Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 5/15 maq. 24-25
  • Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle—Thailand

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle—Thailand
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Baphaphathehi ba Utloa Litaba tse Molemo
  • Video e Tsosa Thahasello
  • Thusang Baphaphathehi ho ‘Sebeletsa Jehova ka Thabo’
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2017
  • Tharollo ke Efe?
    Tsoha!—1996
  • Palo e Hōlang ea Baphaphathehi
    Tsoha!—1996
  • Lefatše Leo e Tla ba la Habo Motho e Mong le e Mong
    Tsoha!—2002
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 5/15 maq. 24-25

Lipaki tsa Jehova Lefatšeng Lohle—Thailand

“NAHA ea ba lokolohileng.” Seo ke se boleloang ke lebitso Thailand. Baahi ba eona ba fetang 57 000 000 ba bonolo, le ba sebetsang ka thata ba na le khopolo tse fapa-fapaneng tsa bolumeli. Le hoja Bobuddha e le bona bo bongata ka ho fetisisa, malumeli a Bokreste-’mōtoana le ’ona a teng naheng ena e ka boroa-bochabela ho Asia. Batho bana bohle ba hloka ho utloa litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo.—Mattheu 24:14.a

Baphaphathehi ba Utloa Litaba tse Molemo

Likampong tse qalikaneng ho pholletsa le maralla a Thailand a ikhohlileng ka moeli ea Myanmar, ’nete ea Bibele e tsoela pele har’a baphaphathehi ba fetang 10 000 ba Karen. Litho tsa lelapa le leng la Karen tse phelang sebakeng seo ke Lipaki tsa Jehova. Li ’nile tsa hasa litaba tse molemo har’a baphaphathehi. Mosebetsi oa bona o ile oa qaleha joang?

Lilemong tse ’maloa tse fetileng mohlankana e mong o ile a khaola maqhama a hae le Kereke ea Chache ’me ea e-ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. Ba hlohlelelitsoe ke moruti oa bona, beng ka eena ba ile ba mo hanyetsa. Leha ho le joalo, o ile a tiisetsa ka mamello, ’me khanyetso ea ba lelapa labo ea ’na ea kokobela butle-butle. Baruti ba Kereke ea Chache ba ile ba tsoela pele ka litšomo tsa bona ho fihlela hoo e ka bang lilemo tse peli tse fetileng ha ba ne ba lelekoa mosebetsing oa bona ka baka la boitšoaro bo bobe. Kaha joale kereke e ne e se e se na molisa, litho tse haufi tsa lelapa le beng ka Paki ena ba bang ba ile ba nyaroha le ho ikutloa ba sa sireletseha. Ba 11 ba bona ba ile ba tsoa kerekeng ’me ba kōpa hore Lipaki li ithute Bibele le bona.

Thuto ena e ile ea tsoela pele hantle, le baphaphathehi ba bang ba kopanela. ’Nete e ile ea hasana ka potlako, ha fella ka ho kolobetsoa ha Lipaki tse ncha tse 17 nōkeng e phallang le ho pholletsa har’a kampo ena ea baphaphathehi. E bile pono e thabisang hakaakang ha nkhono ea lilemo li 88 a ne a qoelisoa le bona!

Video e Tsosa Thahasello

Ho na le monyetla o moholo oa keketseho har’a baphaphathehi. Moketeng oa Sehopotso ka 1993, ho ne ho le teng batho ba 57. Nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho ka May selemong seo, ba 67 ba ile ba bokana bakeng sa e ’ngoe ea lipuo tsa hae. Ba ka bang 250 ba ile ba bokana bakeng sa ho bona video ea Mokhatlo oa Watchtower ea Jehovah’s Witnesses—The Organization Behind the Name.

Mosali oa moruti oa Baptist kampong eo ea baphaphathehi o ile a ba teng puong ea Bibele ea phatlalatsa e neng e fanoa ke Lipaki ’me a ngola litemana tsa Bibele tseo ho builoeng ka tsona. O ile a bolella monna oa hae kamoo a neng a sa khotsofatsoe ke lithuto tse pheta-phetoang tseo ba li mamelang kerekeng ea bona. Moruti o ile a hanyetsa, a re haeba mosali a ne a ka ea libokeng tsa Lipaki tsa Jehova, litho tse ling tsa pharishe li ne li tla mo latela. Ha a boela a e-ea libokeng, monna oa hae o ile a mo lelekisa ka thipa ’me a chesa buka ea hae ea ho ngolla lintlha le lingoliloeng tsa Bibele. Ho sa tsotellehe seo, ha ho ne ho bontšoa video, o ile a tla hape. Hamorao mosali enoa o ile a bolella monna oa hae seo a neng a se bone. A se a e-na le boikutlo bo fapaneng, o ne a batla ho bona video ’me o ile a itšoabela hore ebe o ne a ile a chesa buka ea mosali ea ho ngolla lintlha le lingoliloeng tsa Bibele.

Ke kamoo batho ba utloang litaba tse molemo kateng Thailand. Kahoo ba fumana tokoloho ea moea moo “naheng ea ba lokolohileng.”—Johanne 8:32.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bakeng sa boitsebiso bo eketsehileng, bona Almanaka ea Lipaki tsa Jehova ea 1994.

[Lebokose le leqepheng la 24]

BOITSEBISO BO AM,ANG NAHA

Selemo sa Tšebeletso sa 1993

TLHŌRŌ EA BA FANANG KA BOPAKI: 1 434

KAROLELANO: Paki e le 1 ho 40 299

BA BILENG TENG SEHOPOTSONG: 3 342

KAROLELANO EA BAHOELETSI BA BO-PULA-MALIBOHO: 232

KAROLELANO EA LITHUTO TSA BIBELE: 1 489

PALO EA BA KOLOBELITSOENG: 92

PALO EA LIPHUTHEHO: 39

OFISI EA LEKALA: BANGKOK

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Baboleli ba ’Muso ba bolela litaba tse molemo ka cheseho

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Ofisi ea pele ea lekala, 1947

[Setšoantšo se leqepheng la 25]

Lelapa la Bethele ka pele ho ofisi e ncha ea lekala Bangkok, e nehelanoeng ka February 8, 1992

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela