Lebaka Leo Armageddone e Lokelang ho Loanoa ka Lona
“MOLIMO KE LERATO.” Moapostola Johanne ha a re feela Molimo o bontša lerato, empa ke lerato—boleng ba lerato.—1 Johanne 4:8, Phetolelo e Ncha ea Sesotho.
Empa, ba bang ba tšoantša Molimo oona ona oa lerato e le molimo o tletseng phetetso o otlang ka sehlōhō ba tlohileng mohaung oa oona. Ka baka leo, ba bangata ba lahlehetsoe ke tumelo ho Molimo kapa ba soma Bibele, ba bolela hore ho hang e ke ke ea tsoa ho Molimo o joalo. Likarolo tsa buka ea Tšenolo tse buang ka likahlolo tsa Molimo ho ba khopo ho fihlela ntoeng ea Armageddone ke tsona tse hlileng li nyatsuoang haholo.
Ka mohlala, Joseph Wheless o-oa ngola bukeng ea hae, Is It God’s Word?: “Ruri ’mali ea imametseng a ke ke a mamella pono ea tšenolo e senolang moea o bakileng o leng har’a baetsalibe ba hlomolang (e-bang ke ba sebe sa tlhaho kapa se bolaeang), ba ‘hlokofatsoang moo ka mollo le sebabole ho shebelletse mangeloi a halalelang le Konyana,’ kaofela a shebelletse ka ho khotsofala ha ‘mosi oa ho hlokofala ha bona o nyolohang ka mehla le mehla: ’me ba se na phomolo motšehare kapa bosiu’ bohaleng bo tukang ba Molimo o Matla ’Ohle (Tšen. xiv, 10, 11). Ena ke tšenolo e bululetsoeng ea Molimo oa lerato lohle.”
Moprofesa Gerald A. Larue oa Univesithi ea California Boroa ha a hlasela tlaleho ea Tšenolo, le eena o ngotse makasineng oa Free Inquiry: “Ba sa lumelang ba tla akheloa ka sekoting sa bohloko bo sisimosang maikutlo. Kotlo eo hase boiphetetso ba leihlo ka leihlo; leha e le hore ke ketso ea toka ea ho iphetetsa ka ho bolaea ’molai le bohle ba ntlo ea hae (bapisa Gen. 4:23, [24]; Josh. 6; jj.). Mona kotlo ke ea ka ho sa feleng. Mohau ha o eo, kotlo ha e na bofelo. Ha ho tšoarelo, ke feela kotlo e amohang motho molemo oa hore a mpe a felisoe ho hang. Hona hase tšoantšetso ea Jesu ea mosa le bonolo.” Joale, ha a qotsa Tšenolo 14:9-11, o tsoela pele: “Mona nako ea ho sekeha le lona lerama le leng e felile—mona ke boiphetetso bo sehlōhō le bo bohale bo etsoang ka bobatana boo ha ho bapisoa bo fetolang mahloriso a Nazi lefeela.”
Ka ho utloahalang, menahano ea ho hlokofatsoa ha baetsalibe ka ho sa feleng e ka hlahisa lipelaelo ka ‘Molimo o lerato.’ Empa maikutlo a joalo a theiloe kutloisisong e sa nepahalang ea Bibele le litšoantšetso tse sebelisitsoeng ka ho eona. Ha ho moo Bibele e rutang hore moea ha o shoe. Ho e-na le hoo, Mangolo a supa hore “moputso oa sebe ke lefu”—e seng tlhokofatso ea ka ho sa feleng—le hore lefung kutlo ea motho, e akarelletsag matla a ho utloa bohloko, e-ea khaotsa.—Ba-Roma 6:23; Moeklesia 9:5, 10.
Ke kahlolo, e seng kotlo, e emang ka ho sa feleng—kaha ba khopo ba felisoa ka ho feletseng ka “letšeng la mollo,” le tšoantšetsang timetso e phethahetseng. (Tšenolo 20:14, 15; 21:8) Ho ntse ho le joalo, ntoa ea Armageddone e tla tlisetsa batho bohloko bo fetisisang le bothata, ’me ke ntoa e tla tšolla mali ho feta tsohle tse kileng tsa loanoa. (Mattheu 24:21, 22; Tšenolo 14:20; 19:17, 18) Na e tsoa ho ‘Molimo o lerato’? Na ka sebele Molimo o tla tlisa ntoa e joalo?
