Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 3 maq. 8-9
  • Seo bo-rasaense ba sa se tsebeng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Seo bo-rasaense ba sa se tsebeng
  • Tsoha!—2021
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Setsebi se Sebetsanang le Masea a E-s’o Hlahe se Hlalosa Tumelo ea Sona
    Tsoha!—2016
  • Bokahohle le Bophelo li Bile Teng Joang?
    Tsoha!—2002
  • Saense e U Ama Joang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2015
  • ’Mōpi a ka Etsa Hore Bophelo ba Hau bo be le Morero
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 3 maq. 8-9
Tichere ea saense e buisana le bana ba sekolo.

Seo Bo-rasaense ba sa se Tsebeng

Le hoja bo-rasaense ba ithutile lintho tse ngata, ba ntse ba sa khone ho araba lipotso tsa bohlokoa tseo re ipotsang tsona.

Na bo-rasaense baa tseba hore bophelo le lintho tsohle li bile teng joang? Karabo ke che. Batho ba bang ba re bo-rasaense ba ithutang ka hore na lintho li bile teng joang ba ka khona ho hlalosa hore na bophelo bo qalile joang. Leha ho le joalo Moprofesa e mong ea bitsoang Marcelo Gleiser ea tsoang Dartmouth College ea ithutang ka linaleli, o re: “Ha re e-s’o ka re khona ho hlalosa hore na maholimo le lefatše li bile teng joang.”

Sehlooho se hlahang makasineng ea Science News ha se bua ka hore na bophelo bo bile teng joang le sona se re: “E ka ’na ea e-ba ntho e sa khoneheng ho hlalosa hore na bophelo bo qalile joang mona lefatšeng. Boholo ba mesaletsa ea lintho tsa khale e neng e ka re bolella hore bophelo bo qalile joang, ha e sa fumaneha.” Ho latela litlhaloso tsena rea hlokomela hore saense ha e-s’o ka e khona ho hlalosa hore na lintho tsohle le bophelo li bile teng joang. Haeba ho na le motho ea entseng hore bophelo bo be teng, ke mang?

E ka ’na eaba u ile oa ipotsa lipotso tsena tse latelang: haeba ho na le ’Mopi ea bohlale le ea lerato, ke hobane’ng ha a lumella batho hore ba utloe bohloko? Ke hobane’ng ha ho e-na le malumeli a mangata hakaale? Ke hobane’ng ha a lumella batho ba mo rapelang hore ba etse lintho tse mpe hakaale?

Saense e ke ke ea khona ho araba lipotso tsena. Empa seo ha se bolele hore u ke ke oa khona ho fumana likarabo tse khotsofatsang tsa lipotso tsena. Ha e le hantle, batho ba bangata ba ile ba fumana likarabo tse khotsofatsang ka hare ho Bibele.

Ho na le bo-rasaense ba ileng ba ipha nako ea ho ithuta Bibele ’me ba lumela hore ho na le ’Mopi. E le ho utloa maikutlo a bona, kena ho jw.org/st ebe u batla Lintlha tsa Qaleho ea Bophelo.

Saense le Bibele li Ile Tsa ba Kholisa

Georgiy N. Koidan, ea sebetsang ka lik’hemik’hale o re:

“Mosebetsi oa ka ke ho kopanya lik’hemik’hale tse fapaneng e le hore li etse limolek’hule. Ha u etsa sena, u lokela ho ba hlokolosi hobane ha u ka etsa phoso u tl’o senya molek’hule ona. Le hoja mosebetsi oa ka o rarahane ebile o le thata, o bonolo ha o bapisoa le se etsahalang ka har’a lisele tse phelang tse etsang li-molek’hule tse rarahaneng haholo. Sena se etsa hore ke lumele hore ho na le Molimo ea tsebang haholo ka lik’hemik’hale ho feta batho.”

“Ha ke bala Bibele, ke ile ka hlokomela hore e fapane le libuka tse ling. Le hoja Bibele e ngotsoe lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, keletso ea eona e ntse e le ea bohlokoa le kajeno. Keletso ea eona e sebetsa e le kannete ho rarolla liqabang tse ka bang teng pakeng tsa lelapa, basebetsi-’moho le baahisane. Ke ile ka hlokomela hore likeletso tse joalo e tlameha ebe li tsoa ho motho ea bohlale haholo ho feta batho.”

Yan-Der Hsuuw, ea ithutang ka masea a sa tsoa emoloa o re:

“Pele lesea le sa tsoa emoloa le e-ba le sebopeho, lisele tsa lona li lokela ho sebelisana hammoho e le hore li khone ho etsa methapo ea kutlo, mesifa, masapo, mali le lintho tse ling tse hlokahalang e le hore qetellong le be le sebopeho. Le ho na joale re ntse re sa utloisise hore na lisele tsena li sebetsa joang e le hore li qetelle li entse motho. Ho ea ka ’na, ke bona eka bophelo bo tsoa ho moqapi ea bohlale.”

“Tsela eo Pesaleme ea 139:15, 16 e hlalosang tsela eo ngoana ea sa tsoa emoloa a holang kateng, e tšoana le eo bo-rasaense ba qetang ho e fumana morao tjena. Taba ea hore tlaleho ena e ngotsoeng khale hakana e nepahetse ea bontša hore mongoli oa pesaleme ena o ne a susumelitsoe ke Molimo.”

Shebella video ea Rocío Picado Herrero: Tichere ea Chemistry e Hlalosa Tumelo ea eona. Batla sehlooho sa video ena websaeteng ea jw.org.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela