Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 10/13 maq. 8-11
  • Lintho Tse Tharo Tseo Chelete e ke Keng ea li Reka

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lintho Tse Tharo Tseo Chelete e ke Keng ea li Reka
  • Tsoha!—2013
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Na Chelete ke Motso oa Mefuta Eohle ea Lintho Tse Mpe?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Kamoo le ka Sebelisang Chelete Hantle
    Ho ka ba le Thabo Lelapeng la Hao
  • Chelete
    Tsoha!—2014
Bala Tse Ling
Tsoha!—2013
g 10/13 maq. 8-11

SEHLOOHO SE KA NTLE

Lintho Tse Tharo Tseo Chelete e ke Keng ea li Reka

TABA ena e ea makatsa: Esita le ha batho ba ka ’na ba felloa ke mosebetsi, ba nkeloa matlo le chelete ea penshene, ba bangata ba ntse ba batla ho reka sena le sane.

Baphatlalatsi ba reng re lokela ho ba le matlo a maholo, likoloi tse ntle le liaparo tsa mabitso ba batla bona batho ba kang bao. Ba re ha u se na chelete ha ho na bothata, u ka reka ka sekoloto! Sohle seo batho ba bangata ba se batlang ke ho shebahala hantle esita le haeba seo se ba kenya likolotong.

Empa ha nako e ntse e ea, ’nete e ea hlaka. Buka ea The Narcissism Epidemic e re: “Ho reka thepa e mahalihali ka sekoloto e le hore u shebahale hantle ’me u ikutloe eka u morui, ho tšoana le ho tsuba matekoane e le hore u ikutloe u hlasimolohile. Qalong ho bonahala eka ha ho turu ebile ho molemo, empa boemo boo ke ba nakoana feela. Ka mor’a nako u sala u se na chelete ebile u sithabetse.”

Bibele e bontša bothoto ba seo e reng ke “pontšo ea mponeng ea mokhoa oa motho oa boipheliso.” (1 Johanne 2:16) ’Nete ke hore ho ameha ho tlōla ka lintho tse bonahalang, ho re sitisa ho nahana ka lintho tsa bohlokoa bophelong, tseo chelete e ke keng ea li reka. Nahana ka mehlala ena e meraro.

1. MOMAHANO EA LELAPA

Mocha e mong oa United States ea bitsoang Brianne,a o nka hore ntate oa hae o amehile haholo ka mosebetsi le chelete eo a e fumanang. O re: “Re na le lintho tse ngata ho feta tseo re li hlokang, empa Ntate o lula a le sieo hae. Kea tseba hore o tsamaisoa ke mosebetsi, empa ke nahana hore o boetse o lokela ho ipha nako ea lelapa la hae!”

Seo u ka nahanang ka sona: Ke lintho life tseo ntate oa Brianne a ka ’nang a ikoahlaela tsona hamorao? Ho ameha ho tlōla ka lintho tse bonahalang, ho ama kamano ea hae le morali oa hae joang? Ke eng eo lelapa la hae le e hlokang ho eena ho feta chelete?

Melao-motheo ea Bibele eo u ka nahanang ka eona:

  • “Mohloli oa bokhopo bohle ke ho rata chelete; ka ho e chachehela, ba bang . . . ba ikapesa ka masoabi a mangata.”—1 Timothea 6:10, Bibele—Phetolelo e Ncha.

  • “Ho molemo ho ja meroho le batho bao u ba ratang ho e-na le ho ja nama e nonneng moo ho nang le lehloeo.”—Liproverbia 15:17, Good News Translation.

Ntlha ea bohlokoa: Chelete e ke ke ea reka momahano ea lelapa. Ntho feela e ka etsang hore lelapa le momahane, ke ha le qeta nako hammoho le bile le bontšana lerato.—Bakolose 3:18-21.

2. TŠIRELETSEHO EA SEBELE

Sarah ea lilemo li 17 o re: “’Mè o lula a mpolella hore ke lokela ho nyaloa ke monna ea nang le chelete e ngata le hore ke ithute e le hore ke fumane mosebetsi o motle oo nka iphelisang ka oona. Ho bonahala sohle seo a amehileng ka sona e le hore na o tla fumana chelete joang.”

Seo u ka nahanang ka sona: Ha u nahana ka bokamoso, ke lintho life tse utloahalang tseo u amehileng ka tsona? Ke neng moo ho ameha ka lintho tseo e bang ho tšoenyeha ho sa lokelang? ’Mè oa Sarah a ka ’na a etsa’ng ho thusa morali oa hae hore a be le pono e leka-lekaneng ka chelete?

Melao-motheo ea Bibele eo u ka nahanang ka eona:

  • “Khaotsang ho ipolokela matlotlo lefatšeng, moo tšoèlè le mafome li jang, le moo masholu a thuhang ’me a utsoe.”—Matheu 6:19.

  • “Ha le tsebe hore na bophelo ba lōna bo tla ba joang hosasane.”—Jakobo 4:14.

Ntlha ea bohlokoa: Ho ameha lintho tse ngata hore motho a be le bokamoso bo sireletsehileng, hase feela taba ea ho bokella chelete e ngata. Ho feta moo, chelete e ka utsuoa ’me e ke ke ea phekola maloetse kapa ea thibela lefu. (Moeklesia 7:12) Bibele e ruta hore tšireletseho ea sebele e tlisoa ke ho tseba Molimo le merero ea hae.—Johanne 17:3.

3. KHOTSOFALO

Tanya ea lilemo li 24 o re: “Batsoali ba ka ba nthutile hore ke phele ka tsela e itekanetseng. ’Na le lefahla la ka re hōtse re thabile, le hoja boholo ba nako re ne re se na lintho tse ngata hakaalo.”

Seo u ka nahanang ka sona: Ke hobane’ng ha u ka ’na ua thatafalloa ho khotsofalla ho ba le lintho tse seng kae? Tsela eo u ikutloang ka eona ka chelete, e behela ba lelapa la hao mohlala ofe?

Melao-motheo ea Bibele eo u ka nahanang ka eona:

  • “Ha re e-na le lintho tsa ho iphelisa le liaparo le tšireletso, re tla li khotsofalla.”—1 Timothea 6:8.

  • “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea.”—Matheu 5:3.

Ntlha ea bohlokoa: Ho na le lintho tsa bohlokoa haholo bophelong ho feta chelete le lintho tseo e ka li rekang. Etsoe Bibele e re: “Esita le ha motho a e-na le ho hongata haholo bophelo ba hae ha bo hlahe linthong tseo a nang le tsona.” (Luka 12:15) Ha e le hantle, batho ba ka fumana khotsofalo ea sebele ka ho araba lipotso tsena tsa bohlokoa:

  • Ke hobane’ng ha re le moo lefatšeng?

  • Bokamoso bo re tšoaretse’ng?

  • Nka khotsofatsa tlhoko ea ka ea moea joang?

Lipaki Tsa Jehova tse hatisang makasine ena, li ka rata ho u thusa ho fumana likarabo tsa lipotso tse ka holimo.

a Mabitso a fetotsoe sehloohong sena.

Ke Eng se Tlisang Thabo Bophelong?

Buka ea The Narcissism Epidemic e re: “Batho ba ratang ho rua ha baa thaba ebile ba sithabetse. Esita le ba batlang ho ba le chelete e ngata baa imeloa kelellong; ba tšoaroa ke maloetse a mangata a kang ’metso, mokokotlo le hlooho ’me ba atisa ho noa haholo le ho sebelisa lithethefatsi. Kamoo ho bonahalang kateng, batho ba batlang ho ema hantle licheleteng ba apareloa ke mesarelo.”

Li se li ea ka Sepheo se Fapaneng

“Lilemong tsa bo-1960 le mathoasong a bo-1970, ha liithuti tse ngata li ne li botsoa hore na ke hobane’ng ha li ea k’holejeng li ne li re ‘li batla ho ruteha’ kapa ‘ho ntšetsa pele filosofi e itseng bophelong.’ Ke tse seng kae feela tse neng li re lebaka le ka sehloohong la ho ea k’holejeng ke hore ‘li fumane chelete e ngata.’ Empa mathoasong a bo-1990, liithuti tse ngata li ne li se li re lebaka le ka sehloohong la ho ea k’holejeng ke hore ‘li fumane chelete e ngata’ . . . Ke hona nakong ena, moo lenane la tse tepeletseng maikutlo, tse ipolaeang le tse nang le mathata a mang a kelello le ileng la eketseha ka sekhahla.”—The Price of Privilege, ea Dr Madeline Levine.

“Ho Itebatsa Mathata ka ho Reka”

Dr. Madeline Levine o re, “ho itebatsa mathata ka ho reka” ho khatholla batho ba phoqiloeng ke ba malapa a bona, baahelani le likereke. Bukeng ea hae e bitsoang The Price of Privilege, o re: “Ho reka ke tsela e ’ngoe ea ho laola lintho tse etsahalang bophelong ba rōna. Ho re fa matla a ho laola seo re se etsang ’me ho etsa hore moreki a ikutloe a na le matla a itseng. Boikutlo bo joalo hase ba sebele . . . Ha e le hantle, likhoebo tse khōlō ke tsona tse nang le matla hammoho le baphatlalatsi ba tsona, ba lefelloang ho fana ka maikutlo a hore thepa e rekoang e fa bareki matla a itseng le ho ba sireletsa.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela