Litaelo ho ba Fanang ka Lipuo Sebokeng sa Tšebeletso
Ho qala ka khatiso ena ea Tšebeletso ea Rōna ea ’Muso ho tla sebelisoa mantsoe a bonolo kemisong ea Seboka sa Tšebeletso. Litaelo tse latelang le likhopotso li tla lokisa li be li hlakise litaelo tse hlahang Tšebeletsong ea Rōna ea ’Muso ea May 2009 sehloohong se reng, “Mokhoa oa ho Lokisetsa Seboka sa Tšebeletso.”
◼ Puo: Ke puo e thehiloeng tabeng e fanoeng. Bamameli ha ba nke karolo ho eona. Sebui se lokela ho tsepamisa mohopolo tabeng e tla tsoela phutheho molemo o moholo.
◼ Lipotso le Likarabo: Puo ena e tšoana le Thuto ea Molula-Qhooa ka hore kenyelletso ea eona le sephetho li khutšoanyane, ’me ho botsoa lipotso serapeng se seng le se seng. Sebui se lokela ho qoba ho bua lolololo. Ho ka baloa mangolo a sehlooho haeba nako e lumela. Lirapa ha lia lokela ho baloa ntle le haeba ho boletsoe.
◼ Puisano: Puong ena ho na le moo bamameli ba nkang karolo. Hase puo feela ebile ha ho botsoe lipotso serapeng se seng le se seng.
◼ Lipontšo le Lipuisano: Moo ho itsoeng suthela pontšo ho boleloa hore mor’abo rōna ea fanang ka puo oa ikarabella hore a lokisetse hore ho be le pontšo; hase eena ea etsang pontšo. O lokela ho khetha batho ba ka khonang ho e etsa hantle le ba behang mohlala, ’me o lokela ho lokisetsa le bona esale pele haeba ho khoneha. E ka ba hantle hore a se ke a fa bahoeletsi ba bacha le ba se nang phihlelo monyetla oa ho etsa lipontšo tsa kamoo mosebetsi o lokelang ho etsoa kateng feela hore a ba utloise hore na ho joang ho ba sethaleng. Leha ho le joalo a ka ba sebelisa e le beng ba matlo. Bahoeletsi ba etsang lipontšo tsa kamoo molaetsa o lokelang ho boleloa kateng ba lokela ho talima bamameli. Ba sebelisoang lipuisanong le bona ba lokela ho lula sethaleng eseng har’a bamameli. Lipontšo le lipuisano li lokela ho hlahlojoa pele. Haeba sebui se siiloe ke nako ’me se lokela ho khutsufatsa puo ea sona, ha sea lokela ho tlohela lipontšo le lipuisano. Bahlanka ba sebeletsang ba lokela ho buisana le mohokahanyi oa sehlopha sa baholo kapa moholo e mong pele ba khetha batho bao ba tla ba sebelisa.
Haeba puo e ’ngoe e e-na le litaelo tse khethehileng, li lokela ho lateloa ka hloko. Ha barab’abo rōna ba beha lipuo ka tsela e bontšitsoeng ba tla thusa hore Sebokeng sa Tšebeletso lintho li “etsahale ka mokhoa o hlomphehang le ka tlhophiso.”—1 Bakor. 14:40.