Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 4/1 leq. 3
  • Lefatše le Molemo—Na ke Toro Feela?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lefatše le Molemo—Na ke Toro Feela?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Lefatše le Molemo—Le Haufi!
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Batho ba Phelang Mafatšeng a Mang—Toro ea Nako e Telele
    Tsoha!—1990
  • Na Litoro li ka Bolela Bokamoso Esale Pele?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Na Litoro ke Melaetsa e Tsoang ho Molimo?
    Tsoha!—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 4/1 leq. 3

Lefatše le Molemo—Na ke Toro Feela?

HAEBA u ne u le molateli oa Bomazda joalokaha ho bolela moprofeta oa Iran Zoroaster, u ne u tla emela letsatsi leo ka lona lefatše le tla boela le e-ba letle joaloka tšimolohong. Haeba u ne u phela Greece ea boholo-holo, mohlomong u ne u tla nahana ka ho fihla Lihleke-hlekeng tsa Mahlohonolo moo ho nang le khotso kapa moo u tla bona Nako ea Boiketlo e hlalositsoeng ke seroki Hesiod lekholong la borobeli la lilemo B.C.E. Leindia la Guaraní Amerika Boroa mohlomong le ntse le batla Lefatše le se Nang Bokhopo. Kaha u phela nakong ea rōna, mohlomong u tšepa hore lefatše le tla ntlafala ka lebaka la khopolo e itseng ea lipolotiki kapa e le phello ea ho hlokomela kamano pakeng tsa lintho tse phelang le tikoloho ea tsona.

Nako ea Boiketlo, Lihleke-hleke tsa Mahlohonolo, Naha e se Nang Bokhopo—ana ke a mang a mabitso a mangata a sebelisoang ho hlalosa takatso e tšoanang, tšepo ea lefatše le molemo.

Lefatše lena, e leng lefatše la rōna, ha e le hantle hase sebaka se phethahetseng. Ho eketseha ha tlōlo ea molao e sehlōhō, lintoa tsa pefo eo pele ho sa kang ha ba le e tšoanang le eona pakeng tsa batho ba amanang haufi-ufi, ho timetsa lihlopha tsa lipolotiki le tsa merabe e itseng ka boomo, ho iphapanyetsa mahlomola a ba bang, bofutsana le tlala, ho hloka mosebetsi le ho haella ha bonngoe, mathata kamanong ea lintho tse phelang le tikoloho ea tsona, mafu a sa phekoleheng a hlaselang ba limilione—ho bonahala hore lethathamo la lintho tse etsahalang hona joale tse bakang bomalimabe ha le fele. Ha a nahana ka lintoa tse loanoang hona joale, mongoli oa Letaliana o itse: “Potso eo ka tlhaho e phahamang ke hore na ho ba hlaha hase boikutlo bo leng teng nakong ea rōna.” Ha u nahana ka boemo bona, na u nahana hore ke taba ea sebele ho nahana ho finyella ntho e ’ngoe e fapaneng, ntho e molemo? Kapa na ho ba le takatso e matla ea lintho tse joalo ke feela ho laba-labela Utopia, toro e ke keng ea phethahala? Na re phela lefatšeng le molemo ho feta mafatše ’ohle a ka bang teng?

Tsena hase lintho tse ncha tseo ho amehoang ka tsona. Ka makholo a lilemo batho ba ’nile ba nahana ka lefatše leo ho lona kutloano, toka, katleho le lerato li tla busa. Ha nako e ntse e feta, bo-rafilosofi ba ’maloa ba bolela likhopolo tsa bona mabapi le Linaha tse phethahetseng, mafatše a molemo. Empa, ka masoabi, le ka mohla ha baa ka ba khona ho hlalosa mokhoa oa ho etsa hore a sebetse.

Na litoro tsee tse bileng teng ka makholo a lilemo, Liutopia, le litakatso tse matla tsa batho bakeng sa sechaba se molemo li re ruta ho hong?

[Litšoantšo tse leqepheng la 3]

Na lee ke lefatše le molemo ho feta mafatše ’ohle a ka bang teng?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela