Buka ea Tlhaho le Bibele
“Bokahohle boa ’makatsa! Ke sitoa ho nahana hore na ‘sesupa-nako’ se joalo se ka ba teng feela ho se na moetsi oa sesupa-nako.”—Voltaire, Rafilosofi oa Lefora oa lekholong la bo18 la lilemo.
SESUPA-NAKO se sa foseng se susumetsa ho hlolloa ka tsebo le talenta tsa moetsi oa sona. Empa ho thoe’ng ka bokahohle bo re potolohileng? Na bo ka senola, bonyane ho isa tekanyong e itseng, botho ba ’Mōpi oa bona?
Hoo e ka bang lilemo tse 2 000 tse fetileng, e mong oa bangoli ba Bibele, moapostola Pauluse, o ile a fana ka karabo ea potso ena: “Hobane tse sa bonoeng tsa oona [Molimo], e leng matla a oona a ka mehla le bomolimo ba oona, li bonahala haholo, ha e sa le lintho li hloloa, ha ho lemohuoa mesebetsi ea oona.” (Ba-Roma 1:20) Ka hona, ke eng seo re ka ithutang sona ka ho hlahloba buka ena ea tlhaho?
Seo Sesupa-nako se Re Rutang Sona Ka Moetsi oa Sesupa-nako
Phororo e khōlō haholo, leoatle nakong ea sekhohola, leholimo le hlakileng le tletseng likete-kete tsa linaleli bosiu—tsena ke lintho tse ling tse etsang hore re nahane ka ’Mōpi ea matla. Ho nepahala ha ho pota-pota ha mafatše letsatsi le hona ho ka re hopotsa hore ’Mōpi e tlameha e be ke Mohlophisi e Moholo, Moetsi ea Phahameng oa sesupa-nako joalokaha ho ile ha hopotsa Voltaire.—Pesaleme ea 104:1.
Mefuta ea tse hlahisoang ke lefatše—litholoana le meroho tseo re li fumanang ka bongata—le tsona li boetse li fana ka bopaki, ba ho fana ha Molimo. Pauluse le eena o ile a hatisa sena ha a bolela hore Molimo “ha oa ka oa phetsa ho itsebahatsa ho rōna ka lipontšo, ka ho etsa batho hantle, oa re sitsa ka lipula tsa leholimo le ka lilemo tsa nala, ’me oa tlatsa lipelo tsa rōna ka lijo le ka thabo.”—Liketso 14:17.
Seo Sesupa-nako Se Sa Re Bolelleng Sona
Tlhahlobo e tsoelang pele ea buka ea tlhaho e tla re ruta ka litšoaneleho tse ling hape tsa Molimo. Empa haeba re itšetleha ka ho feletseng ka seo re ithutang sona ka pōpo, tsebo ea rōna ka Molimo kamehla e tla ba e lekanyelitsoeng. Mongoli oa Lefora Robert Lenoble o hlalosa sena bukeng ea hae Esquisse d’une histoire de l’idée de Nature, (Histori e Khutsufalitsoeng ea Khopolo ea Tlhaho): “Kamehla motho o tla ’ne a lebise tlhokomelo ea hae Tlhahong e le hore a ka khona ho utloisisa ho rarahana ha eona le ho sibolla lekunutu la eona, lekunutu leo le ka mohla le ke keng la tsoa sebakeng seo ho lekoang lintho tsa mahlale ho sona.” Ba ka holimo ho halofo ea banna ba Mafora ba ileng ba botsoa ke pampiri ea litaba ea letsatsi le letsatsi ea K’hatholike La Croix—ho sa natsoe hore na ke balumeli kapa ba latolang boteng ba Molimo—ba lumellana le sena ’me ba lumela hore “thuto ea mahlale e ke ke ea hlola e khona ho fana ka tlhaloso e khotsofatsang ea bokahohle, kaha lintho tse ngata li laoloa ke tsamaiso ea filosofi kapa litaba tsa bolumeli.”
Hoo e ka bang lilemo tse 3 500 tse fetileng, Jobo ea tšepahalang o ile a fihlela qeto e tšoanang. O ile a botsa: “Empa bohlale bo fumanoa kae? Kutloisiso e lutse ’nģalong efe?” Na bohlale boo bo tla fumaneha bukeng ea pōpo? “Boliba bo re: Ha bo eo ho ’na; leoatle le re: Ha ke na jona. Bo patetsoe mahlo a ba phelang kaofela, bo patetsoe le manong a leholimo.”—Jobo 28:12, 14, 21.
Joale, re lokela ho leba hokae hore re tle re fumane bohlale boo? Buka eona eo ea arabela: “Molimo ke oona o tsebang tsela ea jona, o tseba moo bo lulang teng.” (Jobo 28:23) ’Me Molimo o arolelane bohlale ba hae le batho ka tsela e hlollang ka Lentsoe la oona, Bibele.
Tsebo e Ikhethang e Tsoang Bibeleng
Bibele e re fa kutloisiso e ikhethang ka qaleho ea batho. E re bolella hore Molimo o ile a lokisa lefatše eaba joale o bea teng lelapa la pele la batho. Batsoali ba rōna ba pele ba ka be ba ile ba phela ka ho sa feleng tikolohong e phethahetseng. Empa ba ile ba rabela, ’me ka sebe sa bona ba bula tsela bakeng sa bokhopo bohle—ho akarelletsa sebe le lefu—tse tšoentseng batho.—Genese likhaolo 1 ho ea ho 3; Ba-Roma 5:12-21.
Bibele e boetse e re bolella ka ho qaqa mehato e nkiloeng ke Molimo ho lokisa boemo. Likete-kete tsa lilemo kamor’a Adama le Eva, Mora oa Molimo, Jesu, o ile a tla lefatšeng ho tla fa batho monyetla oa ho boelana le Molimo. Ka hona Kreste o ne a tšoaretse batho ba neng ba tla bontša tumelo ho eena le ba neng ba tla hlokomela bohlokoa ba sehlabelo sa hae tebello ea bophelo bo sa feleng lefatšeng le neng le tla fetoleloa paradeising.—Luka 23:43; Johanne 3:16.
Tšepo e fuoa e mong le e mong oa rōna. Ho e finyella re tlameha ho fumana ‘tsebo e nepahetseng ka Molimo o ’notši oa ’nete le Jesu Kreste eo o mo romileng.’ Hape re tlameha ho phela tumellanong le tšepo eo. Tsebo ena e nepahetseng e fumanoa ka Bibeleng.—Johanne 17:3, NW; Jakobo 2:4-26.
Na u ka rata ho fumana karabelo e qaqileng ea lipotso tse kang, Motho o tsoa hokae? Ho etsahala eng kamor’a lefu? Mathata a batho a bakoa ke eng? Na ho na le tšepo hore a tla ke a lokisoe ka letsatsi le leng? Ke neng hona ke joang Molimo o tlang ho tlisa maemo a phethahetseng bakeng sa batho bohle? Haeba ho joalo, re u khothalletsa ho sheba ka Bibeleng, buka e le ’ngoe feela e tla u fa likarabelo tse tsoang ho Molimo oa bokahohle hape e le eona feela buka e fupereng “motheo oa tšepo ea bophelo bo sa feleng.” Morero oa litokollo tsa Mokhatlo oa Watchtower ke ho u thusa ho fumana likarabo tsena ka Bibeleng ea hao.—Tite 1:1, 2, NW.
[Setšoantšo se leqepheng la 5]
Bokahohle bo senola litšobotsi tsa botho ba Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ke Bibele feela e ka re bolellang ka merero ea Molimo ka motho le lefatše