Mohlala o Motle oa Jakobo
Ho ne ho fetile lilemo Jakobo le mor’abo Esau ba sa buisane. Ha e le hantle, Esau o ne a hloile Jakobo. Le hoja Jakobo a ne a sa etsa letho le phoso, ke eena ea ileng a ithaopela ho rarolla bothata bo neng bo le teng pakeng tsa bona. O ile a ithapalatsa. Sepheo sa hae e ne e se hore a hlōle khang empa e ne e le ho etsa hore mor’abo a mo rate. Jakobo ha aa ka a lahla melao-motheo eo a neng a phela ka eona, empa le teng ha aa ka a tsitlella hore mor’abo a kōpe tšoarelo pele ba bōpa khotso.—Genese 25:27-34; 27:30-41; 32:3-22; 33:1-9.
U etsa’ng ho rarolla liqabang le ba lelapa leno? Ka linako tse ling, u ka ’na ua nka hore ho hlakile hore ke uena ea nepileng, ha ngoan’eno kapa motsoali oa hao a fositse. Boemong bo joalo, na u emela hore motho e mong e be eena ea buisanang le uena pele? Kapa na u ka etsisa Jakobo? Haeba ho se letho le khahlanong le melao-motheo ea Bibele, na u tla ikemisetsa ho ithapalatsa e le hore le bōpe khotso? (1 Petrose 3:8, 9) Jakobo ha aa ka a lumella boikhohomoso hore bo arole lelapa labo. O ile a ikokobetsa ’me a bōpa khotso le mor’abo. Na u tla etsa se tšoanang ho ba lelapa leno?