Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 2/15 leq. 29
  • Likopano tsa Setereke tsa “Tōka ea Bomolimo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Likopano tsa Setereke tsa “Tōka ea Bomolimo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kopano ea Setereke ea “Boinehelo ba Bomolimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Tlohong Kopanong ea Setereke ea “Puo e Hloekileng”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • E ba Teng Kopanong ea Setereke ea 1987 ea “Tšepa Jehova”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1987
  • Likopano Tsa Setereke Tsa 1986 Tsa “Khotso ea Bomolimo”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 2/15 leq. 29

Likopano tsa Setereke tsa “Tōka ea Bomolimo”

KE HO tšoenyeha ho hoholo hakaakang ho teng lefatšeng ka baka la ho haella ha tōka! Tšebeliso e mpe ea matla e atileng haholo ka lehlakoreng la babusi ba bang ba lipolotiki e felletse ka ho tšoenyeha ho hoholo ho se nang tōka. Lithahasello tse meharo tsa khoebo li hatella batho, ho fellang ka bothata bo boholo. Hape ho teng khatello ea baeta-pele ba bolumeli kajeno ba tšoanang hantle le metsoalle ea bona ea mehleng ea Jesu, eo a itseng ka eona: “Ba bofa liphahlo tse boima, tse imelang, ’me ba li jarisa batho mahetleng, athe bona ha ba rate ho li sisinya le ka monoana.” (Mattheu 23:4) Ho boetse ho na le tšebeliso e mpe haholo ea matla le phello ea ho hloka tōka tikolohong ea lelapa.

Pale e bontša hore e ne e ka ba ho sa thuseng letho ho talima ho batho ba sa phethahalang, ho sa tsotellehe hore na ba na le sepheo se setle hakae, ho lokisa maemo a joalo. Empa maholimong ke moo ho phelang Boleng bo Phahameng le Moahlōli, Jehova. Ke Molimo oa tōka. Ka ho loketseng, Moshe o ile a bina: “Ke Lefika; mosebetsi oa hae o phethehile, hobane litsela tsa hae kaofela li lokile: ke Molimo o tšepehang, o se nang bokhopo; o lokile, o khabane.”—Deuteronoma 32:4.

Ke khale Jehova a mameletse ho hloka tōka hohle ha lefatše lena, empa a ke ke a etsa joalo ka nako eohle. Ho na le nako e khethiloeng ea hore a nke khato ’me boprofeta bo fumanoang ho Esaia 14:4-7 bo tla phethahala, bo tšepisang hore mokhoa oohle oa bohatelli o tla fela ’me ‘lefatše kaofela le tla phomola.’

Ka baka la tumelo ea tsona e tiileng litšepisong tsena tsa boprofeta, Lipaki tsa Jehova li thabela ho bolela hohle hore haufinyane Jehova o tla felisa khatello eohle, bokhopo bohle, le ho hloka tōka ka ho hlahisa puso e feletseng ea ’Muso. Joale ha ho ea tla etsa hampe kapa ho senya, hobane ‘lefatše lohle le tla tlala tsebo ea Jehova, joale ka ha metsi a aparetse leoatle.’—Esaia 11:9.

E le ho matlafatsa tumelo ea rōna likahlōlong tse lokileng tsa Jehova, likopano tsa setereke tsa 1988 li tla ba le sehlooho “Tōka ea Bomolimo.” Ho hatisa sehlooho sena ho ke ke ha re susumelletsa feela ho tsoela pele re tsebahatsa tšepo ea rōna bakeng sa tōka ea bomolimo empa ho boetse ho re khothalletsa ho nka bohato tumellanong le tōka ea bomolimo litšebelisanong tsohle tsa rōna.

Joaloka bahlanka ba Jehova, kaofela ha rōna rea tseba hore ka baka la tšito ea batsoali ba rōna ba pele, mohopolo oa rōna o sekametse boithating, mabapi le ho hloka tōka. Ka hona re tla ananela boitsebiso bo molemo boo re tla bo fumana ka mekhoa ea lipuo tsa Bibele, lipontšo, lipuisano, le litšoantšiso tse tla totobatsa tlhoko ea ho phahamisa tōka ea bomolimo. Sena se lumellana le taelo e ho Mikea 6:8, ‘ho etsa se lokileng, ho rata bokhabane, le ho tsamaea ka boikokobetso le Molimo oa rōna.’ Hona ho fella ka kutloano, khotsofalo, le thabo; ho boetse ho thusa hape ho ntšetsa pele boboleli ba litaba tse molemo lefatšeng lohle.

Tšobotsi e ikhethang ea likopano tsena e tla ba hore metse e meng e ’maloa e tla ba ’moho bakeng sa lipuo tse khethehileng tse beoang ke litho tsa Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Hape, likopanong tsena baromuoa lefatšeng lohle ba tla lokisetsoa mokhoa oa ho tsamaea; sena se tla ba nolofalletsa ho etela malapa a habo bona hape.

Ha Jehova a rata, Likopano tsa Setereke tsa “Tōka ea Bomolimo” li tla qala ka Labone ka 1:30 p.m. ’me li fele ka 4:00 p.m. Sontaha. A re lokiseng litaba tsa rōna hore re tle re be teng ha lenaneo le qala ’me re ikemisetse ho lula ho fihlela pina e koalang le thapelo letsatsing le leng le le leng. Tloong ka takatso e ntle ea lijo tsa moea ’me le itlhomelletse ho nka lintlha. Kholisehang hore Jehova o re boloketse “mokete” oa lintho tse molemo tse tla re matlafatsa le ho re susumetsa bakeng sa mosebetsi o kapele.—Esaia 25:6; Sefela sa Lifela 2:4.

E, e mong le e mong a tle a ikemiselitse ho tla fumana mahlohonolo a maholo a moea Kopanong ea Setereke ea “Tōka ea Bomolimo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela