Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 8/1 maq. 4-7
  • Linako Tse Molemo li Larile ka Pele

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Linako Tse Molemo li Larile ka Pele
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Khaello ea Lijo e Ile ea Boleloa Esale Pele
  • Jehova o Ile a Hlokomela Bahlanka ba Hae Nakong e Fetileng
  • Molimo o Tšehetsa Bahlanka ba Hae Kajeno
  • Linako Tse Molemo li Larile ka Pele
  • Ke Mafutsana Empa ba Ruile—Ho ka ba Joalo Joang?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Na U Kile Ua ja Bohobe ba Bophelo?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2014
  • Bibele e re’ng ka Tlala e Teng Mehleng Ee?
    Lihlooho Tse Ling
  • Tšireletseho ea ’Nete—Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 8/1 maq. 4-7

Linako Tse Molemo li Larile ka Pele

MOSALI e mong o re: “Re na le ’ngoe-lefeela-’ngoe.”

Motsoalle oa hae o-oa arabela: “Ho ’na lintho li mpe le ho feta. Seo ke nang le sona feela ke lefeela-lefeela-’ngoe.”

Libakeng tse ling tsa Afrika Bophirimela, moqoqo o joalo o mokhutšoaane ke o hlakileng haholo. Ho e-na le ho ja hararo ka letsatsi (’ngoe-’ngoe-’ngoe), motho ea nang le ’ngoe-lefeela-’ngoe a ka khona ho ja habeli feela ka letsatsi—hanngoe hoseng le hanngoe mantsiboea. Mohlankana e mong ea nang le lefeela-lefeela-’ngoe o hlalosa boemo ba hae: “Ke ja hanngoe feela ka letsatsi. Ke tlatsa sehatsetsi sa ka ka metsi. Ke ja gari [cassava] bosiu pele ke robala. Ke kamoo ke ’nileng ka sebetsana le boemo bona.”

Boo ke boemo bo sa thabiseng ho batho ba ntseng ba eketseha kajeno. Litheko lia phahama, ’me matla a chelete a ho reka a ntse a theohela tlaase.

Khaello ea Lijo e Ile ea Boleloa Esale Pele

Ka letoto la lipono tse ileng tsa fuoa moapostola Johanne, Molimo o ile a bolela esale pele ka maemo a thata ao ba bangata ba tobaneng le ’ona kajeno. Har’a ’ona ho ne ho tla ba le khaello ea lijo. Johanne o re: “Eaba kea talima, ka bona pere e ntšo, ’me ea e kaletseng a tšoere sekala letsohong la hae.” (Tšenolo 6:5) Pere ena e lelekelang ho tla ha kotsi le mopalami oa eona e tšoantšetsa tlala ea sekoboto—lijo li ne li tla haella ’me li ne li tla lekanngoa ka sekala.

Ka mor’a moo moapostola Johanne o re: “’Me ka utloa lentsoe . . . le re: Khala e le ’ngoe ea koro e rekoe ka denare, le khala tse tharo tsa harese ka denare.” Mehleng ea Johanne, khala e le ’ngoe ea koro e ne e le lijo tsa letsatsi le letsatsi tsa lesole, ’me denare e le moputso oa mosebetsi oa letsatsi. Kahoo phetolelo ea Richard Weymouth e fetolela temana ena tjena: “Moputso oa letsatsi lohle bakeng sa lofo ea bohobe, moputso oa letsatsi lohle bakeng sa linkhoa tse tharo tsa harese.”—Tšenolo 6:6.

Moputso oa letsatsi lohle ke bokae kajeno? Tlaleho ea State of World Population, 1994 e-ea hlokomela: “Batho ba ka bang limilione tse 1 100, e leng hoo e ka bang karolo ea 30 lekholong linaheng tse hōlang moruong, ba phela ka hoo e ka bang $1 [R3,50] ka letsatsi.” Kahoo, bakeng sa batho ba futsanehileng lefatšeng, ka ho tobileng moputso oa letsatsi o batla o reka hoo e ka bang lofo ea bohobe.

Sena, ha e le hantle ha se makatse ho ba futsanehileng haholo. “Bohobe!” ho khotsa monna e mong. “Ke mang ea ka khonang ho reka bohobe? Mehleng ena bohobe bo fetohile sejo se jeoang ha ho e-na le liketsahalo tse khethehileng feela!”

Ka ho fapaneng, ha ho na khaello ea lijo. Ho ea ka mehloli ea Machaba a Kopaneng, lilemong tse leshome tse fetileng, tlhahiso ea lijo ea lefatše e ile ea eketseha ka karolo ea 24 lekholong, e leng se ka holimo ho keketseho ea baahi ba lefatše. Leha ho le joalo, keketseho ena ea lijo ha e-ea thabeloa ke bohle. Ka mohlala, tlhahiso ea lijo Afrika ha e le hantle e fokotsehile ka karolo ea 5 lekholong, ha keketseho ea baahi e eketsehile ka karolo ea 34 lekholong. Kahoo ho sa tsotellehe nala e akaretsang ea lijo lefatšeng lohle, khaello ea lijo e ntse e tsoela pele linaheng tse ngata.

Khaello ea lijo e bolela litheko tse phahameng haholoanyane. Khaello ea mesebetsi, meputso e tlaase le ho phahama ha theko ea lintho li etsa hore ho be thata haholoanyane ho ba le chelete ea ho reka se fumanehang. Human Development Report 1994 e re: “Batho ha ba lape hobane lijo li sa fumanehe—empa hobane ba sa khone ho li reka.”

Ho na le ho felloa ke tšepo, ho tsieleha le ho nyahama ho ntseng ho eketseha. Glory, ea phelang Afrika Bophirimela o ile a re: “Batho ba na le boikutlo ba hore lintho li mpe hona joale, empa hosasane li tla ba mpe le ho feta.” Mosali e mong hape o ile a re: “Batho ba ikutloa hore ba atamela koluoeng. Ba ikutloa hore ho tla tla letsatsi leo ho tlang ho se be le letho le setseng ’marakeng.”

Jehova o Ile a Hlokomela Bahlanka ba Hae Nakong e Fetileng

Bahlanka ba Molimo baa tseba hore Jehova o putsa ba tšepahalang ba hae ka ho ba neha litlhoko tsa bona le ho ba fa matla a ho sebetsana ka katleho le maemo a thata. Ha e le hantle, tšepo e joalo matleng a Molimo a ho hlokomela, ke karolo ea bohlokoa ea tumelo ea bona. Moapostola Pauluse o ile a ngola: “Ea atamelang Molimo e ka khona a lumele hobane o teng, le hoba ke oona moputsi oa ba o batlang.”—Ba-Heberu 11:6.

Kamehla Jehova o ’nile a hlokomela bahlanka ba hae ba tšepahalang. Nakong ea komello ea lilemo tse tharo le halofo, Jehova o ile a fa moprofeta Elia lijo. Qalong, Molimo o ile a laela makhoaba ho tlisetsa Elia bohobe le nama. (1 Marena 17:2-6) Hamorao, Jehova o ile a tšehetsa ka mokhoa oa mohlolo phepelo e tsoelang pele ea phoofo le oli ea mohlolohali ea neng a fepa Elia. (1 Marena 17:8-16) Nakong eona eo ea tlala ea sekoboto, ho sa tsotellehe tlhoriso e matla ea bolumeli ea Mofumahali Jezebele ea khopo, Jehova o ile a tiisa hore baprofeta ba hae ba fuoa bohobe le metsi.—1 Marena 18:13.

Hamorao, ha morena oa Babylona a thibeletse Jerusalema e koenehileng, batho ba ile ba lokela hore ba ‘je bohobe bo lekantsoeng, ba bo je ka mahlomola.’ (Ezekiele 4:16) Boemo bo ile ba mpefala hoo basali ba bang ba ileng ba e-ja nama ea bana ba bona. (Lillo tsa Jeremia 2:20) Leha ho le joalo, esita le hoja moprofeta Jeremia a ne a le teronkong ka lebaka la ho bolela ha hae, Jehova o ile a tiisa hore “[Jeremia] a neoe ka tsatsi le leng le le leng polokoe ea bohobe e tsoang seterateng sa liapehi, ho fihlela bohobe bo fela motseng.”—Jeremia 37:21.

Na Jehova o ile a lebala Jeremia ha phepelo ea bohobe e fela? Ka ho totobetseng ha hoa ka ha e-ba joalo, hobane ha motse o haptjoa ke Bababylona, Jeremia o ile a fuoa ‘mofao le mpho, ’me a lokolloa.’—Jeremia 40:5, 6, Bibele—Phetolelo e Ncha; bona le Pesaleme ea 37:25.

Molimo o Tšehetsa Bahlanka ba Hae Kajeno

Joalokaha Jehova a ile a tšehetsa bahlanka ba hae melokong e fetileng, le kajeno o ntse a ho etsa, o ba hlokomela nameng le moeeng. Ka mohlala, nahana ka phihlelo ea Lamitunde, ea phelang Afrika Bophirimela. O re: “Ke ne ke e-na le polasi e khōlō ea likhōhō. Ka tsatsi le leng, masholu a hlometseng a ile a tla polasing ea ka ’me a utsoa likhōhō tse ngata, jenereitara e sebelisoang ha motlakase o khaoha le chelete eo re neng re e-na le eona. Kapele ka mor’a moo, likhōhō tse seng kae tse setseng li ile tsa bolaoa ke ho kula. Seo se ile sa senya khoebo ea ka ea likhōhō. Ke ile ka leka ho fumana mosebetsi ke sa atlehe ka lilemo tse peli. Lintho li ne li hlile li le thata, empa Jehova o ile a re tšehetsa.

“Se ileng sa nthusa hore ke sebetsane ka katleho le linako tse thata e bile ha ke hlokomela hore Jehova o lumella lintho tsena hore li re etsahalle ho re ntlafatsa. ’Na le mosali oa ka re ile ra tsoela pele ka kemiso ea thuto ea Bibele ea lelapa, ’me sena ka sebele se ile sa re thusa haholo. Thapelo le eona e ne e le mohloli o moholo oa matla. Ka linako tse ling ke ne ke utloa ho re ke se ke ka rapela, empa ha ke se ke rapetse, ke ne ke ikutloa hamolemonyana.

“Nakong eo e thata, ke ile ka ithuta bohlokoa ba ho thuisa ka Mangolo. Ke ne ke nahana haholo ka Pesaleme ea 23, e buang ka hore Jehova ke Molisa oa rōna. Lengolo le leng le ileng la nkhothatsa e bile la Ba-Filippi 4:6, 7, le buang ka ‘khotso ea Molimo e fetisang kutloisiso eohle.’ Karoloana e ’ngoe e ileng ea ’matlafatsa e ne e le 1 Petrose 5:6, 7, e reng: ‘Le ikokobetse ka tlas’a letsoho le matla la Molimo, o tle o le phahamise nakong e tšoanelang. Lahlelang lipelaelo tsohle tsa lōna holim’a oona; hobane oa le hlokomela.’ Litemana tsena tsohle li ile tsa nthusa linakong tseo tse thata. Ha u thuisa, u khona ho nkela sebaka lintho tse bakang khatello tse ka kelellong ea hao.

“Hona joale ke boetse ke hiriloe, empa ho bua ’nete, hase hore joale lintho li bonolo. Joalokaha Bibele e ile ea bolela esale pele ho 2 Timothea 3:1-5, re phela ‘mehleng ea qetello,’ e tšoauoang ka ‘linako tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.’ Re ke ke ra fetola seo lengolo le se bolelang. Kahoo ha kea lebella hore bophelo bo be bobebe. Leha ho le joalo, ke ikutloa hore moea oa Jehova o nthusa hore ke ’ne ke tsoelle.”

Ho sa tsotellehe linako tse bohloko tseo re phelang ho tsona, ba tšepang Jehova le Mora oa hae oa Morena, Kreste Jesu, ha ba na ho soetseha. (Ba-Roma 10:11) Jesu ka boeena o-oa re tiisetsa: “Ke moo ke reng ho lōna: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lōna, ka seo le tla se ja, le ka seo le tla se noa; leha e le ka sa ’mele ea lōna, ka seo le tla se apara. Na bophelo ha bo fetise lijo na? Na ’mele ha o fetise seaparo na? Talimang linonyana tsa leholimo; hobane ha li jale, ha li kotule, ha li bokelle melikong; empa Ntat’a lōna ea maholimong oa li fepa. Ha ke re, lōna le li fetisa haholo na? ’Me ke mang ho lōna ea ka eketsang boemo ba hae ka setsoe se le seng ka ho belaella teng? Le ka baka la liaparo le belaela ke’ng?”—Mattheu 6:25-28.

Ruri tseo ke lipotso tse fatisisang maikutlo linakong tsena tse bohloko. Empa Jesu o ile a tsoela pele ka mantsoe ana a khothatsang: “Lemohang mokhoa oo likhahla tsa naha li melang ka oona; ha li sebetse, ha li ohle; empa kea le bolella hoba esita le Salomone, khanyeng eohle ea hae, ha a ka a ba le seaparo se joalo ka sa e ’ngoe ea tsona. Molimo ha o apesa joalo joang ba naha, bo bang teng kajeno, ’me hosasane bo se bo tla lahleloa seboping, na haholo o ke ke oa le apesa, lōna batho ba tumelo e nyenyane? Ke moo ke reng: Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? Hobane ntho tseo tsohle ke tse batloang ke bahetene; empa Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ho oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.”—Mattheu 6:28-33.

Linako Tse Molemo li Larile ka Pele

Ho na le matšoao a mangata a bontšang hore likarolong tse ngata tsa lefatše, maemo a ntseng a senyeha a moruo le a kahisano a tla tsoela pele ho mpefala. Leha ho le joalo, batho ba Molimo baa hlokomela hore maemo ana ke a nakoana. Puso e khanyang ea Morena Salomone e ne e tšoantšetsa puso e lokileng ea Morena e moholo ho feta Salomone ea tlang ho busa holim’a lefatše lohle. (Mattheu 12:42) Morena eo ke Kreste Jesu, “Morena oa marena le ’Musi oa babusi.”—Tšenolo 19:16.

Pesaleme ea 72, eo pele e ileng ea phethahatsoa ho Morena Salomone, e ne e tšoantšetsa puso e hlollang ea Jesu Kreste. Nahana ka tse ling tsa lintho tse babatsehang tseo e li boletseng esale pele mabapi le bokamoso ba lefatše ka tlas’a Kreste e le Morena.

Maemo a Khotso Lefatšeng ka Bophara: “Mehleng ea hae, ea lokileng o tla atleha, ’me khotso e ea ’ne e ate ho isa ha khoeli e lesa ho ba teng. O tla busa ho nka leoatleng le leng ho isa leoatleng le leng, le ho nka nōkeng ho isa lipheletsong tsa lefatše.”—Pesaleme ea 72:7, 8.

Ho Ameha ka ba Maemong a Tlaase: “Hobane o tla boloka ea lesitsi ha a hooa, le ea malimabe ea hlokang mothusi; o tla utloela ea malimabe le mohloki bohloko, a boloke bophelo ba ea lesitsi; o tla ba loela bohoro-hosong le botubong, mali a bona e be ntho e hlokoang mahlong a hae.”—Pesaleme ea 72:12-14.

Nala ea Lijo: “Nala ea mabele e tla ba teng lefatšeng holim’a lithaba.”—Pesaleme ea 72:16.

Khanya ea Jehova e Tla Tlala Lefatše: “Ho rorisoe Jehova Molimo, Molimo oa Iseraele, ea etsang lintho tse makatsang a inotši! Ho bokoe lebitso la hae le khanyang ka ho sa feleng; lefatše lohle le ke le tlale khanya ea hae.”—Pesaleme ea 72:18, 19.

Kahoo ruri linako tse molemo li larile ka pele.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela