Tloo Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli”
“BONA, lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba.” (Esaia 60:2) Mantsoe ao ke ’nete hakaakang mehleng ee! Ntle le pelaelo, bolumeli ba bohata bo behile batho lefifing mabapi le hore na ke borapeli bofe bo khahlisang Molimo. Hobane’ng? Hobane Satane, molimo oa tsamaiso ena ea lintho, “o ba foufalitse likelello.”—2 Ba-Korinthe 4:4.
Lipaki tsa Jehova li fapane haholo le ba foufalitsoeng ke Satane. Mantsoe a moprofeta Esaia a ka sebelisoa ho bona: “Jehova o tla u chabela, khanya ea hae e bonahale holim’a hao.” (Esaia 60:2) Li leboha hakaakang hore ebe li tsoile lefifing ho kena leseling le hlollang la Molimo! Ke leseli la moea, ’nete ea Lentsoe la Molimo e nchafatsang kelello, e le hore esita le lifofu tsa sebele li ka bona ’nete.
Ke ’nete hore, thuso ea hlokahala. Ho ke ke ha etsahala hore motho ea balang Bibele feela a sa sebelise lithuso tse fanoeng ke Molimo a lemohe leseli. Ke ka hona Jehova Molimo a faneng ka “mohlanka ea khabane, ea bohlale,” ea boletsoeng esale pele ho Mattheu 24:45-47. Mehleng ena “mohlanka” eo o emeloa ke Sehlopha se Busang sa Lipaki tsa Jehova. Kopano ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” e hlophisitsoe tlas’a taolo ea sehlopha sena.
Morero oa kopano ena ke ho thusa batho bohle ba Jehova ho ba bajari ba molemonyana ba leseli, tumellanong le Ba-Filippi 2:15. Moo, Bakreste ba khothalletsoa ho khanya joaloka “maseli lefatšeng.”—Mattheu 5:14, 16.
Afrika Boroa, letoto la Likopano tsa Setereke tsa “Bajari ba Leseli” li hlophiselitsoe ho qala ka Labohlano, December 11. Ka 10:20 hoseng, lenaneo la ’mino le tla thusa bohle ho ba le boikutlo bo nepahetseng ba pelo le kelello, ba lokele lenaneo la moea le tlang. Letsatsi ka leng le na le sehlooho sa lona, ’me sehlooho sa Labohlano se re “Romela Leseli la Hao le ’Nete ea Hao.”—Pesaleme ea 43:3.
Lenaneo la Labohlano hoseng le tla akarelletsa puo ea sehlooho, “Bajari ba Leseli—Ka Morero ofe?” Ka sebele, Bakreste hase bajari ba leseli ka lebaka le itseng la botho, le la boithati. Ho e-na le hoo, ba sebeletsa ka mabaka a tšoanang le ao Jesu Kreste, Mojari e Moholo oa Leseli, a ileng a tla lefatšeng ka ’ona, e leng, ho tla pakela ’nete le ho tlotlisa lebitso la ’Mōpi. Ka ho loketseng, Jesu o ile a ipolela: “Ha ke sa le lefatšeng, ke leseli la lefatše.” (Johanne 9:5) Ka hona, o re sietse mohlala hore re latele mehato ea hae haufi-ufi. (1 Petrose 2:21) Motšehareng oa mantsiboea oa letsatsi leo la pele ho tla ba le puo le tšoantšiso tse buang ka Morena Josiase, tse tla thahaselloa ka ho khetheha ke bacha.
Sehlooho sa Moqebelo se re “Le Leseli la Lefatše . . . Khantšang Leseli la Lōna.” (Mattheu 5:14, 16, NW) Lenaneo la hoseng le tla akarelletsa lipuo tsa neheletsano tse reng “Ho Etsa Hore Leseli la Hao le Khanye.” Ho tla fanoa ka monyetla oa hore ba inehetseng ho Jehova ba kolobetsoe. Lenaneo la motšehare oa mantsiboea le tla ba le lipuo tsa neheletsano tse rutang sehloohong se reng “Ho Khantša Leseli ho Beng Teng ha Kreste le Tšenolo ea Hae.”
Sehlooho se khethetsoeng Sontaha, letsatsi la boraro ebile e le la ho qetela la kopano, se re “Tsoelang Pele le Tsamaea Joaloka Bana ba Leseli.” (Ba-Efese 5:8, NW) Lenaneo la hoseng le tla ba le lipuo tsa neheletsano sehloohong se reng “Ho Hlokomelana ka Lelapeng la Bokreste,” li tla tšohla litlamo tsa lelapa. Ho boetse ho tla ba le puo e hlalosang se boleloang ke ho ikokobelletsa Molimo le Kreste.
Kopano e tla fihlela sehlohlolo sa eona motšehare oa mantsiboea ka Sontaha ka puo ea phatlalatsa e nang le sehlooho se reng “Latela Leseli la Lefatše.” Puo ena e tla tšohla Johanne 1:1-16 ’me e tla bontša bohlokoa ba tsebo ea Bibele, e tla hatisa hore Jesu ke leseli la lefatše. Kopano e tla phetha ka khothatso e reng “Tsoelang Pele le Tsamaea Leseling.”
Bontša kananelo ea hao ka mokete ona oa moea oo Jehova a o lokiselitseng ka mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng o bonahalang. E-ba teng ho tloha ha ho buloa ka pina ka Labohlano hoseng ho fihlela ho etsoa thapelo e koalang motšehare oa mantsiboea ka Sontaha. U mamelisise ka hloko sohle se buuoang sethaleng. Ho ngola lintlha ho tla u thusa ho tsepamisa mohopolo tabeng le bakeng sa ho sebelisa hoo nakong e tlang. Qetellong, u etse litokisetso tsa ho kopanela mofuteng o itseng oa tšebeletso ea boithaopo. Ka hona, u ke ke ua thabela feela mahlohonolo a ho amohela empa u tla boela u thabele a maholoanyane a ho fana.—Liketso 20:35.