Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w93 2/1 maq. 7-8
  • Ba Fetotse Tsela ea Bona ea Bophelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Fetotse Tsela ea Bona ea Bophelo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Motheo oa Phetoho Ena
  • Batho ba Bang ba Batla ho Ithuta Bibele
  • ’Nete ea Bibele e Fetola Bophelo
  • Litaba Tse Molemo Tse Tsoang Norway
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Nka Etsa’ng Hore ke Khaotse ho Sebelisa Lithethefatsi?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
  • Ho Phehella Thōmong ea Tsona ea Bomolimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Nka Itšireletsa Joang ho Batho ba Hlekefetsang ba Bang ka Thobalano?
    Lipotso—Bacha Baa Botsa—Likarabo Tse Sebetsang, Buka ea 1
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
w93 2/1 maq. 7-8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ba Fetotse Tsela ea Bona ea Bophelo

HA HO pelaelo hore u kile ua ba bona ba bua le batho ba bang literateng, ba ea ka ntlo le ntlo, kapa ba ea libokeng tsa Bokreste Liholong tsa bona tsa ’Muso. Re bua ka bacha ba itlhophang hantle ba Lipaki tsa Jehova. Mohlomong u entse qeto ea hore ke Lipaki hobane batsoali ba bona ba ba rutile hore e be tsona, ’me seo ke ’nete ka ba bangata ba bona. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba batho bana ba bacha ba na le semelo se fapaneng haholo ’me tsela eo ba neng ba phela ka eona nakong e fetileng e fapane ho hang le eo ba phelang ka eona hona joale. Ha e le hantle, ba bontšitsoeng leqepheng le latelang ba kile ba tloaelana le lihlopha tseo ho tsona tlōlo ea molao le tšebeliso e mpe ea lithethefatsi e neng e le liketsahalo tsa letsatsi le letsatsi. Ke’ng se entseng hore ba fetole bophelo ba bona ka ho feletseng? Ha re ke re etele toropo ea Norway ’me re kopane le ba bang ba bacha bana ba entseng liphetoho tse joalo.

Motheo oa Phetoho Ena

Ha Lipaki tse peli li kopana le Annette mosebetsing oa ntlo le ntlo, o ne a le lilemo li 19. Oa hopola: “Ke ’nile ka bolelloa ka makhetlo a mangata hore le ka mohla ke se ke ka bua le Lipaki tsa Jehova, empa ke ne ke rata litaba ’me ka li memela ka tlung.” O ’nile a sebelisa lithethefatsi ho tloha ha a le lilemo li 11 ’me o ne a thuoa le matlo ka morero oa ho utsoa a bile a utsoa le likoloi.

Litaba tse molemo tsa ’Muso li ile tsa ipiletsa ho eena. O ile a khothatsoa ka ho khethehileng ke tšepo ea tsoho, hobane ’mè oa hae o shoele ha a le lilemo li hlano. Kahoo o ile a amohela thuto ea Bibele ea mahala ’me a qala ho kopanela libokeng Holong ea ’Muso. O ile a bolella mohlankana oa hae le ba bang seo a neng a ithuta sona. Ba arabela joang? Ba ne ba sa batle letho ’me ba beha Annette molato oa ho khelosoa. Leha ho le joalo, ba bang ho ba neng ba hanyetsa haholo hamorao ba ile ba qala ho ithuta Bibele.

Ka mohlala, nahana ka Espen, mohlankana ea lilemo li 20. O ile a utloa litaba tse molemo tsa ’Muso ho mohlankana oa Annette ’me hang-hang a batla thuto ea Bibele. Leha ho le joalo, o ne a emetse ho kena teronkong le ho sebeletsa kahlolo ea likhoeli tse ’nè, kaha e ne e le semokolara sa lithethefatsi a bile a ile a thuoa matlo a mangata ka morero oa ho utsoa joaloka Annette. Hape o ne a sebelisa koae, matekoane le lithethefatsi tse ling. Joale, ke’ng se neng se ka etsa hore motho ea kileng a etsa lintho tse joalo a rate ho qala ho ithuta Bibele? Espen o ile a qala ho hlokomela hore tsela ea hae ea bophelo e ne e se ea bohlokoa e bile e se na morero. Oa pheta: “Ke ile ka hoheloa ke litšepiso tsa Bibele tsa bokamoso tse ileng tsa etsa hore ke be le morero bophelong. Kahoo ke ile ka qala ho ithuta e le hore ke fumane hore na ke boleletsoe ’nete.”

