Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 6/15 maq. 6-7
  • Bokamoso ba Lefatše bo Khanyang Tlas’a ’Muso oa Molimo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bokamoso ba Lefatše bo Khanyang Tlas’a ’Muso oa Molimo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše la Paradeise
    Meea ea Bafu—Na e ka U Thusa Kapa ea U Ntsa Kotsi? Na e Hlile e Teng?
  • Phela ka ho sa Feleng Lefatšeng la Paradeise
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Lefatše le Lecha le Hlollang le Entsoeng ke Molimo
    Na Ruri Molimo oa re Tsotella?
  • Matsatsi a ho Qetela—Ebe ho Latela’ng?
    Tsoha!—2008
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 6/15 maq. 6-7

Bokamoso ba Lefatše bo Khanyang Tlas’a ’Muso oa Molimo

BIBELE e bolela hore “tumelo ke tšepiso e tiileng ea lintho tse lebeletsoeng.” (Ba-Heberu 11:1) Joalokaha re bone sehloohong se fetileng, lilemo tse fetang 500 pele ho tsoalo ea Kreste, Molimo o ile oa etsa hare ka bukeng ea Daniele ho ngoloe ponelo-pele ea boprofeta ea ho phahama le ho oa ha mebuso ea lefatše ho tloha mehleng ea Daniele ho tla fihlela mehleng ea rōna. Ho nepahala ha boprofeta bona hoa re kholisa, ho re nea lebaka le matla la ho ba le tumelo, hore boprofeta bo bong kaofela ba Daniele le bona bo tla phethahatsoa, le hore haufi-nyane haholo ’Muso oa Molimo tlas’a Kreste Jesu o tla nkela mebuso ea batho sebaka.

Hoo ho tla bolela phetoho e khōlō hakaakang bakeng sa batho! O lebelletse nako eo, Molimo ka booona o re: “Bonang, ntho tsohle ke li etsa tse ncha.” (Tšenolo 21:5) Ho nahana ka bo bong ba boprofeta bo bululetsoeng bo re etsetsang setšoantšo sa nako eo e thabisang ho tla re thusa ho bona hore na lintho li tla ba “ncha” hakae, li tla fapana ka ho feletseng hakaakang le seo re se bonang kajeno tlas’a puso ea batho. Ka sebele, seo Bibele e se bolelang ka bokamoso ba lefatše la rōna le ka bophelo bo ho lona ke ntho e hlollang haholo. Nahana:

Tlōlo ea molao le pefo li tla fela. “Hobane ba bolotsana ba tla felisoa . . . molotsana o tla ba sieo.” Ba phelang “ba tla lula e mong le e mong ka tlas’a feiga ea hae le ka tlas’a morara oa hae, ho se ea ba tšosang, hobane molomo oa Jehova oa makhotla o boletse.”—Pesaleme ea 37:9, 10; Mikea 4:4.

Likarohano tsa merabe le tsa lichaba, le lintoa tse tlisoang ke tsona, li tla be li le sieo. “Sechaba se seng ha se sa tla hlola se futuhela sechaba se seng ka lerumo, ha ba sa tla hlola ba ithuta ho loana.”—Esaia 2:4.

Likhaello tsa bolulo, ho hloka matlo, le ho hloka mosebetsi e tla ba lintho tsa nako e fetileng. Esaia o boletse esale pele hore: “Ba tla haha matlo, ba lule ho ’ona; ba tla hloma merara, ba je litholoana tsa eona . . . ’me bakhethoa ba ka ba tla bona mesebetsi ea matsoho a bona e tsofalla ho bona.”—Esaia 65:21, 22.

Bofuma bo tšabehang, bo kang bo sa tsoa hlasela likarolo tse ling tsa Afrika, bo tla nkeloa sebaka ke bongata bo khaphatsehang ba lijo tsa bohle. “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.” “Lefatše le melisitse lijo tsa lona. Molimo, Molimo oa rōna, o tla re hlohonolofatsa.”—Pesaleme ea 72:16; 67:6, 7.

Ho phaella moo, ho tla ba le bophelo bo botle boo batho ba tla thabela mahlohonolo ana ka bona. Esita le nakong ea tšebeletso ea Jesu ea lefatšeng, kannete ho ne ho boleloa hore “lifofu lia bona, lihlotsa lia tsamaea, ba-lepera ba ntlafala, ba thibaneng litsebe ba utloa.” Leha ho le joalo, ho tla phethahala tšepiso e kholoanyane le ho feta: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.”—Luka 7:22; Tšenolo 21:4.

Ke phetoho e tsotehang hakaakang! Sena sohle se tla tlisetsa batho ba mahlomoleng topollo e kaakang! Re u khothalletsa hare u ikokobeletse ’Muso oa Molimo, esita le hona joale e le hare le uena u ka kotula melemo e tla tlisoa ke phetoho ena e khōlōhali pusong ea lefatše.

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Batho ba phelang hona joale ba ka lebella mahlohonolo a babatsehang—ho tela ha ntoa, tlōlo ea molao, bofuma, ho kula, le lona lefu. Na u ka thabela bokamoso bo joalo?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela