Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w92 2/1 maq. 8-13
  • Mpho ea Jehova ea Moea o Halalelang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mpho ea Jehova ea Moea o Halalelang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Matla a Moea o Halalelang
  • Mesebetsi ea Mohlolo
  • Mangolo a Bululetsoeng
  • Ho Itšetleha ka Moea o Halalelang
  • Moea oa Molimo Lekholong la Pele la Lilemo
  • Rua Molemo ho Moea o Halalelang oa Molimo
  • ‘Ka Lebitso la Moea o Halalelang’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Ho Tataisoa ke Moea oa Molimo Lekholong la Pele la Lilemo le Kajeno
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • Ho Tseba Moea o Halalelang
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1991
  • Tsamaea ka Moea ’me U Phelele Boinehelo ba Hao
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
w92 2/1 maq. 8-13

Mpho ea Jehova ea Moea o Halalelang

“Ntat’a lōna ea leholimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena!”—LUKA 11:13.

1, 2. (a) Jesu o ile a fana ka tšepiso efe ka moea o halalelang, ’me ke hobane’ng ha e le e tšelisang kannete? (b) Moea o halalelang ke eng?

KA HOETLA selemong sa 32 C.E. ha Jesu a ntse a bolela litaba tse molemo Judea, o ile a bolella barutuoa ba hae ka ho fana ha Jehova ka seatla se bulehileng. O ile a sebelisa lipapiso tse itseng tse matla eaba o etsa tšepiso e babatsehang, a re: “Ha esita lōna ba lonya, le tseba ho nea bana ba lōna lintho tse molemo, Ntat’a lōna ea leholimong o tla fetisisa hakakang ka ho nea Moea o Halalelang ho ba o kōpang ho eena!”—Luka 11:13.

2 Mantsoe ao ke a tšelisang hakaakang! Ha re ntse re mamella pherekano ea mehla ea bofelo ea lefatše lena, re tobana le lehloeo la Satane le bademona ba hae, ’me re ntse re loantša litšekamelo tsa rōna tsa boetsalibe, ka sebele hoa thabisa ho tseba hore Molimo o tla re matlafatsa ka moea oa oona. Ha e le hantle, re ke ke ra khona ho mamella ka botšepehi ntle ho tšehetso eo. Na u kile ua bona matla a moea oo, e leng matla a sebetsang a Molimo? Na u utloisisa kamoo o ka u thusang ka teng? Na u o sebelisa ka botlalo?

Matla a Moea o Halalelang

3, 4. Bontša matla a moea o halalelang.

3 Tabeng ea pele nahana ka matla a moea o halalelang. Nahana ka se etsahetseng morao koo selemong sa 1954. Selemong seo ho ile ha akheloa bomo ea hydrogen Bikini Atoll karolong e ka Boroa ho Pacific. Nakoana ka mor’a hore bomo e phatlohe, sehleke-hleke seo se setle se ile sa apareloa ke leru le leholo la mollo ’me sa ripitloa ke ho phatloha ho lekanang le ho phatloha ha seqhomane sa TNT se boima ba lithane tse limillione tse 15. Matla ao a senyang a ne a tsoa hokae? E ne e le phello e hlahisitsoeng ke ho fetoloa ha karolo e nyenyane feela ea uranium le hydrogen e neng e bōpa khubu ea bomo eo hore e be matla. Leha ho le joalo, ho thoe’ng haeba bo-rasaense ba ne ba ka etsa se fapaneng le seo ba se finyelletseng Bikini? A re re mohlomong ba ne ba ka khona ho kopanya matla ’ohle a bakang mollo e be ba a fetola uranium le hydrogen ea boima ba lik’hilogramo tse seng kae. Seo e ne e ka ba katleho e kaakang! Leha ho le joalo, Jehova o ile a etsa ntho e tšoanang le eo empa e le ka tekanyo e khōlō haholo ha ‘a ne a bōpa maholimo le lefatše tšimolohong.’—Genese 1:1.

4 Jehova o na le pokello e pharalletseng ea matla a maholo. (Esaia 40:26) Nakong ea pōpo, e tlameha e be o ile a sebelisa matla a mang ho ana ha a etsa likaroloana tsohle tse bōpang bokahohle. O ile a sebelisa eng mosebetsing oo oa pōpo? Moea o halalelang. Rea bala: “Maholimo a entsoe ka lentsoe la Jehova, ’me lebotho lohle la ’ona le entsoe ka moea o tsoang molomong oa hae.” (Pesaleme ea 33:6, NW) ’Me tlaleho ea Genese ea pōpo e baleha tjena: “Moea [o halalelang] oa Molimo o no o solla holim’a metsi.” (Genese 1:2) Moea o halalelang o na le matla a maholo hakaakang!

Mesebetsi ea Mohlolo

5. Moea o halalelang o sebetsa ka litsela life tse phahameng?

5 Moea o halalelang o sa ntsane o sebetsa ka litsela tse phahameng. O tataisa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova ebile oa o tsamaisa. (Ezekiele 1:20, 21) Ho tšoana le matla a ntšoang ke bomo ea hydrogen, o ka sebelisoa ka tsela e timetsang bakeng sa ho liha kahlolo holim’a lira tsa Jehova, empa o boetse o ’nile oa sebetsa ka litsela tse ling tse re etsang hore re hlolloe.—Esaia 11:15; 30:27, 28; 40:7, 8; 2 Ba-Thessalonika 2:8.

6. Moea o halalelang o ile oa tšehetsa Moshe le bana ba Iseraele litšebelisanong tsa bona le Egepeta joang?

6 Ka mohlala, hoo e ka bang ka 1513 B.C.E., Jehova o ile a roma Moshe hore a e’o hlaha ka pel’a Faro oa Egepeta ’me a batlele bana ba Iseraele tokoloho. Ka lilemo tse 40 pejana, Moshe e ne e le molisana Midiane, kahoo ke hobane’ng ha Faro a ne a ka mamela molisana? Hobane Moshe o ne a tlile ka lebitso la Molimo o le mong oa ’nete, Jehova. Ho paka sena, Jehova o ile a mo fa matla a ho etsa mehlolo. Mehlolo ena e ne e le meholo hoo baprista ba Egepeta ba ileng ba tlameha ho lumela: “Ke monoana oa Molimo.”a (Exoda 8:19) Jehova o ile a tlisa likotlo tse leshome Egepeta, ’me ea ho qetela ho tsona e ile ea qobella Faro ho lumella batho ba Molimo ho tloha Egepeta. Ha Faro ka manganga a ba jahella ka lebotho la hae, Baiseraele ba ile ba phonyoha ha ka mohlolo ho buleha tsela Leoatleng le Lefubelu. Lebotho la Egepeta le ile la ba latela ’me la khangoa ke metsi ka har’a leoatle.—Esaia 63:11-14; Haggai 2:4, 5.

7. (a) Mabaka a mang ao moea o halalelang o ileng oa etsa mehlolo ka ’ona ke afe? (b) Le hoja moea o halalelang o se o sa etse mehlolo, ke hobane’ng ha tlaleho ea eona e ka har’a Bibele e le e tšelisang?

7 E, Jehova a sebelisa moea oa hae o ile a etsa mehlolo e matla molemong oa Baiseraele mehleng ea Moshe, le ka linako tse ling hape. Morero oa mehlolo eo e ne e le ofe? E ile ea ntšetsa merero ea Jehova pele, ea etsa hore lebitso la hae le tsebahatsoe, ’me ea bonahatsa matla a hae. ’Me ka linako tse ling, joaloka tabeng ea Moshe, e ne e paka ka tieo hore motho ea itseng o tšehelitsoe ke Jehova. (Exoda 4:1-9; 9:14-16) Leha ho le joalo, moea o halalelang ha oa ka oa etsa mehlolo e mengata ho pholletsa le histori.b Ho ka etsahala hore batho ba bangata ba neng ba phela mehleng ea Bibele ha ho mohla ba kileng ba bona o mong oa eona, ’me kajeno ha e sa etsahala. Leha ho le joalo, kajeno ha re ntse re loantša mathata a ka ’nang a bonahala a le boima, na ha se ho tšelisang ho tseba hore haeba re kōpa Jehova ka thapelo, o tla re fa moea oona oo o ileng oa tšehetsa Moshe ha a le ka pel’a Faro ’me oa bulela Baiseraele tsela Leoatleng le Lefubelu?—Mattheu 17:20.

Mangolo a Bululetsoeng

8. Moea o halalelang o ile oa phetha karolo efe ha ho fanoa ka Litaelo tse Leshome?

8 Ka mor’a hore Baiseraele ba lopolloe Egepeta, Moshe o ile a ba etella pele ho ea Thabeng ea Sinai, eo ho eona Jehova a ileng a etsa selekane le bona ’me a ba fa Molao oa hae. Karolo e khōlō ea Molao oo o fanoeng ka Moshe e ne e le Litaelo tse Leshome, ’me likopi tsa tsona tsa pele li neng li ngotsoe holim’a matlapa a lejoe. Joang? Ka moea o halalelang. Bibele e re: “Eitse hobane Molimo o qetelle ho bua le Moshe, thabeng ea Sinai, oa mo nea matlapa a mabeli a bopaki, matlapa a majoe a ngoliloeng ka monoana oa Molimo.”—Exoda 31:18; 34:1.

9, 10. Moea o halalelang o ile oa tšoareha joang ho ngoloeng ha Mangolo a Seheberu, ’me see se bonahala joang lipolelong tse sebelisitsoeng ke barutuoa ba Jesu?

9 Ho phaella Litaelong tse Leshome, Jehova o ile a sebelisa moea oa hae ’me a fa Iseraele melao e makholo-kholo le litaelo tse neng li tla tataisa bophelo ba banna le basali ba tšepahalang. ’Me ho ne ho sa ntsane ho tla tla ho eketsehileng. Lilemo tse makholo ka mor’a mehla ea Moshe, Balevi ba ile ba tiisa sena thapelong ea phatlalatsa e neng e e-ea ho Jehova: “Ua ’na ua iphapanya le [Baiseraele] ka lemo tse ngata, ua ’na ua paka har’a bona ka moea oa hao, ua bua le ka baprofeta ba hao.” (Nehemia 9:5, 30) Boprofeta bo bongata bo bululetsoeng bo ileng ba boleloa ke baprofeta bao bo ile ba tlalehoa. Ho phaella moo, moea o halalelang o ile oa susumelletsa banna ba tšepahalang ho ngola litlaleho tse halalelang le lipina tse tiileng tsa thoriso.

10 Pauluse o ne a bua ka mangolo ana kaofela ha a re: “Lengolo lohle le bululetsoe ke Molimo.” (2 Timothea 3:16, NW; 2 Samuele 23:2; 2 Petrose 1:20, 21) Ha e le hantle, ha barutuoa ba Jesu ba lekholo la pele la lilemo ba ne ba qotsa mangolo ana, hangata ba ne ba sebelisa lipolelo tse kang “Moea o Halalelang [o buile] ka molomo oa Davida,” “Moea o Halalelang o boletse hantle ka molomo oa moprofeta Esaia,” kapa “Moea o Halalelang o bolela, o re.” (Liketso 1:16; 4:25; 28:25, 26; Ba-Heberu 3:7) Ke tlhohonolofatso e kaakang hore e be moea oona oo o ileng oa susumetsa ho ngoloa ha Mangolo a Halalelang o a bolokile e le hore a ka re tataisa le ho re tšelisa kajeno!—1 Petrose 1:25.

Ho Itšetleha ka Moea o Halalelang

11. Ke mosebetsi ofe oa moea o halalelang o ileng oa bonahala mabapi le ho ahoa ha tabernakele?

11 Ha Baiseraele ba ntse ba hlomme litente mosikong oa Thaba ea Sinai, Jehova o ile a ba laela ho aha tabernakele e le setsi sa borapeli ba ’nete. See ba ne ba tla se finyella joang? “Eaba Moshe o re ho bana ba Iseraele: Bonang, Jehova o bitsitse ka lebitso la hae Betsaleele, mor’a Uri, mor’a Hure, oa leloko la Juda; o mo tlatsitse ka moea oa Molimo, ka bohlale le ka kutloisiso, le ka tsebo ea ho etsa mesebetsi eohle.” (Exoda 35:30, 31) Moea o halalelang o ile oa entša tsebo leha e le efe ea tlhaho eo Betsaleele a nang le eona, ’me o ne a ka hlokomela ka katleho ho hlongoa ha moaho oo o tsotehang.

12. Moea o ile oa matlafatsa batho ka litsela tse sa tloaelehang joang ka mor’a mehla ea Moshe?

12 Hamoraonyana, moea oa Jehova o ile oa sebetsa ka ho Samsone, oa mo fa matla a phahametseng a batho bakeng sa ho mo thusa ho lopolla Iseraele ho Bafilista. (Baahloli 14:5-7, 9; 15:14-16; 16:28-30) Hamorao hape, Salomone o ile a fuoa bohlale bo khethehileng joaloka morena oa batho ba khethiloeng ba Molimo. (2 Likronike 1:12, 13) Tlas’a puso ea hae, Iseraele e ile ea atleha ho feta leha e le neng pele, ’me boemo ba eona bo thabisang e ne e le mohlala oa mahlohonolo ao batho ba Molimo ba neng ba tla a thabela tlas’a Puso ea Lilemo tse Sekete ea Kreste Jesu, Salomone e Moholoanyane.—1 Marena 4:20, 25, 29-34; Esaia 2:3, 4; 11:1, 2; Mattheu 12:42.

13. Tlaleho ea kamoo moea o ileng oa matlafatsa Betsaleele, Samsone, le Salomone e re khothatsa joang kajeno?

13 Ke tlhohonolofatso e kaakang hore e be Jehova o etsa hore moea oona oo o fumanehe bakeng sa rōna! Ha re ikutloa re haelloa ke matla a ho phethahatsa kabelo e itseng kapa ho kopanela mosebetsing oa boboleli, re ka kōpa Jehova ho re fa moea o tšoanang le oo a ileng a o fa Betsaleele. Ha re kula kapa re hlorisoa, moea oona oo o ileng oa fa Samsone matla a fetang a tloaelehileng o tla re tiisa—le hoja, ha e le hantle, o ke ke oa re tiisa ka tsela ea mohlolo. ’Me ha re talimane le mathata a boima kapa re lokela ho etsa liqeto tsa bohlokoa, re ka kōpa Jehova, ea ileng a fa Salomone bohlale bo fetang bo tloaelehileng, ho re thusa ho etsa lintho ka bohlale. Ka hona, joaloka Pauluse, re tla re: “Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka ho matlafatsoa ke ea mphang matla.” (Ba-Filippi 4:13, NW) ’Me tšepiso ea Jakobo e tla sebetsa ho rōna: “Ha e mong ho lōna a hloka bohlale, a bo kōpe ho Molimo, o sitsang bohle ka phano e kholo, o se na ho khanana, ’me o tla bo neoa.”—Jakobo 1:5.

14. Mehleng ea boholo-holo le kajeno, ke bo-mang ba ’nileng ba tšehetsoa ke moea o halalelang?

14 Moea oa Jehova o ile oa boela oa ba holim’a Moshe mosebetsing oa hae oa ho ahlola sechaba. Ha ho khethoa batho ba bang hore ba thuse Moshe, Jehova o ile a re: “Ke tla nka moeeng o holim’a hao, ’me ke tla o bea holim’a bona; ba tla jara le uena phahlo ea sechaba, ’me ha u sa tla e jara u ’notši.” (Numere 11:17) Ka hona, ho ne ho sa hlokahale hore banna bao ba sebelise matla a bona. Moea o halalelang o ile oa ba tšehetsa. Re bala hore hamoraonyana moea oa Jehova o ile oa ba holim’a batho ba bang. (Baahloli 3:10, 11; 11:29) Ha Samuele a tlotsa Davida joaloka morena oa ka moso oa Iseraele, tlaleho e re: “Eaba Samuele o nka lenaka la oli, a mo tlotsa har’a banab’abo, ’me moea oa Jehova oa tšoara Davida, ho qala tsatsing lona leo.” (1 Samuele 16:13) Kajeno ba nang le boikarabelo bo boima—ba lelapa, ba phutheho, kapa bo amanang le tlhophiso—ba ka tšelisoa ke ho tseba hore moea oa Molimo o sa ntsane o tšehetsa bahlanka ba oona ha ba ntse ba hlokomela boikarabelo ba bona.

15. Ke ka tsela efe moea o halalelang o ’nileng oa matlafatsa mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova (a) mehleng ea Haggai le Zakaria? le (b) kajeno?

15 Lilemo tse ka bang sekete ka mor’a mehla ea Moshe, batho ba tšepahalang ba tsoang ho bana ba Iseraele ba ile ba khutlela Jerusalema ba tsoa Babylona ka morero oa ho tsosolosa tempele. (Esdrase 1:1-4; Jeremia 25:12; 29:14) Leha ho le joalo, ho ile ha hlaha litšitiso tse boima ’me ba ile ba nyahama ka lilemo tse ngata. Qetellong, Jehova o ile a hlahisa baprofeta Haggai le Zakaria bakeng sa ho khothalletsa Bajode ho se itšetlehe ka matla a bona. Empa mosebetsi oo o ne o tla finyelloa joang? “Hase ka matla le ka borena, empa e le ka moea oa ka, ho bolela Jehova oa makhotla!” (Zakaria 4:6) ’Me tempele eo e ile ea ahoa ka tšehetso ea moea oa Molimo. Ka ho tšoanang batho ba Molimo kajeno ba ’nile ba finyella ho hongata. Ho boleloa ha litaba tse molemo ho pharalletse lefatšeng ka bophara. Batho ba limillione ba ntse ba rutoa ’nete le ho loka. Ho ntse ho hlophisoa hore ho be le likopano. Ho ntse ho ahoa Liholo tsa ’Muso le liofisi tsa makala. Boholo ba lintho tsena bo ’nile ba phethoa tlas’a khanyetso e bohloko. Empa Lipaki tsa Jehova ha lia nyahama, kaha lia tseba hore lintho tsohle tseo li li finyelletseng, ha lia li finyella ka lebotho la sesole, leha e le ka matla a motho, empa li li finyelletse ka moea oa Molimo.

Moea oa Molimo Lekholong la Pele la Lilemo

16. Bahlanka ba Jehova ba pele ho Bokreste ba bile le phihlelo efe mabapi le mosebetsi oa moea oa Molimo?

16 Joalokaha re se re bone, bahlanka ba Molimo ba pele ho Bokreste ba ile ba hlokomela ka ho hlaka matla a moea oa Molimo. Ba ile ba itšetleha ka ’ona bakeng sa ho ba thusa ho phethahatsa boikarabelo ba bona bo boima le ho phethahatsa thato ea Molimo. Hape ba ne ba tseba hore Molao le mangolo a mang a halalelang a bululetsoe, a ngotsoe tlas’a tšusumetso ea moea oa Jehova, ka hona e ne e le ‘Lentsoe la Molimo.’ (Pesaleme ea 119:105) Empa, ho thoe’ng ka mehla ea Bokreste?

17, 18. Liponahatso tse ling tsa mohlolo tsa moea tse ileng tsa etsahala mehleng ea Bokreste ke life, ’me li ile tsa phetha morero ofe?

17 Lekholong la pele la lilemo la Mehla ea rōna e Tloaelehileng ho ile ha boela ha etsahala mesebetsi e babatsehang ea moea oa Molimo. Ho ile ha ba le boprofeta bo bululetsoeng ke moea. (1 Ba-Korinthe 14:1, 3) Phethahatsong ea tšepiso ea Jesu ea hore moea o halalelang o ne o tla hopotsa barutuoa ba hae lintho tsohle tseo a li buileng le hore o ne o tla ba ruta litšobotsi tse eketsehileng tsa ’nete, ho ile ha ngoloa libuka tse ’maloa tlas’a tšusumetso ea moea o halalelang. (Johanne 14:26; 15:26, 27; 16:12, 13) ’Me ho ile ha boela ha etsahala mehlolo, joalokaha re tla buisana ka sena haholoanyane sehloohong se latelang. Ha e le hantle, lekholong la pele la lilemo ho ile ha etsahala mohlolo o tsotehang. Hoo e ka bang ka selemo sa 2 B.C.E., ho ile ha tsoaloa lesea le khethehileng, ’me e le pontšo, ’m’a lona e mocha e ne e lokela ho ba moroetsana. Seo se ne se ka etsahala joang? Ka moea o halalelang. Tlaleho e re: “Ho tsoaloa ha Jesu Kreste ho tlile ka mokhoa ona: Maria, ’m’ae, ha a lebelelitsoe ke Josefa, a tšoha a emolisitsoe ke matla a Moea o Halalelang, ba e-so ho kopane.”—Mattheu 1:18; Luka 1:35, 36.

18 Ha Jesu a se a hōlile, o ile a leleka bademona, a phekola ba kulang, a ba a tsosa le bafu ka matla a moea o halalelang. Ba bang ba balateli ba hae le bona ba ne ba etsa mehlolo le mesebetsi e matla. Matla ana a khethehileng e ne e le limpho tsa moea o halalelang. Morero oa eona e ne e le ofe? Feela joalokaha mehlolo e etsahetseng pejana e entse, e ile ea ntšetsa merero ea Molimo pele ’me ea senola matla a oona. Ho feta moo, e ile ea bontša bonnete ba ho ipolela ha Jesu hore o rometsoe ke Molimo; ’me hamorao, e ile ea paka hore phutheho ea Bokreste ea lekholo la pele la lilemo ke sechaba se khethiloeng sa Molimo.—Mattheu 11:2-6; Johanne 16:8; Liketso 2:22; 1 Ba-Korinthe 12:4-11; Ba-Heberu 2:4; 1 Petrose 2:9.

19. Tumelo ea rōna e matlafatsoa joang ke tlaleho ea Bibele e buang ka mehlolo ea Jesu le baapostola ba hae?

19 Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o boletse hore liponahatso tse joalo tsa mohlolo tsa moea e ne e le tsa bongoana ba phutheho ’me li ne li tla feta, kahoo rōna kajeno ha re bone mehlolo e joalo e etsoang ke moea o halalelang. (1 Ba-Korinthe 13:8-11) Ho sa le joalo, mehlolo eo Jesu le baapostola ba hae ba e entseng hase e thahasellisang feela kamanong le histori. E matlafatsa tumelo ea rōna tšepisong ea Molimo ea hore ho kula le lefu li ke ke tsa e-ba teng pusong ea Jesu lefatšeng le lecha.—Esaia 25:6-8; 33:24; 65:20-24.

Rua Molemo ho Moea o Halalelang oa Molimo

20, 21. Re ka sebelisa hamolemo joang tokisetso ea moea o halalelang?

20 Moea oo o na le matla a maholo hakaakang! Empa Bakreste ba ka rua molemo joang ho oona kajeno? Tabeng ea pele, Jesu o itse re lokela ho o kōpa, kahoo ke hobane’ng ha u sa etse feela joalo? Rapela Jehova hore a u fe mpho ena e babatsehang eseng feela linakong tsa khatello empa ka linako tsohle. Ho phaella moo, bala Bibele e le hore moea o halalelang o ka bua le uena. (Bapisa le Ba-Heberu 3:7.) Thuisa ka seo u se balang ’me u se sebelise e le hore moea o halalelang o ka susumetsa bophelo ba hao. (Pesaleme ea 1:1-3) Ho phaella moo, ikopanye—ka bomong, ka har’a liphutheho, le likopanong—le ba bang ba itšetlehileng ka moea oa Molimo. Moea o halalelang o matlafatsa ba bokang Molimo oa bona “liphuthehong” hakaakang!—Pesaleme ea 68:26.

21 Na Jehova hase Molimo o fanang ka seatla se bulehileng? O re re lokela feela ho kōpa moea o halalelang ’me o tla re fa oona. Ke booatla bo bokaakang ho itšetleha ka bohlale ba rōna le matla a rōna empa ho e-na le matla a maholo joalo a fumanehang ao re ka a sebelisang! Leha ho le joalo, ho na le litaba tse ling tse amanang le moea oa Molimo tse re amang joaloka Bakreste, ’me re tla buisana ka tsona sehloohong se latelang.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Hangata poleloana e reng “monoana oa Molimo” e lebisitse ho moea o halalelang.—Bapisa le Luka 11:20 le Mattheu 12:28.

b Mehlolo e mengata e tlalehiloeng ka Bibeleng e etsahetse mehleng ea Moshe le Joshua, Elia le Elisha, le mehleng ea Jesu le baapostola ba hae.

Na U ka Arabela Lipotso tse Latelang?

◻ Jehova o ile a bōpa likaroloana tsohle tse etsang bokahohle joang?

◻ Litsela tse ling tseo moea o halalelang o ileng oa sebetsa ka tsona mehleng ea pele ho Bokreste ke life?

◻ Ho tseba seo moea o halalelang o ileng oa se finyella mehleng ea boholo-holo ho re tšelisa joang?

◻ Re ka sebelisa hamolemo joang tokisetso ea moea o halalelang?

[Setšoantšo se leqepheng la 10]

Moea o ileng oa fa Samsone matla a phahametseng a batho o ka re fa matla linthong tsohle

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela