Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • km 1/04 leq. 3
  • Lebokose la Lipotso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lebokose la Lipotso
  • Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • E Bolokile Nako Hantle, e Arotsoe Hantle
    Rua Molemo Thutong ea Sekolo sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo
  • Qalisang le ho Phetha Liboka ka Nako
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—1991
  • Mokhoa oa ho Lokisetsa Seboka sa Tšebeletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2009
  • Litaelo ho ba Fanang ka Lipuo Sebokeng sa Tšebeletso
    Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ea 2010
Bala Tse Ling
Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso—2004
km 1/04 leq. 3

Lebokose la Lipotso

◼ Re ka tiisa joang hore re boloka nako libokeng tsa phutheho?

Ha re buisana ka ntho e monate le metsoalle nako e feta kapele. Ka lebaka lena, e ka ba bothata ho fana ka lipuo sebokeng ka nako e behiloeng. Ke’ng se ka thusang?

Qalang ka nako. Ha phutheho eohle e kopana, ho ka ba molemo ho kōpa bamameli hore ba lule fatše motsotso kapa e ’meli esale pele e le hore seboka se ka qala ka nako e behiloeng ka tsela e laolehileng. (Moek. 3:1) Liboka tsa lihlopha tse nyenyane, tse kang liboka tsa tšebeletso ea tšimo, ha lia lokela ho liehisoa kahobane ho letetsoe ba ka ’nang ba fihla ka mor’a nako.

Lokisetsa ka botlalo. Senotlolo sa ho boloka nako ke ho lokisetsa esale pele. Hopola sepheo sa puo ka ho hlakileng. Khetha lintlha tsa sehlooho ’me u li totobatse. Qoba ho khelosoa ke lintlha tse fokolang. Boloka nehelano e le bonolo. Haeba puo e e-na le lipontšo kapa lipuisano, li hlahlobe esale pele. Ka hohle kamoo ho ka khonehang, lekanyetsa nako ea puo ea hao ha u ntse u itlhakisetsa eona ka lentsoe la phahameng.

Arola boitsebiso ba hao. Ebang u abetsoe puo kapa puisano le bamameli, ho ka ’na ha e-ba molemo ho e arola ka likarolo tse itseng. Etsa qeto ea hore na u tla qeta nako e kae karolong ka ’ngoe, ’me u e ngole ka thōko kemisong ea hao ea puo. Ebe u lisa nako ea hao ha u ntse u fana ka puo. Puisanong le bamameli, qoba leraba la ho lumella likarabo tse ngata haholo qalong hoo u lokelang ho hoalotsa boitsebiso ba bohlokoa bo hlahang moraonyana puong. Bakhanni ba Thuto ea Molula-Qhooa ba lokela ho siea nako e lekaneng bakeng sa ho tšohla lebokose la tlhahlobo qetellong. Hape ba lokela ho ba hlokolosi hore ba se ke ba ja nako ea pina le thapelo e koalang.

Phethang ka nako. Haeba seboka se e-na le lipuo tse ’maloa, joaloka Seboka sa Tšebeletso, sebui ka seng se lokela ho ba hlokolosi hore na puo ea sona e lokela ho qala le ho fela neng. Ho ka etsoa’ng haeba ho bonahala hore seboka se tla ja nako? Mor’abo rōna a le mong kapa ba ’maloa ba ka ’na ba khona ho fokotsa nako ea bona ka ho hatisa lintlha tsa sehlooho ’me ba tlohele boitsebiso bo bong. Ho khona ho etsa joalo ho bontša hore motho ke mosuoe ea hloahloa.

Re le bamameli, re ka thusa mor’abo rōna ea tšoereng seboka ka ho khutsufatsa likarabo tsa rōna le ho toba taba. Kahoo, kaofela ha rōna re ka tlatsetsa hore liboka li tšoaroe “ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—1 Bakor. 14:40.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela