Kopano ea Setereke ea “Khotso ea Molimo”—Sona Seo re Neng re se Hloka!
“HO FINYELLETSOE lipelo ’me ho anngoe maikutlo.” “Jehova o tekile mokete oa lijo tse ngata tse hlollang.” “Lipuo li ne li toba taba li otlolohile.” “Ke sona seo re neng re se hloka HONA JOALE!” “Ke sona seo re neng re se hloka!”
Tseo ke mohlala oa lipolelo tse ngata tsa kananelo tse utloahetseng bakeng sa Kopano ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova ea 1986 ea “Khotso ea Molimo.” Lipolelo tsohle tse joalo li bontšitse hore ba neng ba le teng ba ne ba ile ba utloa keletso e ntle e fanoeng ke molula-setulo le puo ea pele: “Mamelang, Le Utloisise.”
Kaha sehlooho sa khotso se totobalitsoe ka Lentsoeng la Molimo, lentsoe le hlaha ka makhetlo a fetang 300 ka Bibeleng, e bile ho loketseng ka ho fetisisa hore se etsoe sehlooho sa likopano tsa rōna tsa setereke tsa 1986. Ha e le hantle, a 18 ho mangolo a bululetsoeng ho tloha ho Ba-Roma ho ea ho Tšenolo a qala ka lipolelo tse kang, “Le ke le atisetsoe mohau le khotso.” Ho ke ho hlokomeloe hore Mangolong a Seheberu lentsoe le fetoletsoeng e le “khotso” ke sha·lohmʹ, e sa boleleng bosieo ba ntoa le qhoebeshano feela empa hape e fana ka maikutlo a ho phela hantle ’meleng, nala le boiketlo.—1 Petrose 1:2.
Khotso e ile ea phahamisoa nako le nako lenaneong lohle. Joalokaha sebui sa puo ea sehlooho se ile sa hatisa, Jehova ke “Molimo oa khotso” le ‘Molimo o neang khotso.’ Mora oa hae, “Morena oa khotso,” o tšepisitse balateli ba hae khotso. (Ba-Filippi 4:9, NW; Ba-Roma 16:20; Esaia 9:6; Johanne 14:27; 16:33) Sebui sa puo ea sehlooho se ile sa bontša hore khotso eo rōna Lipaki re e thabelang ke e ikhethang ka hore ha ea itšetleha ka maemo a ka ntle. E itšetlehile ka tlhompho ea rōna ho marena, e leng lebaka leo ka lona lefatše le hlokang khotso—ha le hlomphe Morena e moholo ho ’ohle, Jehova Molimo. Esaia o ho hlalositse hantle: “Oho! hoja u ka lemoha litaelo tsa ka! khotso ea hao e ka ’na ea phalla joale ka nōka.”—Esaia 48:18.
Har’a litlhahiso tse thusang tse fanoeng e le hore re ka thabela khotso ea Molimo haholoanyane e bile hore re loanele ho tloha sebokeng se seng le se seng re nkile ntlha e le ’ngoe e molemo ea keletso eo re ka sebeletsang ho eona. Puo ena ea bontša hore ho ba baetsi ba khotso ha hoa lekana hore re be le khotso; re tlameha ho sebeletsa khotso, re ithaopele ho ineela molemong oa khotso.
Maoto a Roetseng Evangeli ea Khotso
Ke hantle ha molaetsa oa rōna o bitsoa “evangeli ea khotso.” (Ba-Efese 6:15) Re fumane keletso e ngata e ntle ea kamoo re ka isetsang ba bang evangeli ena ea khotso. Puo e neeletsanoang e likarolo li tharo e neng e bua ka tšebeletso ea rōna e bile thuso e khōlō ntlheng ena. Sebui sa pele se ile sa bontša kamoo tšebeletso ea rōna ea ntlo le ntlo e fetohileng letšoao la boitsebahatso la Lipaki tsa Jehova. Kaha mosebetsi ona ha o bonolo, re paka lerato la rōna ho Molimo le motho ka ho tšoareha ho oona. Hore re be ba beang kannete, re tlameha ho ba seli le ho ba mahlaha-hlaha, re boloke litlaleho tse nepahetseng le ho eta ka linako tse sa tšoaneng e le hore re ka fihla ho bohle.
Sebui sa bobeli sa hlalosa hore hore re tle re etse barutuoa re tlameha ho ’na re khutlela ho etela batho ba thahasellang, re etsa joalo ka boikutlo bo botle. Re lokela ho thahasella bao re ba etelang, re hlokometse ha re etile ka lekhetlo la pele hore na mong a ntlo o thahasella eng. Tiisa hore mong a ntlo o ithuta ho hong ho hocha ka lekhetlo le leng le le leng ha u boela.
Sebui sa boraro se ile sa totobatsa hore liithuti tsa rōna tsa Bibele li tla thusoa ho fetoha Lipaki haeba re fihla lipelong tsa tsona ka lipotso tse batlang maikutlo. Re batla ho li bontša thahasello ea ’nete ka ho li lebisa mokhatlong o hlophisitsoeng oa Molimo, re li thusa ho ea libokeng, re li etela ka linako tse ling ’me re bile re li memela malapeng a rōna. Ka lilemo tse fetileng tse 35, lithuto tsa Bibele li eketsehile ka makhetlo a leshome.
Kamorao ho puo ena e neeletsanoang, re hatiselitsoe bohlokoa ba ho bontša cheseho ea ho kopanela litaba tse molemo tsa khotso kae le kae moo ho ka khonehang le tlas’a maemo ’ohle. Lilemo hase tšitiso. Bana ba banyenyane le batho ba bang ba lilemong tse 90 ba ntse ba bolela. Ba bang ke bo-pula-maliboho, kapa baboleli ba nako e tletseng, le hoja ba foufetse ho hang. Ba bang ke bo-pula-maliboho le hoja e le lithōlō, ba bang e ntse e le bona le hoja ba tsamaea ka litulo tsa mabili. Banyalani ba bang ba babeli ba bopula-maliboho ba na le bana ba banyenyane ba tšeletseng ba tsamaeang le bona tšebeletsong ea tšimo.
Keletso e neng e loketse ka ho fetisisa e bile e reng, “Etsa Sohle se Matleng a Hao ka ho Kopanela Tšebeletsong ea Nako e Tletseng.” Tšebeletso ea nako e tletseng ke tsela ea bophelo e khotsofatsang haholo le e putsang haholo. Ha ba qalisitse, bo-pula-maliboho ba phehelloa hore ba etse sohle se matleng a bona ho lula tšebeletsong ea nako e tletseng.
Joaloka likopanong tsa nakong e fetileng, re ile ra mamela baboleli ba khale ba evangeli, ba bang ba sebelelitse ho tloha ka lilemo tse 30 ho ea ho tse 70. Ba pheta thabo ea bona ho boleleng evangeli. Ka sebele e bile ho khothatsang ho utloa kamoo ba hlōtseng litšitiso tsa ho tsoela pele tšebeletsong. Ka mohlala, moena e mong ha a ka a fosa khoeli le e ’ngoe ho kopanela tšebeletsong ea tšimo ka lilemo tse 43 tsa tšebeletso.
Keletso bakeng sa Litho tsa Lelapa
Keletso e ntle bakeng sa litho tsa lelapa e ne e hlokoa haholo ka baka la tšokelo eo tsamaiso e khopo ea lintho e e hlahisetsang ba ka malapeng a Bokreste. Bacha ba ile ba botsoa, “Na le Tsoela Pele Moeeng?” Kajeno ba bangata ba sebeletsa ka nako e tletseng e le bo-pula-maliboho le mahaeng a Bethele. Empa na ke ba bangata ba ka beng ba etsa joalo? Ho tsoela pele moeeng ho bolela ho etelletsa thato ea Molimo pele bophelong ba rōna. Hape ho bolela ho ba le mekhoa e metle ea ho ithuta le ea ho kopanela ka mehla mesebetsing ea phutheho le tšebeletsong ea tšimo, hammoho le ho ba le kamano e ntle le ba hōlileng. ’Me ho bolela ho se thabisoe ke eng le eng eo Lentsoe la Molimo le e thibelang.
Puo e ’ngoe e neeletsanoang e likarolo li tharo e ile ea qala ka potso e fatang maikutlo, “Na Lelapa la Lōna ke Sebaka sa Khatholoho le Khotso?” Ka sehloohong ho sena ke ho khetha molekane eo e leng paki ea Jehova ea etelletsang pele lithahasello tsa ’Muso le ea bontšang litholoana tsa moea oa Molimo. Hore lehae e be sebaka sa phomolo le khotso, monna o tlameha ho etella pele linthong tsa moea, ’me o lokela ho rata mosali oa hae joaloka ’mele oa hae. Mosali o lokela ho tšehetsa le ho hlompha ka botebo monna oa hae. Hape hoa hlokahala ho rapela hammoho ho se nee Diabolose sebaka. Bana ba ka tlatsetsa ho etsa lehae sebaka sa khotso le khatholoho ka ho ikokobetsa le ho sebelisana le batsoali. Maqhama a lelapa a tiisoa ha malapa a ithuta hammoho Bibele le lingoliloeng tsa Bibele.—Pesaleme ea 34:11.
Puo e latelang e ne e hlokahala haholo, “Na Karohano e Hleka Tsela Bakeng sa Khotso ea Lenyalo?” Karabelo? Mohlomong bakeng sa balefatše e seng bakeng sa Lipaki! Ho tsona, karohano hase tsela e bonolo ea ho tsoa lenyalong le lekang. Molumo oa keletso ea Molimo ka lenyalo ke hore banyalani ba lule ba kopane. Kamehla karohano e batla e e-na le phello e kotsi baneng ba amehang, ’me ho na le tholoana e ’ngoe e mpe. Ha re e bea hampe feela, karohano ke ho lumela hore e mong oa balekane ba lenyalo kapa bona ka bobeli ha ba bontše tholoana ea moea.—Ba-Galata 5:22, 23.
Ho ile ha fanoa ka keletso e ntle ho Bakreste ba masooa puong “Na Lesooa le Lokela ho Ikutloa le sa Fella?” Le hanyenyane! Kaha tšebeletso ke setsi sa bophelo ba rōna, re ka ba ba feletseng ho sa tsotellehe hore na re masooa kapa re lenyalong. Ha e le hantle, joalokaha Pauluse a bontša, Bakreste ba masooa ba na le menyetla e itseng. Ka ho hlaolela ho khotsofala, ba ka thabela neo ea bosooa ’me ba e sebelisa hamolemo haholo.—1 Ba-Korinthe 7:32-34.
Keletso e Hlokahalang bakeng sa ho Phela ka Bohloeki
Moea o ntseng o senyeha ho ea pele oa boitšoaro oa lefatše lena o felletse ka palo e itseng ea Lipaki e khalemeloang kapa e khaoloang ka baka la boitšoaro bo bobe. Ka hona keletso e tobileng e fanoeng litabeng tsa boitšoaro e bile e loketseng hakaakang! Ho thabela khotso ea Molimo, re tlameha ho alosa boitšoaro ba rōna ka linako tsohle. Ka mohlala, hona ho hlakisitsoe puong “Qobang Maraba a ’Moka oa Boithabiso.” Meketjana e ka tsamaea le thabo e ngata, empa haeba re se seli, e ka kena-kenana habonolo le mesebetsi ea puso ea Molimo ’me ea isa litšileng. Pelo e sa phethahalang ea motho e mano ’me e loketse ho ipha monyetla ka sebaka leha e le sefe sa ho bapala ka boitšoaro bo bobe. Meketjana e meholo ke eona e atisang ho baka kotsi e tebileng, ’me ho joalo le ka ’mino o hlephileng.—1 Ba-Korinthe 15:33.
Ho boloka khotso ea rōna ea Molimo, re tlameha hore re ‘Qobe Moea o Bolaeang oa Lefatše lena.’ Ho tšoana le moea oo re o phefumolohang, moea ona oa boikhabi le oa ho se utloe oa lefatše o re potile kahohle. Puo ena e ile ea sebetsana le matšoao a robong a moea ona o bolaeang, ao har’a oona e leng ho bapala ka boitšoaro bo bobe, ho apara le ho itlhopha ka ho feteletseng, tšebeliso e mpe ea lijo le lino, ho lemalla lipapali le boikhantšo ba morabe. U ’ne u phefumolohe moea ona, o tla u bolaea moeeng.
Ntlha ena e ile ea hlakisoa hape haholoanyane ka puo “Na u Lutse u Hloekile Kahohle?” Ho se be seli ho re etsa ba molato oa boikaketsi. Hore re be le letsoalo le letle, re tlameha ho ipoloka re hloekile ’meleng, kelellong, boitšoarong le moeeng. Ntlheng eo re tlameha ho ‘hloea bobe,’ ‘ho nyonya ho hobe.’ Hona ho akarelletsa ho nyonya mashano a bokoenehi.—Pesaleme ea 97:10; Ba-Roma 12:9.
Puo e ntle “Taeo ea Jehova e Kotulisa Tholoana ea Khotso” e ne e loketse mona. Jehova ke Mokhalemeli e Moholo, ’me o re khalemela ka lebaka la ho re rata. Ha ho lea mong ho rōna ea phahametseng khalemelo. Le Mora oa Molimo o ne a sa e phahamela! (Ba-Heberu 5:8) E, khalemelo haholo-holo e bolela koetliso, hase chapo ka mehla, ’me ho rua molemo ka litsela tse ngata tseo Molimo o e sebelisang ka tsona, re tlameha ho tšepahala ho rōna ka borōna—’me re be baikokobetsi.
Puo “Le ’Ne le Hahane” e fane ka keletso e molemo mabapi le puo ea rōna. Kotsi e khōlō eo re ka e etsang ka puo e sa nahaneng, e nyatsang le e belaelang! Kannete, ho thata ho laola leleme. Ka ho loketseng, re ile ra hopotsoa hore re lese ho “sebana.” (Jakobo 4:11) Lerato la boena le tla re etsa ba seli. ’Me pele re bua ho hong, le tla re etsa hore re botse: “Na e hlile ke ’nete?” “Na nka bua ka hona?” “Na e tla ba ho hahang?”
Ho Kha Boprofeteng
Lipuo kaofela li ne li kha boprofeteng bakeng sa likhopotso le keletso. Kahoo, puong “Likahlolo tsa Molimo—Lefatše ha le li Rate,” sebui se hatisitse hore ha re bolele feela litaba tse molemo tse buang ka paradeise empa hape, joaloka Jeremia, re fana le ka lipolelo tse buang ka likahlolo tse tlang tsa Molimo. (Jeremia, likhaolo 6 le 7) Joalokaha ka sebete Jeremia a ile a pepesa lithuto tsa bohata le mekhoa e litšila ea baeta-pele ba bolumeli ba mehleng ea hae, ka hona re khothatsoa hore re etse joalo.
Puo “Nako ea ho Lekoa le ho Hlokoloa” e bontšitse tšebeliso ea kajeno ea Malakia 3:1-3. Ka sebele batho ba Jehova ba hloekisitsoe lithutong le mekhoeng ea bohata ea Babilona. Ho hlongoa ha taolo ea puso ea Molimo le ho hlokomela hore tšebeletso ea ntlo le ntlo ke ea bohlokoa haholo ke tse ling tsa lintlha tse molemo tseo sebui se li boletseng.
Re boetse ra utloa puo e ntle eo ho eona sebui se buileng ka likhaolo tsa 11 le 12 tsa Daniele. E ne e re “Liphiri tse Halalelang tse Senotsoeng li Hlahisa Tšepo e Tiileng Bakeng sa Khotso.” Bora pakeng tsa morena oa leboea le morena oa boroa bo ferekantse lefatše. Ka boprofeta ba Daniele, re ka bona hore marena ana a ke ke a felisa likhohlano tsa oona. Ke Mikaele feela ea ka tlisang khotso e sa feleng.
Puo e ’ngoe e neng e kha boprofeteng bo bululetsoeng e ne e re “Tšireletseho Lefatšeng Lohle Tlas’a Morena oa Khotso” E ne e sebetsana le Esaia 9:6, 7 le seo e hlalosoang ke litemana tseo, se bontša kamoo ka nepo boprofeta boo bo sebetsang ho Jesu Kreste. Sebui sa bolela ha se qetella hore Mikaele “o tla tlotla mosebetsi oa hae o khanyang ka tlhōlo Harmagedone e tlang ho utloahala ka ho sa feleng . . . Ka hona, lōna lipaki tsohle tsa Jehova, tsoelang pele ho tsebahala haholoanyane, ka tšepo e feletseng ho Molimo oa lōna le Morena ea busang oa oona, ‘Morena oa khotso’! Bontšang ka ho totobetseng hore ha le tšabe morero o bolotsana oa lefatše la kajeno . . . Bohle le ke le be lipontšo le mehlolo tlotlisong ea Jehova!” Ena ka sebele e ne e le e ’ngoe ea lipuo tse susumetsang ka ho fetisisa tsa kopano ena.
Ananela ba Etellang Pele
Puo e neeletsanoang e likarolo li peli e neng e re “Balebeli ba Sebeletsang Lithahasello tsa Khotso” ka sebele e ile ea re thusa ho ananela ba etellang pele. Sebui sa pele se ile sa bua ka karolo ea balebeli ba tsamaeang le ho bontša hore ka sebele, ba tšoaneloa ke hlompho e habeli ka baka la litšoanelo tsa bona tse ngata. Tsena li akarelletsa ho fana ka lipuo, ho thusa ka mathata, ho koetlisa baena bopaking le ho etela ba kulang ’meleng kapa ba kulang moeeng. Kannete, balebeli bohle ba tsamaeang ba tšoaneloa ke hore re sebelisane le bona ka botlalo le ho amoheloa boeting ka kamohelo e kang ea Lydia.—Liketso 16:15.
Sebui sa bobeli se ile sa thathamisa litšoanelo tsa baholo le karolo ea bona ho hōliseng khotso ka phuthehong. Hona ba ka ho etsa ka ho lokisetsa le ho tšoara liboka, ho etsa maeto a bolisa, ho sebetsa linyeoe, ho etella pele tšebeletsong ea tšimo le ho bea mohlala o motle boitšoarong le bophelong ba lelapa. Ka sebele, bohle re lokela ho batla ho bontša kananelo bakeng sa baholo ba khethiloeng ka ho ba utloa le ka ho ikokobeletsa bona, joalokaha re eletsoa ho Ba-Heberu 13:17.
“Ho Hahamalla le Ho Fumana Boemo bo Botle” ke puo e ileng ea hlakisa bohlokoa ba baholo ba tšoanelehang ka baka la keketseho e khōlō ea Lipaki. Ea bontša baena bohle ba ineetseng bao e seng baholo kamoo ba ka hahamallang litokelo tse kholoanyane. Puo ena haholo-holo e ile ea phehella ba tšoanelehang empa ba sa bone hore hoa hlokahala ho sebeletsa ka tekanyo e kholoanyane hore ba ipotse, Ke hobane’ng ha ke checha?
Menyaka e Meng ea Moea
Puo “Na u Khotsofetse ke Litokisetso tsa Jehova?” e ile ea ananeloa haholo. Re utloile mehlala ea Bibele ea ba ananetseng le ba sa ananelang litokisetso tsa moea tseo Molimo o fanang ka tsona. Hore na re falimehetse seo re se hlokang moeeng hakae, re tla khotsofatsoa ke litokisetso tsa Jehova hakaalo ’me re tla ho bontša hakaalo. Joang? Ka ho reka nako bakeng sa thuto ea botho ea Bibele le ka ho ikhalemela ha re le libokeng e le hore re ka rua se molemohali ho tsona.
Ho hong ho ka ’nang ha boleloa hore ho ne ho phephetsa boemo ba rōna ba moea ho boletsoe puong “Lithapelo tsa Hao li na le Moelelo Hakae?” Ho ile ha fanoa ka tlhahiso ea hore re ipotse: Na ke tlohelletse lithapelo tsa ka hore li fetohe tse phetang ntho e le ’ngoe, tse sa nahanoeng, kapa tse potlakileng, joalokaha eka ha ke na nako e ntle ea ho bua le Molimo? Thapelong, re tla ho Motho e moholo ho bohle bokahohleng. Hore lithapelo tsa rōna e be tse nang le seo li se bolelang, Molimo o tlameha ho ba oa sebele ho rōna. Li tlameha ho tsoa pelong ’me li tobe taba, ’me re tlameha ho li nahana hantle.
Monyaka o mong e bile puo ea kolobetso, “Ho Fumana Khotso le Molimo ka Boineelo le Kolobetso.” Sebui se ile sa bontša hore kolobetso ea rōna ka nako e tšoanang ke ketsahalo e tebileng haholo le e thabisang haholo. Ka eona re fumana khotso le Molimo ’me re fetoha basebeletsi ba khethiloeng ba Lipaki tsa Jehova. ’Me boineelo ba rōna hase boitlamo feela tjee, hobane re ka ba le boitlamo bo bongata ’me ra ba ra bo hlokomela ka nako e le ’ngoe. Ho e-na le hoo, ho ineela ho bolela hore re ineetse ka ho khethehileng ho Molimo, Jehova Molimo.
Litšoantšiso tse peli tsa Bibele li bile har’a litšobotsi tse ratehang haholo tsa kopano. Ho Boloka Bophelo Nakong ea Tlala e ne e sebetsana le pale e amang maikutlo ea Josefa le banab’abo, ’me e ile ea llisa ba bangata. Moea oa ho fana le oa ho tšoarela oa Josefa, ke mohlala o motle bakeng sa rōna bohle hore re o etsise. Tlaleho ena e boetse e na le tlhaloso ea boprofeta. Tšoantšiso ea bobeli, Batlang ho Lōka ha Molimo hore le ’Ne le Phele e fane ka keletso e matla le e susumetsang mabapi le mathata a bacha ba rōna. Ea hatisa bohlokoa ba ho alosa boitšoaro ba rōna, ho etelletsa pele lithahasello tsa ’Muso, le ho se potlakele ho ahlola sepheo sa ba bang.
Ho ne ho le tumellanong hantle le sehlooho sa kopano ke puo ea phatlalatsa, “Khotso Qetellong!—Ha Molimo o Bua.” Pele, ra utloa ha ho pepesoa booatla ba litokisetso tsohle tsa nuclear le hore boemo ba lefatše ponong efe kapa efe ea batho, ha bo fane ka tšepo ea letho. Ke ’Muso oa Molimo feela o ka fanang ka tšepo leha e le efe ea sebele. Ho mamela ha Molimo o bua ho bolela eng? Ha ho bolele feela hore re mamele ka hloko le ho utloisisa seo Molimo o se buang empa hape hore re etse ho hong ka seo o se buang. Joale re ke ke ra thetsoa ke mohoo o thetsang oa “Khotso le tšireletseho!”
Puo ea ho qetela, “Re Hlomelletsoe ke Molimo oa Khotso ho Etsa Thato ea Oona,” ea khutlisetsa bohle ba neng ba tlile kopanong hae ba thabile pelong bakeng sa mokete ’ohle oa moea oo ba o thabetseng ka matsatsi ao a mane. Ho feta neng kapa neng, kopano e re hlomelletse bakeng sa ho etsa thato ea Molimo. Ka hona “a re tsoeleng pele re ikemiselitse ka botlalo ho etsa joang? Ho tsoela pele mosebetsing o moholo oa boboleli ba ’Muso, kannete re ananela khotso ea rōna ea Molimo le sohle seo e se bolelang ho rōna!”
United States, ho bile le likopano tse 135 tse neng li tšoaretsoe libakeng tse fapaneng tse 65, ka lipuo tse 11. Tlhoro ea ba bileng teng e ne e le 1 276 578, ka ba 12 603 ba kolobelitsoeng. Likopano tse tharo Yankee Stadium, New York City li bile le tlhoro ea ba bileng teng ba 95 091, ka ba 1 110 ba kolobelitsoeng.
[Lebokose le leqepheng la 30]
Litokollo tsa Kopano ea “Khotso ea Molimo”
Ho lokolotsoeng pele ke bukana e ntlafalitsoeng ea “Bonang! Ntho Tsohle ke li Etsa tse Ncha,” qetellong ea puo e neng e bua ka taba eo. E se e le bukana e mebala e mene, e hatisitsoeng ka mongolo o moholo ’me e e-na le boitsebiso bo eketsehileng. E lokela ho ba ntle bakeng sa ho qalisa lithuto tsa mahae tsa Bibele.
Lipaki tsa Jehova—Li Etsa Thato ea Molimo li Kopane Lefatšeng ka Bophara, le eona e le bukana e mebala e mene e lekanang le makasine, ke eona ea bobeli e ileng ea lokolloa. Ke kofuto e ntle bakeng sa ho tloaetsa ba bang mesebetsi ea rōna e fapa-fapaneng ’me e fana ka boitsebiso bo bongata ba histori bo buang ka Lipaki tsa Jehova.
Tokollo ea boraro e ne e le thuso ea ho ithuta Bibele e maqephe a 192 e tla sebelisoa pele Lithutong tsa rōna tsa Buka tsa Phutheho. E bitsoa Worldwide Security Under the “Prince of Peace.”
Kingdom Melodies ea bo7 e bile tokollo ea bonè, bohle ba kopanong ba ile ba thaba haholo ha ba e letsetsoa hanyenyane feela.
[Litšoantšo tse leqepheng la 31]
1. Josefa o rekisoa ke banab’abo tšoantšisong kopanong ea baena ba buang Sekorea United States
2. Mookameli oa Mokhatlo oa Watch Tower, F. W. Franz a bua le bamameli ba kopano
3. Karolo ea bamameli ba tsebe li lethoethoe Yankee Stadium, New York City
4. Ba likete ba kolobelitsoe tšoantšetsong ea boineelo ba bona ho Jehova Molimo