Ho Nyarela ka Litabeng
Tšusumetso ea Bosatane
Ka mor’a ho etsa phuputso ka tšusumetso ea Bosatane ’minong oa rock le ’mino oa rock o nang le morethetho o boima, mongoli oa koranta oa Toronto, Tom Harpur oa ngola ho The Sunday Star: “Ke tlameha ho fana ka tlhokomeliso e matla ka se etsahalang. . . . Ha ke e-s’o bone ntho leha e le efe e senyang boitšoaro hakana. Lipina li tletse bohlanya, khatello ea meea, bademona, mali, litlhapa, pefo ea mofuta o mong le o mong, ho kopanyelletsa ho beta, ho ikhaola litho tse ling tsa ’mele, ho bolaea, le ho ipolaea. Lefu le tšenyo, pheliso, ho hana lintho tsohle tse molemo ho kopanyelletsa le lintho tsohle tse tšosang le tse mpe—tsena ke tsona lihlooho tsa lipina.”
Ho lumellana le ho phahama ha ’mino oa bosatane ke keketseho ea mesebetsi ea bonohe United States le Canada. Ha e tlaleha ka seminare ea haufinyana ea sepolesa Ontario, The Globe and Mail, koranta ea Canada, e bolela hore borapeli ba bosatane “bo kopanyelletsa mahlabelo a liphoofolo, ho etsa lintho tse nyelisehang mabitleng le litšebeletso tsa ho hlokofatsa bana.” Lefokisi James Bradley oa Washington, D.C., o ile a amahanya litlaleho tse makholo tsa ho hlekefetsoa ha bana le tlōlo ea molao ea tšebeletso tsa Bosatane. Joalokaha ho qotsitsoe ho The Globe and Mail, lefokisi Bradley le phaella ka hore ho feta lilemo tse hlano tse fetileng, litlaleho tsa bana ba hlekefelitsoeng litšebeletsong li tsoa “baneng ba makholo, basebeletsi ba sechaba ba makholo le matichere.”
Ha moapostola Johanne a bua ka ‘mehla ea bofelo’ ea tsamaiso ea joale e khopo ea lintho, o ngotse: “Hobane Diabolose o theohetse ho lōna a halefile hampe, ka ho tseba hobane nako ea hae ha e sa le e kae.” (2 Timothea 3:1; Tšenolo 12:12) Tšusumetso ea Satane, “’musisi oa matla a moea,” e hohle esita le ’minong o tummeng oa lefatše lena. (Ba-Efese 2:2, NW) Ke ka lebaka leo moapostola Pauluse a laetseng Bakreste-’moho ho “ema ba tiile khahlanong le liketso tsa bolotsana tsa Diabolose.”—Ba-Efese 6:11, NW.
‘Ho Tsoa Taolong’
Ha semathi sa mosali se lilemo li 28 se ne se otloa le ho betoa Central Park ea New York City, batho ba limillione ba ne ba tšohile. Lebaka? Tlhaselo e sehlōhō e ile ea etsoa ke sehlopha sa bacha bao “ka mor’a ketsahalo ea bona e soabisang le ho iphapanya e bileng tse sisimosang ka sebele,” ho tlaleha New York Post. Ho tlalehiloe hore ba bang ba bacha ba ikarabellang tlōlong ena ea molao e tšosang ba ka ba lilemo li 14. A tšositsoe ke tlhaselo ena, mongoli e mong oa Post o boletse hore lefatše le fetohile “le hlokang taolo, le ipusang le tletseng lithethefatsi, le imetsoeng ke botona le botšehali, malapa a arohaneng, le sechaba se hlantšoang ke pefo” e “tsoileng taolong ’me potso ke: hobane’ng?”
Ha e le hantle, moloko ona oa pefo e ke keng ea bapisoa ke o profetiloeng hantle ke moapostola Pauluse ho 2 Timothea 3:1-5. Mono o hlalositse hore “mehla ea qetello” e tla tšoauoa ka batho “ba ithatang, ba meharo, ba ikhohomosang, le ba ikakasang.” Ho feta moo, “e tla ba ba bothoto, ba bolotsana ho batsoali ba bona, ba sa leboheng, ba hlokang bolumeli; ba hlokang mosa, ba hlokang qenehelo, bathetsi, ba mabifi, le ba halefileng; ba tla hloea se molemo; e tla ba ba bolotsana, ba sa tsotelleng letho, ba tletseng boikhohomoso; ba tla rata menate ho e-na le Molimo.” (Today’s English Version) Na lefatše lena le mabifi le tla lula le ‘tsoile taolong’ ka ho sa feleng? Che! Jesu o itse: “Etlare ha tseo li qala ho hlaha, emisang lihlooho, ’me le lelale holimo, hobane topollo ea lōna e tla be e atametse.”—Luka 21:28