Batho ba Bang ba Batla ho Ithuta Bibele

Hoo e ka bang ka nako ena, mohlankana ea tloaelaneng le sehlopha sena sa bacha o ile a utloa litaba tse molemo, ’me le eena o ile a qala ho ithuta le ho kopanela libokeng. Thuto ea tsoela pele le e mong oa bacha bana, ’me a qala ho kopanela libokeng. Nakoana ka mor’a moo, mohlankana e mong o ile a kopanela le metsoalle ea hae ho ithuta Bibele le ho etsa tsoelo-pele moeeng. Eaba mocha e mong hape sehlopheng sona seo o khahloa ke liphetoho tse molemo tseo metsoalle ea hae e neng e li etsa, ’me ka nako e khutšoanyane, a batla ho ithuta Bibele.

Gilbert, sebini sa motho e mocha hona sehlopheng seo, joale a qala ho ithuta Bibele. Batsoali ba hae ba ile ba bolaoa ke kankere, kahoo a tšelisoa ke tšepo ea Bibele ea tsoho. (Johanne 5:28, 29) Le eena o ne a sebelisa matekoane ’me a phela bophelo ba boitšoaro bo hlephileng, ’me o ne a lakatsa ho ba naleli ea ’mino oa rock. Leha ho le joalo, ha nako e ntse e feta, o ile a etsa tsoelo-pele e ntle moeeng ’me kapele a etsa qeto ea ho ba Paki ea Jehova. Qetellong, ngoan’abo Espen a qala ho hlahloba Bibele le ho kopanela le Lipaki.

’Nete ea Bibele e Fetola Bophelo

Ho etsahetse phetoho e khōlō ho bacha bana ba neng ba apara ka mokhoa o bohlasoa, ba sa hlokomeleng moriri oa bona, le ho ameha tšebelisong ea lithethefatsi, bosholung, le litlōlong tse ling tsa molao. Annette ke mohoeletsi ea molemo oa ’Muso ’me o sebelelitse joaloka pula-maliboho ka nako e ka etsang selemo. Espen le Gilbert ba sebelelitse joaloka bo-pula-maliboho ba thusang, ’me hape ke bahlanka ba sebeletsang. Bobeli ba bona ba nyetse ka phuthehong ea Bokreste. Ba banè hape bao e neng e le litho tsa sehlopha sena le bona ke bahoeletsi ba chesehang ba ’Muso!

Ho thoe’ng ka kahlolo ea likhoeli tse ’nè teronkong eo Espen a neng a lokela ho e sebeletsa? Ka baka la liphetoho tseo a ileng a li etsa bophelong ba hae, kahlolo ea hae ea fetoloa hore e be lihora tse 80 tsa mosebetsi oa sechaba. Ka tumellano le mapolesa le ba bang, o ile a qeta lihora tsena a sebetsa Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ea sebaka seo. Mapolesa a ile a thabela tokisetso ena haholo.

E, bacha ba bang ba bangata ho pota lefatše e kile ea ba batlōli ba molao. Empa ’nete ea Lentsoe la Molimo e ba file likarabo lipotsong tsa bohlokoa le tšepo e tiileng ea nako e tlang. Kahoo, ha ba sa tlōla molao kapa hona ho sebelisa lithethefatsi, ’me ha ba sa apara ka mokhoa o bohlasoa. Ka baka la ho fetola tsela ea bona ea bophelo, ba tšoana hantle le batho ba boletsoeng ka holimo—ba bacha, ba itlhophile hantle, ebile ke Lipaki tsa Jehova tse mafolo-folo. Ba rata ho tsebisa ba bang ka litharollo tsa Bibele tsa ka ho sa feleng tsa mathata ao batho ba bacha ba bangata hakana ba nang le ’ona kajeno.—Bona 1 Ba-Korinthe 6:9-11.

[Setšoantšo se leqepheng la 8]

Bacha ba Norway ba arabela ’neteng

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela