Bibele—Ke ea Bohlokoa Bakeng sa Hao
MOTHO oa Molimo o ngotse tjena lilemong tse fetang 2 700 tse fetileng, “uena motho, u tsebisitsoe se leng molemo.” (Mikea 6:8) Empa na se “molemo” kapa e le sa bohlokoa bakeng sa rōna mehleng ea rōna ea kajeno?
Dr. Chesen o re, “Bibele e ngotsoe khale pele motho ofe kapa ofe a ka tseba eng kapa eng ka thuto ea kajeno ea kelello le kamoo e sebetsang le tsoelopele ea khōlo ea tšekamelo ea kelello litabeng tsa botona kapa botšehali. Esita le haeba maikutlo a lingoli tsa eona e ne e le a molemohali, ba ka be ba sa ka ba nahana ka lintlha tsena tsa bohlokoa. Empa ha e fihla tabeng ea boitšoaro le/kapa melao, Bibele le bahlalosi ba eona ba na le ho hongata ho ba ka ho bolelang.”
Ntlha eo e ka be e le e loketseng hoja Bibele e ne e le tholoana ea monahano oa batho. Empa joalokaha ho bontšitsoe tokollong ea rōna ea la 1 ’Mesa, 1986, Bibele hase lentsoe la motho empa la Molimo. ’Nete ena ea bohlokoa e ke ke ea tlolisoa mahlo. Ka lebaka lefe? Hobane tsebo ea Molimo ha e-ea thibeloa ke nako kapa maemo, joaloka ea motho, leha e le hore e ka fetoha. Joaloka ’Mōpi oa batho, Molimo o tseba ka hohle kaheho ea rōna le se molemohali bakeng sa rōna. Ka hona moapostola ka bohlale o re: “Lengolo lohle le bulutsoeng ke Moea oa Molimo, le na le molemo oa ho ruta, oa ho kholisa, oa ho laea, le oa ho hōlisa ka khōlo ea ho loka; motho oa Molimo a tle a phethehe, ’me a rutehele ruri mesebetsing eohle e molemo.”—2 Timothea 3:16, 17.
Ho thoe’ng, hee, ka liphetoho tse khōlō tse etsahetseng mehleng ea rōna ea kajeno? Na ha ho nkoe hore re phela mehleng e lokolohileng haholoanyane le e hlaphohetsoeng haholoanyane? Na boholo ba lithibelo tsa meetlo ha boa lahloa ke batho ka kakaretso? Ke ’nete, empa ho sa tsotellehe tsebo e eketsehileng le “tokoloho” e inketsoeng bocha, litlhoko tsa motheo le kaheho tsa motho ha li ea fetoha. Kahare re ntse re tšoana. Re ntse re e-na le litšusumetso tsa ho ja, ho noa, ho robala, ho etsa bana le ho rapela, joalokaha ho entse bo-ntat’a rōna moholo. Re ntse re hloka lerato le kameho, ’me re rata ho thaba. Re ntse re hloka ho phela bophelo bo molemo.
Melao-metheo ea Bibele e sebetsana le litlhoko tsena. Ho feta moo, lithuto tsa Bibele li sebetsa molemong oa rōna, esita le matsatsing ana a kajeno. ’Me ke eng ho fetang hoo, liphello tse fumanoeng ka ho latela keletso ea Bibele li phahametse life kapa life tse fumanoeng ka litsela tse ling. A re ke re hlahlobeng hakhutšoanyane kamoo sena e leng ’nete litabeng tsa boitšoaro, moruo le bophelo.
Bibele le Boitšoaro
E ’ngoe ea liphetoho tse khōlō ka ho fetisisa mehleng ea rōna ea kajeno e bile mabapi le kamoo ho talingoang boitšoaro. Liketso tseo pele li neng li nkoa li nyonyeha kajeno lia amoheleha. Basali ba belehang ba sa nyaloa ha ba sa khesoa ke sechaba. Basodoma ba buella “litokelo” tsa bona phatlalatsa. Pono eo ho tšoarelletsoeng ho eona ka bophara ke ea hore ha ho motho ea nang le tokelo ea ho tletleba kapa ho kena-kenana le liketso life kapa life tse etsahalang pakeng tsa batho ba baholo tseo ba li khotsofaletseng. Ha e le litekanyetso tsa Bibele li lahleloa matjoing ka hore ke tsa mehleng ea Victoria.
Empa litekanyetso tsa Bibele li theuoe ke Molimo khale pele ho lekholo la bo19 la lilemo e leng nakong ea Mofumahali Victoria oa Engelane. ’Me li tsoela pele li ipaka li le molemo bakeng sa batho. Ruri sena se ka bonoa ha ho nahanoa hore, ’moho le “boitšoaro bo bocha,” ho bile teng manane a phahameng a litlhalo, ho ntšoa hoa limpa tse thibang letsatsi, seoa sa bacha ba emarang le boieane ba mafu a fetisoang ka ho kopanela liphate. Ana ke mathata a boima, a fokolisang le a bolaeang. Na e ne e ke ke ea e-ba hoa bohlokoahali ho latela keletso ea Bibele ka ho kopanela liphate, tlhoeko le botšepehi lenyalong?—Liproverbia 5:3-11, 15-20; Malakia 2:13-16; Ba-Heberu 13:4; 1 Ba-Korinthe 6:9, 10.
Hlokomela ka ho khetheha kamoo sena e leng ’nete tabeng ea lefu le le leng feela, joalokaha ho bontšitse tlaleho ena e tsoang ho The New York Times: “Ngaka David J. Sencer, Ofisiri e ikarabellang ho tsa Bophelo Motse-moholong oa New York, o itse: ‘AIDS e tsoelapele ho aparela har’a lihlopha tse kotsing, empa e seng kantle ho tsona.’ . . . Bao ba kotsing ba akarelletsa ba etsang bosodoma feela le ba etsang bosodoma ba bile ba robala le ba batšehali; ba entelang lithethefatsi methapong; . . . ba amohelang litšelo tsa mali a batho ba tšoaelitsoeng le balekane ba likamano tsa botona le botšehali kapa bana ba bao ba tšoeroeng ke AIDS.”
Ha e le hantle, ke eng ho utloahalang haholoanyane—metsotsoana e seng mekae ea thabo eo e seng ea molao, eo hangata e tsamaeang le tšabo le tsieleho, kapa letsoalo le hloekileng le boitlhompho? Ke eng se tlisang thabo e sa feleng le khotsofalo—ho kopanela liphate ho litšila ho ho khutšoanyane ho ka ’nang hoa e-ba le liphello tse bohloko, kapa boinehelo bo nang le motheo o tiileng ba lenyalo le hloekileng leo Bibele e le buellang?
Bibele le Chelete
Ke batho ba seng bakae feela ba nkang Bibele e na le tharollo mathateng a moruo. Leha ho le joalo, ho latela litekanyetso tsa eona ho ka hla hoa eketsa lijo tafoleng ea hao. Hoo ho joalo joang?
Hangata, boholo ba seo motho a se lefuoang bo senngoa ka mokhoa o sa hlokahaleng. Ho latela keletso ea Bibele ho ka bolokela lichelete tsena mabaka a bohlokoa. Ka mohlala, tloaelo eo hangata e lebisang bofumeng ke ea botaoa. Batho ba limillione, ba tšoere meputso, ba toba libareng kapa mabenkeleng a joala. Mabakeng a mangata, ba tloha moo ba se na chelete e lekaneng ho lefella melato kapa ho fana ka lijo tse lekaneng bakeng sa malapa a bona. Ka linako tse ling chelete e tlameha ho alingoa ho fumana litlhoko tsa bophelo. Ka bohlale, Bibele e nyatsa botaoa; e buella ho noa ho itekanetseng.—Liproverbia 23:20, 21, 29, 30; 1 Timothea 3:2, 3, 8.
Ke ’nete e tšoanang ho ba qalisang mokhoa oa ho tsuba kapa tšebeliso e mpe ea lithethefatsi. A theko e boima ea litloaelo tsena! ’Me ho thata hakaakang ho li emisa! Mohlala ke lengolo lena le eang ho setsebi sa kamoo boko bo sebetsang kateng Joyce Brothers, joalokaha le hatisitsoe ho New York Post: “Ke qalisitse ho sebelisa cocaine hobane ho ne ho thabisa ’me boholo ba metsoalle ea ka bo ne bo e tsuba ka mafelo-beke. Joale, e kena-kenana le ntho e ’ngoe le e ’ngoe e molemo bophelong ba ka ’me ke thatafaletsoe haholo ke ho emisa. Ke ’m’a bana ba babeli ’me ke tšohile hore ha ke sa emise kapelenyana, ba tla hlokofala. Ke cocaine e sa tsoakoang tsuba habeli ka letsatsi. Ke qoetse melatong, ke maqakabetsing.”
Motho e mong ea sebelisang lithethefatsi o ngotse: “’Na le monna oa ka re batho ba mosebetsi ba atlehang ’me re ’nile ra tsuba cocaine ka lilemo tse tharo. E qalile e le ntho e babatsehang empa joale e ntse e tsoela pele ho iketsa ea bohlokoa. Ha e le hantle, e laola bophelo ba rōna. Hona joale re melatong ka lebaka la hobane mekhoa ea rōna e theko e boima haholo. Ka bobeli re hlile ra ba le liphihlelo tse mpe tloaelong ena. Ka matsatsi a mang lipono tsena tsa bohata ha li emise.”
Litsubi le tsona ka mokhoa o tšoanang li hlokofatsoa moruong ke tloaelo ea tsona, le hoja mohlomong e se ka tsela e tšoanang. Tlaleho ea haufi tjena ea makasine Modern Office Technology e re: “Ho ea ka phuputso e entsoeng sechabeng sohle e lokolotsoeng morao tjena, batho ba sa tsubeng ba batlang mosebetsi ba na le menyetla e mengata ea ho hiroa ho feta litsubi tse nang le mangolo a tšoanang a mosebetsi. Phuputso ena, e neng e itšetlehile ka lipuisano le batlatsi ba baetapele le balaoli ba tsa khiro ba lifeme tse kholohali tsa Amerika . . . e senotse hore bahiri ba kajeno ba thabela ka ho fetisisa babatli ba mosebetsi ba sa tsubeng.” Ka lebaka la’ng? Hobane, joalokaha ho bontšitsoe phuputsong e kopanetsoeng, ho tsuba ho phahamisetsa litefello tsa sechaba tsa tlhokomelo ea bophelo, ho akarelletsa melato ea tsa meriana le ho theoha hoa lihlahisoa, ho hoo e ka bang liranta tse libillione li 130 ka selemo—ho lekanang le R4,34 bakeng sa lebokosana le leng le le leng la lisakarete le rekisoang!
E, motho a ka thusoa ho tsa moruo feela ka ho latela keletso ea Bibele: “A re ke re itlhatsoeng litšila tsohle tsa nama le tsa moea.” (2 Ba-Korinthe 7:1) ’Me hona ke ’nete le ho bao, ka ho latela melao-metheo ea Bibele, ba ipolokang mofuteng ofe kapa ofe oa papali ea chelete. (Esaia 65:11, 12; Luka 12:15) Ntle le moo, ba latelang melao-metheo ea Bibele ba nkoa e le ba bohlokoa haholo ke benghali ba bona ka lebaka la botšepehi ba bona, ho ikokobeletsa melao hoa bona le mafolofolo a bona, ’me ho etsahala habobebe hore e be bona ba pele ba fuoang mosebetsi ’me e be bona ba ho qetela ba lelekoang.—Ba-Kolosse 3:22, 23; Ba-Efese 4:28.
Bibele le Bophelo
Kaha re tsoetse pele haholo merianeng kajeno, na keletso ea Bibele e qheletsoe ka thōko hobane e fokola? ’Nete e makalitseng bafuputsi ke kamoo Bibele e nepang ebileng e leng nakong litabeng tse amanang le meriana le bophelo, le hoja e ngotsoe nakong ea ha tumela-khoela e ne e qaphakile ’me ho tsejoa hanyenyane kapa ho sa tsejoe letho ka litšebeliso tsa kajeno tsa meriana, kapa haesita le likokoana-hloko.
Ho sa tsotellehe bohlale ba tsa meriana ba kajeno, mathata a bophelo a ntse a le teng ka bongata. Empa keletso ea Bibele e kolekela bophelong bo botlehali ka ho fetisisa. Joalokaha ho se ho hlokometsoe, ho latela melao-metheo ea Bibele ho re sireletsa litloaelong tse ka senyang bophelo ba rōna haholo. E boetse e sebeletsa ho ntlafatseng tšebetso e ntle ea likelello tsa rōna. Bibele e hlokomela phello e etsoang ke maikutlo a tebileng le litšekamelo ’meleng. (Liproverbia 14:30) Ka hona e re khannela hole le maikutlo le litšekamelo tse senyang ka ho re thusa hore li nkeloe sebaka ke makhabane a tiileng, a hahang.
Hlokomela keletso e fanoeng ho Ba-Efese 4:31, 32: “Tse bohloko tsohle, le bohale, le ho itšena, le komang, le ho seba, le lonya lohle, li falatsoe ho lōna. Le rekolohelane, le hauhelane, le tšoarelane.” E, Bibele e hatisa phetoho ho tloha bothong bo senyang le bo kotsi ho ea bothong bo bocha le bo hahang ba Bokreste. (Ba-Efese 4:20-24; Ba-Kolosse 3:5-14) E re thusa ho bontša tholoana ea moea oa Molimo: “lerato, le thabo, le khotso, le sebete, le khauho, le molemo, le botšepehi, le bonolo, le boitšoaro.” (Ba-Galata 5:22, 23) Bibele e fana ka lijo tse hahang tseo kelello le pelo li ka fepehang ka tsona ’me tsa ba khotsong.—Liproverbia 3:7, 8; 4:20-22; Ba-Filippi 4:6-8.
Ho feta moo, ba latelang melao ea Bibele ha ba amehe liketsong tsa bokoeta, merusung, borabeleng, kapa linthong tse ling tse ka fellang ka likotsi ’meleng. Ba na le letsoalo le letle, le kolekelang ho bolokeng botho bo thabileng le bophelo bo botle. (1 Petrose 3:16-18) Ho feta moo, ba sebelisang keletso ea Bibele ba thabela bophelo ba lapeng bo mofuthu, bo putsang, bo thabileng hammoho le likamano tse tletseng khotso le ba bang.
E, Bibele ke ea bohlokoa mehleng ea rōna. Hona ho totobala bophelong ba ba limillione bao ka ’nete ba sebelisang melao-metheo ea eona. ’Me le uena e ka u thusa. U memeloa ho leka lithuto tsa eona bophelong ba hao. Lipaki tsa Jehova li tla thabela ho u bontša hore na u ka etsa joalo joang.