Pontšo ea Lerato la Molimo
Ha e le hantle, ke ka lebaka la lerato la Molimo ntoa ea Armageddone e tlamehang ho loanoa. Morero oa Jehova Molimo bakeng sa lefatše ke ho le tsosolosetsa boemong ba lona ba pele ba paradeise, le hore batho ba phele ho lona ka khotso le phetheho “ho se e mong ea ba tšosang.” (Ezekiele 34:28; Mikea 4:3, 4; Tšenolo 21:4) E be joale ho tla etsoa joang ka bao ka bokebekoa ba bona le morusu ba neng ba tla senya tšireletseho ea paradeise e tsosolositsoeng? Ha ho tsamaiso e qapiloeng ke motho e atlehileng ho sebetsana le bothata bona. Tsela feela ea ho tiisa hore khotso e phethahetseng e ba teng ke ka ho felisa le moroeroenyana feela oa bokhopo. E, Molimo o tlameha ho timetsa ba khopo ka ho feteletseng molemong oa ba batlang ho etsa se lokileng. O nka bohato ka baka la lerato, ho tlosa lefatšeng ba neng ba tla le senya.—Tšenolo 11:18.
Empa ha ho hlokahale hore ho be le motho ea shoang. Moapostola Pauluse o ngotse, ‘Thato ea Molimo ke hore batho bohle ba bolokehe.’ (1 Timothea 2:4) ’Me Petrose le eena ha a ngola tlas’a pululelo, o re: “Ha a rate ha ba bang ba ka timela, empa o rata hore bohle ba finyelle pakong.” (2 Petrose 3:9) Molimo o lokiselitse hore ‘litaba tse molemo tsa ’muso’ li boleloe e le hore e mong le e mong a be le monyetla oa ho sebeletsa polokeho ea hae. (Mattheu 24:14; Ba-Filippi 2:12; Ba-Galata 6:5) U ka phela ka ho sa feleng phethehong lefatšeng la paradeise. Boikhethelo ke ba hao. (Ba-Roma 2:5-9; Ezekiele 18:23, 32) Na see hase sona seo u ka se lebellang ho Molimo o lerato?
Tseko ea Borena
Hore ho tle ho be le khotso e phethahetseng le khutso, ho tla ba le ’muso o le mong o busang lefatše lohle—’Muso oa Molimo. Na mebuso e mengata ea batho kaofela ha e loanele melemo ea eona ea bosechaba ba boithati, bo bakileng qhoebeshano le tšollo ea mali haholo hakaale lefatšeng ka bophara? Mebuso ena e tlameha ho tlosoa ho hleka tsela bakeng sa puso e lokileng ea ’Muso oa Molimo tlas’a Kreste. (Daniele 2:44) U rapella ’muso oo oa leholimo ha u pheta-pheta thapelo ea mohlala eo Jesu a e fileng barutuoa ba hae: “Ho tle ’muso oa hao; thato ea hao e etsoe lefatšeng, joale ka ha e etsoa leholimong.”—Mattheu 6:10.
Empa ke ’muso ofe oo u o tsebang o ithaopelang ho tela borena ba oona ’me o ipee ka ho feletseng ’Musong oa Molimo? Ho e-na le hoo, na mebuso ha e-ea tseparela boreneng ba eona, e ntse e batla ho atolosa tšusumetso ea eona ho nyeliseng ’Muso o hlomiloeng oa Molimo? (Pesaleme ea 2:1-9) Na ho kile ha e-ba le pontšo ea hore lichaba li tla tlohela puso ea tsona ho e nea Molimo le Kreste? Ho hlōleha ha mokhatlo oa Machaba a Kopaneng e le kofuto bakeng sa khotso ea lefatše ho bontša ho se utloisise ha lichaba ho ineela moo lithahasello tsa boithati tsa bosechaba li amehang le ho ikokobeletsa morena a le mong. Lichaba li ikemiselitse ho tsamaisa litaba tsa lefatše ka tsela ea tsona. (Tšenolo 17:13, 14; 19:19) Ka hona ntoa ea Armageddone e tlameha ho loanoa ho felisa khang ena e telele ’me e lokise ka ho sa feleng tseko ea hore na ke mang ea nang le tokelo ea ho busa lefatše.
Ho Kholisa Litlhoko tsa Motho
Ka Armageddone Jehova o tla nka bohato a hopotse lithahasello tse molemohali tsa batho. Nahana. U ikutloa joang ka maemo a hona joale a lefatše? Na u a rata a le tjee? Na u ikutloa u sireletsehile tlas’a tšoso ea ho felisoa ka “nuclear”? Na u-ua thothomela ha u bona merusu e tota, motse oa heno o hloka tšireletseho ho ea pele? Na u tsietsing ka bana ba hao le bokamoso ba bona? U bona topollo efe? Na ho na le ’muso o seng o kile oa bontša hore o ka tlisa khotso le nala bathong bohle? Na ho na le o tsebileng ho felisa ho kula le lefu lefatšeng? Ho e-na le hoo, na maemo a lefatše ha a ea mpefala haholo ho sa tsotellehe se finyelletsoeng ke motho mahlaleng a lintho tse sebelisoang, ’me hangata a feteletsoa ke eona tsoelopele e joalo? Ke ’Muso oa Molimo oa ho loka feela o tla kholisa ka ho feletseng litlhoko tsa batho. Ke ka oona feela khotso ea ’nete e tlang ho busa lefatšeng kaofela. Ntoa ea Armageddone e tlameha ho loanoa!
Empa ho thoe’ng ka bohloko le mahlomola tseo batho ba tla feta ho tsona ka baka la bohato ba Molimo ba ho hloekisa lefatše? Kamehla tsena e bile litholoana tsa ntoa. Li tla etsahala Armageddone hobane feela lichaba li lomahantse meno ho hanyetsa puso ea Molimo. Li ikemiselitse ho loana le ho setlela. (Pesaleme ea 2:2, 3) Oo hase molato oa Molimo. O ba lemosa ka tšoanelo: “Joale, he, marena, hlalefang; le lōna, baahloli ba lefatše, le eletsoe! Sebeletsang Jehova ka tšabo, ’me le thabe le ntse le thothomela! Akang Mora, a se tl’o halefa, ’me la timela tseleng ea lōna, hobane bohale ba hae bo se bo tla tuka. Ho lehlohonolo bohle ba beileng tšepo ea bona ho eena!”—Pesaleme ea 2:10-12.
Joale nahana. Maemo a lefatše a ne a tla ba joang haeba Molimo o ne o ka checha ho kenella ho lokisa litaba tsa lefatše? Na lintoa, merusu le mahloeo li ne li ke ke tsa tsoela pele li sa thijoe joalokaha li entse ho theosa le makholo a lilemo a puso ea motho? Na hona joale ha li ea tiea matla hoo batho ba tšosoang ka ntoa ea “nuclear” le chefu ea eona ea metsoako e kotsi? Hantle-ntle Armageddone ke ntho e molemo haholo e ka etsahallang lefatše la rōna! E tla felisa tsela ea boithati ea boipolao ba lichaba. E tla tlosa litsamaiso tse tlisetsang batho mahlomola, ’me e hlekele tsamaiso ea lintho e lokileng ka ’nete moo masoabi ’ohle, bohloko, le lefu tse entsoeng ke motho li tla tlosoa ka ho sa feleng. Molimo o tšepisa hore “tsa pele li fetile.”—Tšenolo 21:4; 2 Petrose 3:13.
Re tlameha ho hopola hore Molimo bohlaleng ba oona o tseba se molemohali bakeng sa batho le hore na ho hlokahala eng hore se finyelloe. Le eona mebuso ea batho e ’nile ea rera le ho kopanela ntoeng ho lokisa ho bonahalang eka ke bobe kapa ha ho nahanoa hore ke sesosa se molemo. Empa ke Molimo feela o nang le bohlale ba ho loana ntoa ea toka ea sebele. Ke oona feela o ka loanang ntoa e khethang e le ka sebele moo batho ba lipelo li lokileng, ho sa tsotellehe hore na ba hokae lefatšeng, ba tla bolokoa. (Mattheu 24:40, 41; Tšenolo 7:9, 10, 13-17) Ke Molimo feela o nang le tokelo ea ho bea borena ba oona lefatšeng lohle, hobane ke oona o le bōpileng. E, hore o tlose mohlala ’ohle oa bokhopo ka ho sa feleng, o felise leeme, bolumeli ba bohata bo hatellang, le sona sesosa sa sebe, le ho halaletsa lebitso la Molimo ka botlalo—Armageddone e tlameha ho loanoa. ’Me e tla loanoa ka hobane “Molimo ke lerato”!
[Setšoantšo se leqepheng la 6, 7]
ARMAGEDDONE . . . . . . e hleka tsela bakeng sa khotso