Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w89 10/1 maq. 4-5
  • Tšimoloho ea Lihele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tšimoloho ea Lihele
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lihele Tsa Mesopotamia
  • Malumeli a Egepeta le Bochabela
  • Lihele Tsa Greece, Etruria, le Roma
  • Bajode le Mangolo a Seheberu
  • ’Nete Mabapi le Lihele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • Ho Etsahetse’ng ka Mollo oa Lihele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ke Bo-mang ba Eang Liheleng?
    Lipotso Tsa Bibele Lia Arajoa
  • Ha e le Hantle Lihele ke Eng?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
w89 10/1 maq. 4-5

Tšimoloho ea Lihele

“LIHELE,” ho hlalosa New Catholic Encyclopedia, ke lentsoe “le sebelisetsoang ho khetholla sebaka sa batho ba rohakiloeng.” Buka ea boitsebiso ea Prostanta e hlalosa lihele e le “sebaka sa tlhokofatso ea ka moso bakeng sa ba khopo.”a Empa ho lumela sebakeng se joalo sa tlhokofatso ka mor’a lefu ha hoa fella likerekeng tsa sehlooho tsa Bokreste-’mōtoana. Ho simolohile makholong a lilemo a mangata pele Bokreste-’mōtoana bo e-ba teng.

Lihele Tsa Mesopotamia

Hoo e ka bang lilemo tse 2 000 pele ho tsoalo ea Jesu, Basumere le Bababylona ba ne ba lumela lefatšeng la bafu leo ba neng ba le bitsa Lefatše la Ho Se Khutle. Tumelo ena ea boholo-holo e bonahala le lithokong tsa Basumere le Baakkad tse tsejoang ka hore ke “Thothokiso ea Gilgamesh” le “Ho Theohela ha Ishtar Lefatšeng la Bafu.” Ba hlalosa ’nģalo ena ea bafu e le ntlo ea lefifi, “ntlo eo ho seng ea keneng ea ka tsoang ho eona.”

Mabapi le maemo a teng moo, taba e ngotsoeng ea Assyria ea boholo-holo e bolela hore “lefatše le ka tlaase le ne le tletse tšabo.” Khosana ea Assyria eo ho boleloang hore e ne e fuoe pono ea ’nģalo ena e ka tlaase ea bafu e ile ea tiisa hore ‘maoto a eona a ile a thothomela’ ke seo e se boneng. Ha e hlalosa Nergal, morena oa lefatše la bafu, e ile ea tlaleha: “O ile a nkharumela ka bohale le lerata le tšosang joaloka sefefo se befileng.”

Malumeli a Egepeta le Bochabela

Baegepeta ba boholo-holo ba ne ba lumela ho se shoeng ha moea, ’me ba ne ba e-na le maikutlo a bona ka lefatše la ka morao ho lefu. The New Encyclopœdia Britannica e-ea bolela: “Litaba tse ngotsoeng tsa Baegepeta tsa mapato li bontša tsela e eang lefatšeng le latelang e tletse lintho tse kotsi tse tšosang: libōpuoa tse tšabehang, matša a mollo, liheke tse ke keng tsa fetoa ntle leha ho sebelisoa lintho tsa boloi, le motšelisi ea bonahalang a tletse bokhopo eo morero oa hae o mobe o tlamehang ho nyopisoa ka boloi.”

Malumeli a India le Iran a ile a hlahisa litumelo tse fapa-fapaneng mabapi le ho hlokofatsoa ha ka mor’a lefu. Mabapi le Bohindu, Encyclopœdia Universalis (Buka ea Boitsebiso bo Pharalletseng) ea Sefora e-ea bolela: “Ho na le litlhaloso tse se nang palo tsa lihele tse 21 tse nahanoang ke Mahindu. Baetsalibe ba haroloa ke libatana le linoha, ba halikoa ho sa khaotsoe, ba sakhoa likoto, ba hlokofatsoa ka lenyora le tlala, ba kenngoa ka oling e belang, kapa ba silakanngoa ka linkhong tsa tšepe kapa tsa lejoe.”

Malumeli a Jain le Buddha a na le litlhaloso tsa ’ona tsa lihele, moo ho hlokofatsoang baetsalibe ba sa bakeng. Bolumeli ba Zoroaster, bo theiloeng Iran, kapa Persia, le bona bo na le lihele—sebaka se batang, se nkhang hampe moo meea ea baetsalibe e hlokofatsoang.

Ka ho thahasellisang, ho ne ho tla bonahala eka litlhokofatso tse litlhalosong tsa Egepeta, Hindu, Jain, Buddha, le Zoroaster tsa lihele hase tsa ka ho sa feleng. Ho ea ka malumeli ana, ka mor’a nako ea ho hlokofatsoa, meea ea baetsalibe e fallela sebakeng kapa sebōpehong se seng se itseng, ho itšetlehiloe ka maikutlo a bolumeli bo itseng ka phello ea motho. Khopolo tsa ’ona ka lihele li tšoana le pelekatori ea bolumeli ba K’hatholike.

Lihele Tsa Greece, Etruria, le Roma

Bagerike ba boholo-holo ba ne ba lumela ho phonyoheng ha moea (psy·kheʹ, lentsoe leo ba neng ba boetse ba le sebelisetsa serurubele). Ba ne ba re Hades ke sebaka sa bafu ’me ba ne ba lumela hore se ne se busoa ke molimo o nang le lebitso le tšoanang. Bukeng ea hae Orpheus—A General History of Religions, seithuti sa Lefora Salomon Reinach o ile a ngola tjena ka Bagerike: “Tumelo e neng e jalehile ka ho pharalletseng ke hore [moea, soul] o ne o kena libakeng tse ka tlaase tsa bafu ka mor’a ho tšela nōka ea Styx ka seketsoaneng sa motšelisi Charon ea hōlileng, ea neng a batla obolus [chelete ea tšepe] ka ho hanyapetsa e le tefello, e neng e kenngoa molomong oa mofu. Libakeng tsena tse ka tlaase tsa bafu o ne o hlaha pel’a baahloli ba bararo ba sebaka seo . . . ; ha o ne o ahloletsoe litlōlo tsa oona, o ne o lokela ho hlokofatsoa Tartarus. . . . Bagerike ba bile ba iqapela Limbo, ’nģalo ea bana ba neng ba shoele boseeng, le Pelekatori, moo tlhokofatso e itseng e bobebe e neng e hloekisa meea.” Ho latela The World Book Encyclopedia, meea e neng e qetella e le Tartarus “e ne e hlokofatsoa ka ho sa feleng.”

Italy Baetruscan, bao tsoelo-pele ea bona e ileng ea etella ea Baroma pele, le bona ba ne ba lumela tlhokofatsong ea ka mor’a lefu. Dictionnaire des Religions (Buka e hlalosang Malumeli) e-ea bolela: “Tlhokomelo e fetelletseng eo Baetruscan ba neng ba hlokomela bafu ba bona ka eona e hlalosoa ke maikutlo a bona ka libaka tse ka tlaase. Joaloka Bababylona, ba ne ba nka tsena e le libaka tsa tlhokofatso le masisa-pelo a meea [meea ea bafu]. Pheko feela bakeng sa eona e ne e ka hlaha mahlabelong a tšoarelo ea libe a etsoang ke litloholo tsa eona.” Buka e ’ngoe ea litšupiso ea hlakisa: “Mabitla a Baetruscan a bontša lipono tse tšosang tse susumellelitseng litšoantšo tse ferefiloeng tsa Bokreste tsa lihele.”

Baroma ba ile ba amohela lihele tsa Baetruscan, ’me ba li bitsa Orcus, kapa Infernus. Ba ile ba boetse ba nka litšōmo tsa Bagerike ka Hades, morena oa lefatše la bafu, ’me ba ’mitsa Orcus, kapa Pluto.

Bajode le Mangolo a Seheberu

Ho thoe’ng ka Bajode ba pele ho mehla ea Jesu? Mabapi le bona, re bala tjena ho Encyclopœdia Britannica (1970): “Ho tloha lekholong la bo5 la lilemo B.C. ho ea pele, Bajode ba ne ba kopakane le Bapersia le Bagerike, ba neng ba hōlisitse ka botlalo likhopolo tsa bophelo bo latelang. . . . Nakong ea ha Kreste a se a le teng, Bajode ba ne ba amohetse tumelo ea hore meea e khopo e ne e tla hlokofatsoa Gehenna ka mor’a lefu.” Leha ho le joalo, Encyclopœdia Judaica e-ea bolela: “Ha ho letho le ka fumanoang ka Lengolong la khopolo ena ea morao ka Gehenna.”

Polelo ena ea ho qetela e nepahetse. Ka Mangolong a Seheberu ha ho letho le hlahang la ho hlokofatsoa ha moea liheleng tsa mollo ka morao ho lefu. Thuto ena e tšosang e tloha morao koana malumeling a ka morao ho Moroallo a Babylonia, eseng Bibeleng. Thuto ea Bokreste-’mōtoana ea ho hlokofatsoa liheleng e simolohile ho Bababylona ba pele. Khopolo ea K’hatholike ea ho hlokofatsoa ho ka phekoloang pelekatoring e tloha morao koana malumeling a pele a Egepeta le a Bochabela. Limbo e ile ea nkoa litšoantšong tsa litšōmo tsa Bagerike. Lithapelo le mahlabelo a bafu li ne li sebelisoa ke Baetruscan.

Empa lithuto tsee tsa ho hlokofatsoa ha motho a ntse a ikutloa ka mor’a lefu li theiloe khopolong efe ea motheo?

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Cyclopœdia of Biblical, Theological, and Ecclesiastical Literature ea M’Clintock le Strong, Moqolo 4, leqephe 165.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Ho tšela nōka ea Styx joalokaha ho hlalositsoe ke “Inferno” ea Dante

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Dover Publications, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela