Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • be thuto 51 leq. 263-leq. 264 ser. 4
  • E Bolokile Nako Hantle, e Arotsoe Hantle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • E Bolokile Nako Hantle, e Arotsoe Hantle
  • Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lebokose la Lipotso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Ho Lokisetsa Lipuo Tse Tobisitsoeng Phuthehong
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Lokisetsa Likabelo Tsa Seithuti Bakeng sa Sekolo
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Ho Bua U sa Bale Kemiso e Ngotsoeng
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
Bala Tse Ling
Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
be thuto 51 leq. 263-leq. 264 ser. 4

Thuto 51

E Bolokile Nako Hantle, e Arotsoe Hantle

Ke eng seo u lokelang ho se etsa?

Nehelana ka puo ea hao ka nako e fanoeng ’me u arole nako ea hao hantle bakeng sa karolo ka ’ngoe ea puo eo.

Ke Hobane’ng ha e le Habohlokoa?

Ho lokela hore ho fanoe ka nako e lekaneng bakeng sa ntlha ka ’ngoe ea sehlooho ea thuto. Ke habohlokoa hore seboka se fele ka nako.

LE HOJA ho lokela ho lebisoa tlhokomelo e khōlō tabeng ea boleng ba ho ruta ha hao, nako ea lipuo tsa hao le eona e lokela ho eloa hloko. Liboka tsa rōna li behetsoe nako eo li qalang ka eona le eo li felang ka eona. Hore sena se finyelloe ho hlokahala hore e mong le e mong ea nang le karolo lenaneong a be le tšebelisano-’moho.

Mehleng ea Bibele, batho ba ne ba talima bophelo ka tsela e fapaneng le eo ho leng ka eona kajeno libakeng tse ngata. Ha ho ne ho buuoa ka nako ho ne ho sebelisoa mantsoe a lekanyetsang a kang “hoo e ka bang ka hora ea botšelela” kapa “hoo e ka bang ka hora ea leshome.” (Mat. 20:3-6; Joh. 1:39) Batho ba ne ba sa ikhathatse hakaalo ka ho beha nako e tobileng bakeng sa mesebetsi ea letsatsi le letsatsi. Kajeno likarolong tse ling tsa lefatše, batho ba ntse ba e-na le maikutlo a tšoanang ka nako.

Leha ho le joalo, le hoja tloaelo ea sebaka kapa khetho ea motho e ka etsa hore batho ba se ke ba ameha haholo ka nako, re ka rua molemo ka ho ithuta ho e fa tlhokomelo e loketseng. Ha batho ba ’maloa ba abetsoe lipuo lenaneong, ho lokela ho nahaneloa nako e fanoeng bakeng sa puo ka ’ngoe. Molao-motheo o reng “lintho tsohle li ke li etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso” o ka sebelisoa hantle tabeng ea nako ea likabelo tsa rōna libokeng.—1 Bakor. 14:40.

Ho Boloka Nako. Tokisetso ke senotlolo. Ka tloaelo, libui tse nang le bothata ba nako ha li lokisetse hantle. Mohlomong li itšepa ho tlōlisa. Kapa mohlomong li lieha ho lokisetsa ho fihlela motsotsong oa ho qetela. Ho boloka nako hantle ho qala ka ho ananela kabelo ea hao le ho ikemisetsa ho e lokisetsa hantle.

Na u fuoe kabelo ea ’malo? Pele, hlahloba Thuto ea 4 ho ea ho ea 7, tse akarelletsang ho bua ka mokhoa o phollatsi, ho etsa khefu, ho hatisa mohopolo le ho hatisa lintlha tse khōlō. Joale, sebelisa keletso eo ha u ntse u bala boitsebiso boo u bo abetsoeng ka lentsoe le phahameng. Sheba hore na u nka nako e kae. Na ho hlokahala hore u bale ka potlako e le hore u qete ka nako e fanoeng? Feta kapele likarolong tseo e seng tsa bohlokoa haholo, empa u tsoele pele ho sebelisa khefu le ho fokotsa lebelo bakeng sa ho hatisa mehopolo ea bohlokoa. Itlhakise ka makhetlo a mangata. Ha u ntse u ntlafatsa tabeng ea ho ba phollatsi, ho tla ba bonolo haholoanyane ho laola nako ea hao.

Na u tla be u bala pampiring? Ho tiisa hore u boloka nako, ha ho hlokahale hore u ngole lentsoe le leng le le leng, joalokaha eka ke puo e baloang. Ha u sebeletsa Thutong ea 25, u ithutile tsela e molemonyana. Hopola lintlha tsena tse hlano: (1) Lokisetsa boitsebiso bo molemo, empa eseng bo bongata haholo. (2) Hopola mehopolo ea sehlooho ka ho hlaka, empa u se ke ua tšoara lipolelo kaofela ka hlooho. (3) Kemisong ea hao ngola hore na u rerile ho sebelisa nako e kae karolong ka ’ngoe ea puo ea hao kapa hore na ho tlameha ho be ho fetile nako e kae ha u fihla lintlheng tse itseng. (4) Ha u lokisetsa, hlahloba hore na ke lintlha life tseo u ka li tlohelang haeba u hlokomela hore nako ea u siea. (5) Itlhakisetse nehelano ea hao.

Ho itlhakisa ke habohlokoa. Ha u ntse u itlhakisa, boloka nako e behiloeng bakeng sa karolo ka ’ngoe ea puo ea hao. Pheta puo ea hao ka makhetlo a mangata ho fihlela puo ea hao kaofela e fella hantle nakong eo u e abetsoeng. U se ke ua leka ho akaretsa boitsebiso bo bongata haholo. Iphe sebaka sa ho tenyetseha hobane ho fana ka puo ea hao ka pel’a bamameli ho ka nka nako e teletsana ho feta ha u itlhakisa u le mong.

Ho Aro-arola Likarolo. Ho boloka nako ho amana haufi-ufi le ho aro-aroloa ha likarolo tsa puo. Boholo ba nako bo lokela ho sebelisetsoa ho nehelana ka ’mele oa puo. Ke hona moo lintlha tsa sehlooho tsa thuto li leng teng. Kenyelletso e lokela ho ba telele ka ho lekaneng e le hore e finyelle lipakane tse tharo tse tšohliloeng Thutong ea 38. ’Mele oa puo ha oa lokela ho ba molelele hoo ho se nang nako e lekaneng ea ho etsa sephetho se sebetsang, tumellanong le Thuto ea 39.

Boiteko ba hao ba ho boloka nako bo tla fella ka ho fana ka puo e molemo ’me bo tla bontša hore u hlompha ba bang ba nang le lipuo lenaneong le hore u hlompha phutheho kaofela.

KAMOO U KA HO ETSANG KATENG

Lokisetsa hantle—nako e sa le teng.

Beha nako e lekaneng hantle bakeng sa karolo ka ’ngoe ea puo ea hao ’me u e khomarele.

Itlhakisetse nehelano ea hao.

BOITLHAKISO: Lokisetsa ho fihla libokeng tsa phutheho metsotso e 15 ho ea ho e 20 pele li qala ka hore uena le lelapa la hao le behe nako e lekaneng ea ho itokisa. Nahanela nako ea ho tsamaea. Nahana kamoo u ka sebetsanang kateng le mathata a tloaelehileng a ka etsang hore u fihle ka mor’a nako. Leka lenaneo la hao ka makhetlo a ’maloa, u etse liphetoho moo ho hlokahalang. Ho sebetsa melao-motheo e tšoanang ha u fana ka lipuo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela