Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w86 10/15 maq. 23-30
  • U Memeloa Likopanong Tsa “Khotso ea Molimo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U Memeloa Likopanong Tsa “Khotso ea Molimo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kopano ea Setereke ea “Khotso ea Molimo”—Sona Seo re Neng re se Hloka!
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Likopano Bopaki ba Boena ba Rōna
    Lipaki Tsa Jehova—Baboleli ba ’Muso oa Molimo
  • Mokhoa oa hore U Latsoe Khotso ea Molimo Haholoanyane
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Kopano ea “Manģosa a Khotso ea Bomolimo” ea 1996
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
w86 10/15 maq. 23-30

U Memeloa Likopanong Tsa “Khotso ea Molimo”

KA cheseho e khōlō paki e ’ngoe le e ’ngoe ea Jehova ea Mokreste e lebella pele likopanong tsa setereke tsa selemo! Ha ho pelaelo ho tsona hore likopano tsena tsa bohlokoa almanakeng ea selemo. Lipuo tse monate, litšoantšiso tsa Bibele, litokollo, botsoalle—ka nako tse ling lenane le leholo la ba bang teng—li etsa likopano tse khethehileng ka sabele.

Ka mohlala, hlokomela Likopano tse ling tsa “Baboloki ba Botšepehi” tse neng li tšoeroe selemong se fetileng. Tse peli São Paulo le Rio de Janeiro, Brazil, li bile le tlhōro ea ba 249 351 kopanong, ba 2 645 ba bontša boineelo ba bona ho Jehova Molimo ka kolobetso ea metsing. Kopano e neng e le Montreal, Canada, e bileng le ba 78 804, e ne e fapane ka lintho tse peli, sebaka se emisang matlo-koloi le ka lipuo tse 11. Ba bileng teng kopanong ea Zurich, Switzerland, ba tlaleha hore bophelong bohle ba bona ha ba e-s’o bone cheseho e lerato le thabo e khapatsehang joalo. Baromuoa ba bileng teng ho e le ’ngoe kapa tse peli tsa likopano tse neng li tšoaretsoe Poland ba boletse maikutlo a tšoanang.

Tlaleho e sa fellang ea lefatše lohle e bontša hore ba bileng teng ba ne ba le 5 653 689 likopanong tse 754 tsa “Baboleli ba Botšepehi,” le Lipaki tse ncha tse 75 202 tse kolobelitsoeng. Jehova o hlohonolofalitse haholo hakaakang likopano tsena tsa batho ba hae!

Ho fapana le lilemong, ba bileng teng likopanong tsena ba bona lintho tseo ba neng ba sa li lebella. Litlhaloso tsa ba bangata li bontšitse kamoo likopano tseo tsa morao li bileng molemohali kateng. Ka hona Lipaki tsohle tsa Jehova li lebeletse pele ka cheseho Likopanong tsa lemo sena tsa “Khotso ea Molimo,” tse tla tšoaroa lefatšeng ka bophara—tse 130 li ne li tšoaretsoe United States.

Ke sehlooho se monate hakaakang sa kopano ea rōna ea setereke: “Khotso ea Molimo”! Kajeno mokhatlo oa batho o ferekantsoe ke ntoa. Ha se feela lintoa tsa sebele tse loanang lefatšeng lohle empa ho na le mefuta e meng ea lintoa: lintoa tsa moruo le lintoa pakeng tsa balekane ba lenyalo, le pakeng tsa bana le batsoali. Empa ka ho fapaneng, ho na le khotso har’a batho ba ineetseng ba Jehova. Ba na le khotso ea Molimo, e tsoang ho Jehova Molimo, Molimo oa khotso o fanang ka khotso. Ba na le khotso le eena ka baka la tumelo le mosebetsi oa bona, kahoo ba khona ho ba le khotso e mong ho e mong, ka phuthehong le lelapeng.—Ba-Filippi 4:7; Ba-Roma 16:20.

Hape, ho hlokomeloe hore khotso ena ea Molimo ha se feela ho ba sieo ha ntoa. Lentsoe le bolelang khotso ka Seheberu sha·lohmʹ, ha le bolele khotso feela empa bophelo bo botle le katleho. E, Lipaki tsa Jehova li thabela katleho le ho ba sieo ha ntoa ka hobane li paradeiseng ea moea. Kopano ena e tla nolofaletsa ba tla ba teng ho eona ho ameha haholo ka khotso le ho nahana ka ho e hōlisa.—Ba-Roma 12:18.

Likopano tsena li tla qala ka Labone ka 1:10 thapama, joaloka lemong tse fetileng. Letsatsi le leng le le leng le na le sehlooho se amang khotso, sa letsatsi la pele “Molimo o Tla Hlohonolofatsa Batho ba Oona ka Khotso,” se theiloe ho Pesaleme ea 29:11. Ho tla buuoa ka thapelo e nang le morero, ’me letsatsi leo la kopano le tla fihla sehlohlolong ka puo e bontšang kamoo Jehova a tsoelang pele ho nchafatsa lintho tsohle.

Ka Labohlano puo ea sehlooho, “Khotso ea Molimo ho ba Rutoang ke Jehova,” e tla tiisa mohloli oa khotso ea rōna. Har’a likarolo tse ling tsa lenaneo e tla ba tšoantšiso e futhumatsang pelo ea Bibele e hokahanyang mehla ea boholo-holo le ea rōna.

Ho tlatseletsa puong ea kolobetso, lenaneo la hoseng ka Moqebelo le tla hatisa litlamo tsa rōna tsa Bokreste e mong ho e mong le hore ho hlokahala hore re tsoele pele joaloka lipaki tsa Jehova tsa Bakreste. Thapama, ho tla ba le keletso e molemo bakeng sa litho tsa lelapa le balebeli ba khethiloeng.

Hoseng ka Sontaha ho tla bontšoa tšoantšiso e matla le ea mehla ea kajeno. Thapama, puo ea phatlalatsa “Khotso Qetellong!—Ha Molimo o Bua” e tla ba karolo ea sehlooho ea kopano. Ha ho pelaelo hore bohle ba tla ba teng kopanong ba tla khutlela mahae ba hlomeletsoe ke Molimo oa khotso ho etsa thato ea ’ona.

Ka hona, fihla ka matsatsi ’ohle a mane ka takatso e ntle ea lijo tsa moea, ka kameho e feletseng ea tlhoko ea moea. (Mattheu 5:3, NW) Hlophisa mabaka a hao hantle hore u fihle ka nako bakeng sa pina le thapelo tse bulang letsatsi ka leng. Hape, lokisetsa buka ea ho ngola lintlha hore u tsebe ho tsepamisa monahano oa hao ho seo sebui se se bolelang. Mehopolo e tla hatisoa ka ho teba pelong le kelellong ea hao.

Empa ha rea lokela ho lebala hore borapeli bo hloekileng ba Jehova Molimo ha se feela taba ea ho amohela. Hape ke ea ho fana. Re batla ho hopola motheo ona oa Bibele: “Ea jalang haholo le hona o tla kotula haholo.” (2 Ba-Korinthe 9:6) Jesu o itse: “Ho nea ke leseho le fetisang la ho fuoa,” re fumana thabo e shoetseng kopanong ka ho fana haholo kamoo re ka khonang, re ithaopela mesebetsi ea rōna ka bolokolohi. (Liketso 20:35) Ha ho hlokahale hore ho kopuoe baithaopi.

Hape, re nke ka botebo tokisetso ea ho kopanela bopaking ba tšimo ka Labohlano thapama. ’Me re be seli ho sebelisa menyetla ea ho fana ka bopaki bo sa rereloang matsatsing ana a mane. Sena se re hopotsa molao-motheo o mong oa Bibele: Ea tsebang ho fana o tla nona; ea nosetsang o tla nosetsoa le eena. (Liproverbia 11:25) E, a re memeng bohle bao re ka khonang ho ba mema hore le bona ba tl’o bona hore ka sebele Lipaki tsa Jehova li lutse khotsong ea Molimo.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela