Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 7/1 leq. 8
  • Sebelisa Tokoloho ea Bokreste Hantle

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sebelisa Tokoloho ea Bokreste Hantle
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ruta ka Tšepo ea Tokoloho
  • “Tse Bōpiloeng Tsohle li Ntse li Feheloa”—Hobane’ng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Tokoloho—E Lakatseha Hakaakang!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Kamoo Bakreste ba Lokelang ho Ikutloa Kateng ka Tokoloho
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Mokhatlo oa Bolumeli oa Tokoloho—Na o Tla Thusa Bahloki?
    Tsoha!—1987
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 7/1 leq. 8

Sebelisa Tokoloho ea Bokreste Hantle

BAKRESTE ba “bilelitsoe ho lokoloha,” empa ba hlokomelisoa hore ‘ba se ke ba etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama.’ (Ba-Galata 5:13; 1 Petrose 2:16) E ne e tla ba kotsi e kaakang ha Mokreste a ne a ka sebelisa hampe tokoloho ea Bokreste ’me a boetse a kena bokhobeng! A re etse mohlala.

Hangata molumeli o rutiloe hore ho noa lino tse tahang ke sebe. Tsebo e nepahetseng ea Bibele e tla mo lokolla khopolong ena e fosahetseng, kaha hase ho noa empa ke botahoa hoo Bibele e ho nyatsang. (Bapisa Pesaleme ea 104:14, 15 le 1 Ba-Korinthe 6:10 le 1 Petrose 4:3.) Ka hona Mokreste ea lokolotsoeng joalo joale a ka ’na a ikutloa a lokolohile hore ka linako tse ling a noe. Empa ha a qala ho “etsa tokoloho eo sebaka sa ho phela ka nama,” a ka ’na a tlōlisa, a qalisa boitšetleho bo itseng joaleng, mohlomong a bile a iketsa lekhoba la bona.

Ka hona, kamor’a ho lokolloa liponong tse fosahetseng ka boikhathollo, mokhoa oa ho apara le oa ho itlhopha, kapa mokhoa oa ho itšoara har’a batho, Mokreste ha a tlameha ho feteletsa lintho: a qeta nako e ngata kapa chelete e ngata ho tlōla linthong tse neng li thibetsoe pele empa tseo joale li lumeletsoeng. Hona e ne e tla ba ho sebelisa tokoloho ea Bokreste hampe. Ho ka ba le liphello tse tebileng.

Ruta ka Tšepo ea Tokoloho

Haholo-holo esale ’Muso oa Messia oa Molimo o hlongoa ka 1914 tšepiso ea Molimo ea hore “tse bōpiloeng li tla holloa bohlankeng ba tšenyeho, li tle li be tokollong ea khanya ea bana ba Molimo” e tsamaile kapele ho leba phethahatsong. (Ba-Roma 8:21) Kreste o se a lokollotse maholimo tšusumetsong ea Satane. (Tšenolo 12:7-12) Haufinyane o tla timetsa Babilona e Moholo, e kentseng motho bokhobeng ka liphoso tsa bolumeli. Joale ntoeng ea Molimo ea Harmagedone, o tla lokolla batho mebusong ea batho e sa phethahalang ka ho e robaka le ho e felisa. (Daniele 2:44; Tšenolo 18:21; 19:11-21) O tla be a lokolle batho motšehetsing e moholo oa se ba kentseng bokhobeng ha Satane a thibetsoe ho etsa eng kapa eng, a sitoa ho “khelosa lichaba, lilemo tse sekete li e-so ho phethehe.”—Tšenolo 20:2, 3.

Qetellong ea Puso ea hae ea Lilemo tse Sekete, Kreste o tla be a lokolotse motho ka ho feletseng liphellong tse mpe tse bakiloeng ke bohato ba pele ba tokoloho morao koana Edene. Lihlopha tsa merabe e tšoeroeng hampe li tla be li lokolotsoe tšoarong e leeme le ea khethollo. Basali ba tla be ba lokolotsoe pusong e hatellang ea ba batona. Batho ba kulang ba tla be ba lokolotsoe maloetseng. Batho ba tsofetseng ba tla be ba lokolotsoe liphellong tse fokolisang tsa botsofali. ’Me, mohlolo oa mehlolo, batho ba lahlehetsoeng ke beng ka bona ba tla be ba lokolotsoe masoabing kahobane bafu ba bona ba ratoang ba tla be ba lokolotsoe mabitleng!—Tšenolo 20:13–21:5; bona le Pesaleme ea 146:5-10.

Ka ho ruta molaetsa ona oa bomolimo oa tokoloho, Lipaki tsa Jehova kajeno ba sebelisa tokoloho ea bona ka tsela e molemo. E ne e tla ba ho shebela haufi hakaakang ho bona ho tšehetsa mekhatlo ea batho ea tokoloho, eo botlehali boo e ka bo etsang e leng pheko e ka ’nģa e le ’ngoe ’me eo, bonneteng, e fifatsang tšepo ea sebele ea tokoloho.

Nahana ka sena: U na le monyetla oa ho phelela ho bona tokoloho e babatsehang haholo ho feta tokoloho eo Patrick Henry a neng a bua ka eona. Ho feta moo, u na le monyetla oa ho thabela mahlohonolo kamor’a Armageddone, ka ho sa feleng!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela