Litlhohonolofatso tse Enneng Likopanong tsa Setereke tsa “Bajari ba Leseli”
LILEMONG tse ka bang 2 700 tse fetileng, moprofeta Esaia o ile a ngola: “Bona, lefifi le koahetse lefatše, botšo bo apesitse lichaba.” (Esaia 60:2) Mantsoe ao a ipakile e le a ’nete hakaakang! Leha ho le joalo, ho na le tšepo, hobane Jehova o entse hore leseli le khanye. Selemong se fetileng, batho ba ratang leseli la Molimo ba ile ba mengoa ka mofuthu hore ba be teng Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli.”
Lenaneo la kopano le ile la neheloa ka lekhetlo la pele ka June Amerika Leboea. Likhoeling tse latelang, le ile la neheloa Europe Bochabela le Bophirimela, Amerika Bohareng le Boroa, Afrika, Asia le lihleke-hlekeng tsa leoatle. Batho ba bileng teng ba limillione. Ba ile ba thabela mokete oa moea o enneng hakaakang!
“Lea Amoheloa, Lōna Bohle Bajari ba Leseli!”
Libakeng tse ngata kopano e qalile ka Labohlano ’me ea fela ka Sontaha motšehare oa mantsiboea. Ha batho ba tlileng kopanong ba lula litulong tsa bona ka Labohlano hoseng, ba ile ba thabela ho utloa kakaretso ea taba e buang ka tsela eo leseli la Jehova le ’nileng la eketsa ho khanya matsatsing a morao tjena. Joale molula-setulo oa kopano a nehelana ka puo. A hatisa hore Bakreste ba ’nete ba lokela ho ba bajari ba leseli ’me ka mofuthu a re: “Lea amoheloa, lōna bohle bajari ba leseli!” Lenaneo la kopano le ne le tla thusa batho ba tlileng kopanong hore ba tsoele pele ho bonahatsa leseli la Jehova.
Puo ea sehlooho e ile ea bontša sebōpeho se akaretsang sa kopano eohle. Sebui sena se ile sa hopotsa batho ba tlileng kopanong hore litebello tse khanyang tsa batho li ile tsa fela nakong e fetileng tšimong ea Edene. Ho tloha ka nako eo, Satane o foufalelitse batho leseli la ’nete. (2 Ba-Korinthe 4:4) Leha ho le joalo, Jesu o ile a tla joaloka “leseli la lichaba.” (Esaia 42:1-6) O senotse mashano a bolumeli, a hlokomela mesebetsi e fosahetseng ea lefifi, a phahamisa bobusi ba Jehova, a ba a ruta litaba tse molemo tsa ’Muso. Balateli ba Jesu ba entse se tšoanang—’me ba ntse ba etsa joalo! (Mattheu 28:19, 20) Sebui se ile sa bua ka tsela e susumetsang sa re: ‘Rōna, joaloka Jesu, re ka ba bajari ba leseli. Ha ho mosebetsi o leng bohlokoa ho feta ona mehleng ea rōna. ’Me ha ho tokelo e khōlō ho feta ena.’
Nakong eo karolo ea pele ea lenaneo e neng e lebile qetellong, ho ile ha ba le ntho e sa lebelloang. Molula-setulo oa kopano o ile a khutlela sethaleng ’me a phatlalatsa ho lokolloa ha pampitšana ea pele letotong la lipampitšana tse ’nè. Batho ba ile ba opa liatla ka cheseho bakeng sa khatelo-pele ena, ’me motho e mong le e mong ea leng teng kopanong o ile a fuoa kopi e le ’ngoe ea pampitšana ena.
Ka Labohlano motšehare oa mantsiboea, lenaneo la kopano la lebisa tlhokomelo ea lona keletsong ea motheo bakeng sa Bakreste ba jereng leseli. Lipuo tse peli tsa pele li ile tsa fana ka keletso e molemo mabapi le tsela ea ho qoba ho silafatsoa ke lefifi la lefatše. Kaha Satane a ka ikhakanya ka sebōpeho sa lengeloi la leseli, ke habohlokoa hore re be le pono ea moea e le hore lintho tse sa hloekang tsa lefatše li se ke tsa re khelosa. (2 Ba-Korinthe 11:14) Pauluse o ile a eletsa: “Le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe le fetohe ka nchafalo ea kelello ea lōna, le tle le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” (Ba-Roma 12:2) Batho ba tlileng kopanong ba utloile hore ho fetoha ha Mokreste ha ho khaotse. Likelello tsa rōna li lula li hloekisoa le ho bōptjoa ha re ntse re ithuta Lentsoe la Molimo le ho sebelisa seo re ithutileng sona. Kahoo, re fetoha ba tšoanang le Jesu, ea neng a “tletse mosa o sa tšoanelang le ’nete” haholoanyane.—Johanne 1:14, NW.
Bajari ba Leseli ba Bacha
Karolong ea bobeli ea Labohlano motšehare oa mantsiboea e ne e lebisitsoe ho bacha. Puo ea pele (“Bacha—Le Hahamalla Eng?”) e ile ea babatsa Bakreste ba bacha bao e leng mehlala e metle ea botšepehi. Empa ea ba hopotsa hore Satane o na le pakane ea ho ba hlasela. Esita le semathi se koetlisitsoeng hantle se hloka mokoetlisi. Ka tsela e tšoanang, bacha ba hloka thuso ea batsoali ba bona le phutheho e le hore ba ka tsoela pele ho tsamaea leseling.
Sena se ile sa hatisoa ke tšoantšiso e molemohali Ho Etsa se Nepahetseng Mahlong a Jehova, e ileng ea phetha lenaneo la Labohlano. Ho ile ha phahamisoa mohlala oa Morena Josiase. Le nakong eo e neng e sa le moshemane, o ne a ikemiselitse ho sebeletsa Jehova. Ho ne ho na le litšusumetso tse mpe tse mo potolohileng, empa ka tataiso ea moprista e moholo Hilkia le ka baka la lerato la hae la Molao oa Molimo, Josiase o ile a etsa se nepahetseng mahlong a Jehova. E se eka Bakreste ba bacha kajeno ba ka etsa se tšoanang.
Etsa Hore Leseli le Khanye
Ka mor’a phomolo ea bosiu, batho ba tlileng kopanong ba ile ba tla sebakeng sa kopano ka Moqebelo hoseng ba itokiselitse ho fumana keletso ea Mangolo e eketsehileng. Ha baa ka ba soetseha. Ka mor’a ho buisana ka temana ea letsatsi, lenaneo la tsoela pele ka neheletsano e bontšang mekhoa e sa tšoaneng eo ka eona Mokreste a ka etsang hore leseli la hae le khanye. (Mattheu 5:14-16) Boboleli ke mokhoa o mong oa bohlokoa, boitšoaro bo botle le bona ke ba bohlokoa. Joalokaha sebui se boletse, “boboleli bo bolella ba bang seo re se lumelang, empa ho etsa liketso tsa lerato ho bonahatsa seo re se lumelang.”
Kofuto ea bohlokoa mosebetsing oa boboleli e ile ea tlisoa tlhokomelong ea batho ba tlileng kopanong—lipampitšana. Ba sa ntse ba hopotse tsebiso ea maobane, ba tlileng kopanong ba ile ba utloa liphihlelo tse pakang hore lisebelisoa tsena tse nyenyane li matla hakaakang. Ba tlileng kopanong ba ile ba khothalletsoa ho ba le lipampitšana e be malala-a-laotsoe bakeng sa boemo bo bong le bo bong ka linako tsohle.
Eaba tlhokomelo e lebisoa ho bo-pula-maliboho, baboleli bao ba ’Muso ba nako e tletseng ba sebetsang ka thata mosebetsing oa ho jara leseli. Re ananela bo-pula-maliboho ba rōna ba sebetsang ka thata hakaakang! ’Me lenane la bona lea eketseha. Esita le linaheng tseo ho tsona tokoloho ea borapeli e sa tsoa fanoa, manane a bo-pula-maliboho aa eketseha. Bo-pula-maliboho ba ile ba khothaletsoa hore ba nke tokelo ea bona e le ea bohlokoa. Bao e e-song ho be bo-pula-maliboho ba ile ba khothaletsoa hore ba nahane ka boemo ba bona. Mohlomong le bona ba ka lokisa boemo ba bona e le hore ba etse hore leseli la bona le khanye tšebeletsong ea nako e tletseng.
Ho ba mojari oa leseli hangata ho akareletsa ho itela, ’me sena se ile sa phahamisoa puong e latelang, “Ho Sebeletsa Jehova ka Moea oa Boitelo.” Pauluse o ile a kōpa: “Le o beele ’mele ea lōna, e be sehlabelo se phelang, se halalelang, se khahlisang Molimo.” (Ba-Roma 12:1) Moea oa boitelo o bonahatsoa ke batho ba mamellang mahloriso. Bo-pula-maliboho ba itela letsatsi le letsatsi e le hore ba ka lula tšebeletsong ea nako e tletseng. Ha e le hantle, Bakreste bohle ba ’nete baa itela, ba ipoloka ba tšoarehile tšebeletsong ea Jehova ho e-na le ho hahamalla lintho tse bonahalang tsa lefatše lena tse bonahatsang boithati. Tsela e joalo e fella ka litlhohonolofatso tse enneng tse tsoang ho Jehova.
Puo eo e ile ea sebeletsa joaloka selelekela—sa puo ea kolobetso. Ba ileng ba kolobetsoa Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” ka sebele ba ke ke ba lebala puo ena. Kolobetso ea bona e tla lula e le ketsahalo ea bohlokoa bophelong ba bona. Ba ile ba hopotsoa hore ba latela mohlala oa Jesu Kreste, ea ileng a kolobetsoa ha a le lilemo li 30. Ho feta moo, bakolobetsuoa ba ne ba thabetse ho hopola hore ba ‘lahlile mesebetsi ea lefifi’ ’me ba entse qeto ea ho ‘sebeletsa Jehova.’ (Ba-Roma 12:11; 13:12) Ka thabo ba ema ka pel’a letšoele la batho ba tlileng kopanong ’me ba etsa polelo ea phatlalatsa e utloahalang pele ba ea kolobetsong. (Ba-Roma 10:10) Re rapela hore tlhohonolofatso ea Jehova e be ho bohle ba tšoantšelitseng boinehelo ba bona ho eena ka ho kolobetsoa metsing Kopanong ea Setereke ea “Bajari ba Leseli.”
Moqebelo mantsiboea e ne e le nako ea litlhokomeliso tse tobileng. Li ile tsa tla ka sebōpeho sa lipuo tse nang le lihlooho tsena: “Qoba Maraba a Meharo,” “Na ho na le Motho ea Senyang Mekhoa ea Hao e Molemo?” le “Itebele Khahlanong le Borapeli ba Litšoantšo ba Mefuta Eohle.” Lipuo tsena tse tharo li ile tsa totobatsa maraba a mang ao Satane a a sebelisang ho fokolisa Mokreste. Judase Iskariota e ne e le moapostola, empa o ile a eka Jesu ka chelete. Samuele e mocha o ile a hōlela setsing sa sechaba sa borapeli ba Jehova, empa o ne a ke ke a qoba ho pepesetsehela litloaelano tse mpe haholo. (1 Samuele 2:12, 18-20) Borapeli ba litšoantšo bo ka akarelletsa lintho tse kang boitšoaro bo bobe ba botona le botšehali le meharo. (Ba-Efese 5:5; Ba-Kolosse 3:5) E, meharo, litloaelano tse mpe, le borapeli ba litšoantšo li kotsi ’me li tlameha ho qojoa.
Eaba tsela eo boitsebiso ba lenaneo la kopano bo fanoang ka eona ea fetoha. Puo e latelang e ile ea phahamisa letoto la lipotso tsa Bibele tse thahasellisang tsa ba tsa arabeloa. Ka mohlala, na u ka hlalosa hore na batho ba sa amoheleng ’nete ’me ba shoa pele ho mahlomola a maholo ba tla tsosoa? Mokreste a ka etsa joang ha a hlōleha ho fumana molekane ea loketseng oa lenyalo? E le hore ba ka tebisa tsebo ea bona ea Bibele, batho ba tlileng kopanong ba ile ba khothaletsoa ho sebelisa Watch Tower Publications Index, haholo-holo tlas’a sehlooho “Questions From Readers.”
Ho ba Teng ha Kreste le Tšenolo
Karolo e qetellang ea lenaneo la Moqebelo e ne e le ea boprofeta e bile le neheletsano e nang le sehlooho: “Ho Khantša Leseli ho Beng Teng ha Kreste le Tšenolo.” Ho ile ha hlahlojoa litšobotsi tsa “pontšo” tse bontšang ho ba teng ha Jesu Kreste. (Mattheu 24:3) Karolong ea bobeli, ho ile ha buuoa ka mesebetsi ea mehleng ea joale ea “mohlanka ea khabane ea bohlale.” (Mattheu 24:45-47) Ho ile ha bontšoa hore ho tloha ka 1919 sehlopha sa mohlanka ka botšepehi se etelletse mosebetsi oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso pele. Joale bongata bo boholo bo ile ba bokelloa lichabeng tsohle hore bo kopanele le Bakreste ba tlotsitsoeng mosebetsing oa ho khantša leseli la Jehova. Sebui se ile sa phetha: “Bohle a ba ke ba tsoele pele ho tšehetsa mohlanka ea khabane le ea bohlale ka cheseho. Hobane ke ka ho etsa joalo feela batho bohle ba kang linku ka letsatsi le leng haufinyane ba tlang ho utloa mantsoe ana a thabisang: ‘Tlong, lōna ba hlohonolofalitsoeng ke Ntate, le amohele ’muso oo le o lokiselitsoeng ha e sa le lefatše le theoa.’”—Mattheu 25:34.
Sebui sa ho qetela se ile sa bua ka moelelo oa tšenolo ea Jesu Kreste le seo e se akareletsang. (1 Ba-Korinthe 1:7) Tšenolo eo e tla ba phihlelo e babatsehang hakaakang! Babylona e Moholo o tla timetsoa. Ntoa e khōlō pakeng tsa lefatše la Satane le Jesu le mangeloi a hae e tla fella ka ho felisoa ha tsamaiso ena. Qetellong, Satane ka boeena o tla koalloa sekoting a be a tlosoe tšebetsong. Empa ho tla ba le tokoloho ea batho ba Molimo, e tlisoang ke lenyalo la Konyana leholimong le ho tlisoa ha lefatše le lecha. Sebui se ile sa thabisa bamameli ba sona ka ho lokolla bukana e lekanang le makasine Na Ruri Molimo oa re Tsotella? E tla ba thuso e molemo hakaakang bakeng sa batho ba ikokobelitseng ba batlang ho tseba ka ’Mōpi oa rōna ea tsotellang le merero ea hae bakeng sa rōna!
Malapa a Bakreste
Joale Sontaha, e leng letsatsi la ho qetela la kopano, le ne le fihlile. Leha ho le joalo, ho ne ho na le ho hongata ho sa ntseng ho tla neheloa. Ka mor’a puisano ea temana ea letsatsi, ho ile ha lebisoa tlhokomelo lelapeng la Bokreste ka neheletsano “Ho Hlokomelana ka Lelapeng la Bokreste.” Karolo ea pele e ile ea thusa ba tlileng kopanong ho hlokomela senotlolo sa ho ba le lelapa la Bokreste le atlehileng: ho eteletsa lintho tsa moea pele. Karolo ea bobeli e ile ea khothaletsa malapa ho etsa lintho hammoho, ho sa tsotellehe hore na seo se akareletsa ho ba teng libokeng, tšebeletso ea tšimo, thuto ea lelapa kapa boikhathollo. ’Me karolo ea boraro ea neheletsano ena e hopolitse ba tlileng kopanong tokelo ea bona le boikarabelo ba ho hlokomela ba hōlileng. Sebui se itse: “Baena le bo-khaitseli ba rōna ba hōlileng ke letlotlo la bohlokoa ka phuthehong.” Ha re nkeng phihlelo ea bona e le ea bohlokoa re be re etsise botšepehi ba bona.
Moelelo oa polelo “ho hlaphoheloa kelellong” o ile oa hlahlojoa hamorao. (1 Petrose 4:7, NW) Motho ea hlaphohetsoeng kelellong ke ea leka-lekaneng, o na le kelello, o na le kahlolo e molemo, o ikokobelitse, ebile o etsa lintho ka kelello. A ka khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng, ’nete ho bohata. Ho feta moo, o ikitlaeletsa ho boloka bophelo bo botle ba moea.
Puo ea ho qetela lenaneong la Sontaha hoseng e ile ea bua ka ho ikokobeletsa Molimo le Kreste. Sebui se itse: “Bohlokoa ba ho ikokobeletsa Jehova Molimo le Mora oa hae, Jesu Kreste ka botšepehi, bo ke ke ba hatisoa ho feta mona.” Se ile sa tsoela pele ho bontša hore na sena se ama karolo e ’ngoe le e ’ngoe ea bophelo ba rōna joang. Ke’ng se tla re thusa ho lula re ikokobelitse? Litšoaneleho tse ’nè: lerato, tšabo ea bomolimo, tumelo le boikokobetso.
Sontaha Motšehare oa Mantsiboea
Kapele, e ne e se e le Sontaha motšehare oa mantsiboea ’me e le nako ea karolo ea ho qetela ea lenaneo la kopano. Ho ba bangata, ho ne ho bonahala eka kopano e ne e sa tsoa qala, joale e se e bile e tla fela.
Puo ea phatlalatsa e ne e na le sehlooho se reng: “Latela Leseli la Lefatše.” Batho ba neng ba le teng ba ile ba fuoa tlhaloso e hlollang ea karolo e phethoang ke leseli la sebele tabeng ea ho boloka bophelo. Eaba sebui se bontša bohlokoa bo boholoanyane ba leseli la moea. Leseli la sebele le re boloka re phela ka lilemo tse mashome a seng makae, empa leseli la moea le ka re boloka re phela ka ho sa feleng. Ntlha ea sehlooho ea puo ena e bile tlhahlobo ea temana ka temana ea Johanne 1:1-16, moo Jesu a khetholloang joaloka leseli la lefatše. Kajeno, lilemong tsa ho qetela tsa tsamaiso ena e khopo, ho latela Jesu karolong ena ho potlakile haholo ho feta leha e le neng.
Ka mor’a kakaretso ea Thuto ea Molula-Qhooa ea beke eo, e ne e le nako ea puo e koalang. Ka thabo sebui se ile sa bontša hore ho na le lintho tse ngata tseo re lokelang ho li lebella ka thahasello matsatsing a larileng ka pele. Ka mohlala, se ile sa tsebisa ka k’hasete e ncha ea audio, tšoantšiso e nang le sehlooho se reng Ho Etsa Thato ea Molimo ka Cheseho. ’Me seo e ne e se phetho. Ho tla ba le letoto le lecha la lik’hasete tsa video tseo lihlooho tsa tsona e leng The Bible—A Book of Fact and Prophecy, sa pele letotong lena ke The Bible—Accurate History, Reliable Prophecy.
Qetellong, sebui se ile sa tsebisa hore ka 1993 ho tla ba le likopano tsa setereke tsa matsatsi a mane, ho akareletsa le likopano tse khethehileng tsa machaba Afrika, Asia, Europe, le Amerika Boroa. Le hoja Kopano ea Setereke ea “Bajari ba Leseli” e fela, batho ba tlileng kopanong ba ka qala ho itokisetsa ea selemo se latelang.
Joale e ne e le nako ea hore batho ba tlileng kopanong ba khutlele hae. Ruri, ho feta leha e le neng ba ne ba ikemiselitse ho tsoela pele ba khantša leseli lefatšeng lena le lefifi. Ka mor’a matsatsi a mararo a tletseng ka lintho tsa moea tse molemo, mantsoe a lengolo le qetellang le qotsitsoeng puong ea ho qetela e ile ea e-ba a bohlokoa haholo: “Jehova ke Molimo, ’me ke eena ea re bonesang. . . . Rokang Jehova, hobane o molemo, etsoe mohau oa hae o hlola ka ho sa feleng.”—Pesaleme ea 118:27, 29.
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Lenaneo la kopano ka Serussia
[Litšoantšo tse leqepheng la 16, 17]
Litho tsa Sehlopha se Busang li ile tsa bua likopanong tse ngata
Batho ba tlileng kopanong ba tsoang Japane ba ne ba le har’a ba kopanetseng St. Petersburg, Russia
Tšoantšiso ea Bibele e susumetsang e ile ea hatisa bohlokoa ba ho etsa se nepahetseng mahlong a Jehova
Bajari ba leseli ba bacha ba tšoantšetsa boinehelo ba bona ho Jehova ka ho kolobetsoa
Batho ba tlileng kopanong bao tlhokomelo ea bona e lebisitsoeng lenaneong ka ho feletseng St. Petersburg
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Batho ba tlileng kopanong ba ne ba thabetse ho fumana bukana e ncha e lekanang le makasine “Na Ruri Molimo oa re Tsotella?”