho sona, e akarelletsang e bonoang seoelo e bitsoang saddleback, e tšoanang le letšomila, takahe, kokako, rifleman, e tšoanang le tsoere le stitchbird, e kang motinyane. Kaha li phela ka thabo sebakeng sena seo ho se nang liphoofolo tse li jang, libōpuoa tsena tse ntle li atisa ho lumella baeti hore ba li shebele haufi.

Ka 2003, ho ile ha phatlalatsoa hore likhoto ha li sa le eo Sehlekehlekeng sa Campbell se karolong e ka tlaase ho Antarctic, ka mor’a lenaneo le nkileng lilemo tse peli la ho li felisa. Ho tloha nakong eo, limela tsa sebakeng seo lia hlaphoheloa ebile linonyana tsa leoatle lia khutla. Esita le letata la Sehlekehlekeng seo sa Campbell—la mofuta o bonoang seoelo—le se le boetse le le teng.

Haufinyane tjena, ho qaliloe mosebetsi o moholo oa ho tsosolosa sehlekehlekeng sa Rangitoto le sa Motutapu hammoho le Koung ea Hauraki, e Auckland. Sepheo sa mosebetsi ona ke ho sireletsa moru oa Pohutukawa, e leng oona o moholo ka ho fetisisa lefatšeng le ho hlokomela liphoofolo tse hlaha tse khutliselitsoeng sebakeng seo. Ka mor’a hore ho felisoe liphoofolo tse bakang tšenyo—tse kang likatse tsa naheng, limmutla, li-stoat, linōko, likhoto tsa Norway, likhoto tsa likepeng le litali—ho ile ha boela ha fumanoa lipapakhaie tsa parakeet le linonyana tse tšoanang le thaha tse bitsoang bellbirds sehlekehlekeng seo ka mor’a hore ho fete lilemo tse lekholo li le sieo!

Mehlala ena e bontša seo batho ba ka se etsang hore ba khutlisetse mefuta e kotsing ea ho fela le ho lokisa liphoso tsa ho se shebele lintho pele tseo batho ba li entseng tikolohong nakong e fetileng. Libakeng tsohle, batho ba ratang lintho tsa tlhaho ba ka lebella ka thahasello e khōlō tšepiso ea Bibele ea hore Jehova Molimo, “Moetsi oa leholimo le lefatše,” o tla felisa mekhoa e senyang, e behang lintho tsa tlhaho kotsing, ho akarelletsa limela le liphoofolo tsa naha.—Pesaleme ea 115:15; Tšenolo 21:5.

[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 25]

Hajoale litsuonyana tse 9 ho tse 10 tsa kiwi lia shoa le pele li qeta selemo se le seng

[Lebokose le leqepheng la 26]

HO SEBELISA CHELETE KA BOHLALE

Bothata boo bahlokomeli ba lintho tsa tlhaho ba talimaneng le bona lefatšeng ka bophara ke ba lethathamo le ntseng le hōla la mefuta e kotsing ea ho fela ha ho bapisoa le chelete e fokolang e teng ea hore ba sebetsane le bothata bona. Mokhoa o mong o bitsoa ho qala ka ho hlokomela lintho tsa tlhaho tsa bohlokoa pele, e leng mokhoa o tloaelehileng oa ho qala ka bakuli ba hlokang thuso haholo maemong a tšohanyetso o sebelisoang lipetlele lefatšeng lohle. Ka mokhoa ona oo hape o bitsoang ho phallela moo mathata a leng maholo tikolohong, bahlokomeli ba leka ho lebisa lichelete moo ho ka hlahang liphello tse molemo ka ho fetisisa, ba nahana ka lintlha tse kang (1) hore na mofuta oo kapa sebaka seo se nkoa e le sa bohlokoa hakae, (2) hore na bohato boo ba nahanang ho bo nka bo na le monyetla oa ho atleha le (3) litjeho tse amehang. Le hoja e se batho bohle ba lumellanang le mokhoa ona, babuelli ba oona ba re o thusa tabeng ea hore lichelete tse teng tse fokolang li sebelisoe hantle ’me ho tsepamisoe maikutlo moo ho tla ba le katleho e khōlō.

[’Mapa o leqepheng la 26]

(For fully formatted text, see publication)

NEW ZEALAND

Hauraki Gulf

Tiritiri Matangi

Rangitoto le Motutapu

Sehlekehleke sa Campbell

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Kiwi e sootho

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Takahe e seng e hōlile ea Sehlekehlekeng sa Tiritiri Matangi

[Setšoantšo se leqepheng la 27]

Sehlekehleke sa Campbell

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 25]

© S Sailer/A Sailer/age fotostock

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 27]

Takahe: © FLPA/Terry Whittaker/age fotostock; Campbell Island: © Frans Lanting/CORBIS

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela